Exoda 1:1-22

  • Baiseraele ba eba bangata Egepeta (1-7)

  • Faro o hatella Baiseraele (8-14)

  • Babelehisi ba tshabang Modimo ba pholosa bana (15-22)

1  Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba ileng ba tla Egepeta le Jakobo, banna bohle ba tlileng le ba malapa a bona:+  Rubene, Simeone, Levi le Juda,+  Isakare, Zabulone le Benjamine,  Dane le Nefthali, Gade le Ashere.+  Bana ba Jakobo le ditloholo tsohle tsa hae* e ne e le batho ba 70 empa Josefa o ne a se a le Egepeta.+  Qetellong Josefa a shwa+ le bana babo kaofela le moloko oo wohle.  Baiseraele* ba eketseha mme ba eba bangata, ba nna ba ata mme ba eba matla ka tsela e sa tlwaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+  Ka mora nako ha eba le morena e motjha Egepeta ya neng a sa tsebe Josefa.  A re ho setjhaba sa hae: “Setjhaba sa Iseraele se sengata mme se matla ho re feta.+ 10  A re ba sebetseng ka bohlale. Ho seng jwalo, ba tla nne ba eketsehe mme ha ntwa e ka qhoma, ba tla thusa dira tsa rona, ba re lwantshe mme ba tswe ka hara naha.” 11  Ba beha baokamedi ba mosebetsi o qobellwang hore ba sebedise Baiseraele ka thata+ mme ba ba qobella ho hahela Faro metse ya polokelo e leng wa Pithome le wa Ramsese.+ 12  Empa ha ba ntse ba ba hatella, ba ne ba eketseha le ho feta mme ba hasana hohle ka hoo, ba ile ba tshaba Baiseraele haholo.+ 13  Ka lebaka leo, Baegepeta ba qobella Baiseraele hore ba sebetse ka thata e le makgoba.+ 14  Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba tshwara hampe le ho ba fa mosebetsi o boima wa ho etsa seretse ka letsopa, ditene le mesebetsi yohle ya bokgoba masimong.+ 15  Ka mora moo, morena wa Egepeta a bua le babelehisi ba Baheberu bao mabitso a bona e neng e le Shifra le Pua, 16  a re ho bona: “Ha le thusa mosadi wa Moheberu ya haufi le ho beleha,*+ le shebe ngwana ha a hlaha mme ha le hlokomela hore ke moshanyana, le mo bolaye empa haeba e le ngwanana le mo tlohele a phele.” 17  Le ha ho le jwalo, babelehisi ba ne ba tshaba Modimo wa nnete mme ha ba a ka ba etsa ka moo morena wa Egepeta a neng a ba boleletse ka teng. Ho ena le hoo, ba ne ba tlohela bana ba bashanyana hore ba phele.+ 18  Ka mora nako, morena wa Egepeta a bitsa babelehisi mme a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tloheletse bana ba bashanyana hore ba phele?” 19  Babelehisi ba re ho Faro: “Basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta. Ba phetse hantle mme ba beleha le pele mmelehisi a ka tla ho bona.” 20  Modimo a hlohonolofatsa babelehisi bao mme setjhaba sa nna sa eketseha le ho ba matla haholo. 21  Ka ha babelehisi ba ile ba tshaba Modimo wa nnete, ha morao o ile a ba hlohonolofatsa ka ho ba fa malapa.* 22  Qetellong Faro a laela setjhaba sa hae kaofela, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba qetang ho hlaha, le ba lahlele Nokeng ya Nile empa banana bohle le ba tlohele ba phela.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ba tswileng lethekeng la Jakobo.”
Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”
Kapa: “a le sebakeng sa ho dula sa ho beleha.”
Kapa: “bana.”