Exoda 10:1-29

  • Kotlo ya borobedi: Ditsie (1-20)

  • Kotlo ya borobong: Lefifi (21-29)

10  Jehova a re ho Moshe: “Eya ho Faro hobane ke tloheletse yena le bahlanka ba hae hore ba be manganga+ e le hore nka etsa mehlolo ena ya ka ka pela hae+  le hore o ka bolella bara ba hao le ditloholo tsa hao hore ke ile ka otla Baegepeta hape ka etsa dipontsho hara bona.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova.”  Moshe le Arone ba ya ho Faro mme ba re ho yena: “Jehova Modimo wa Baheberu o itse, ‘O tla hana ho ikokobelletsa nna ho fihlela neng?+ Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye ba yo ntshebeletsa.  Haeba o ntse o hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaye, ke tla tlisa ditsie naheng ya hao hosane.  Di tla kwahela naha yohle mme ha ho na motho ya tla kgona ho bona mobu. Di tla ja dintho tse neng di le saletse tse sa senngwang ke sefako, di je le difate tsohle tsa lona tse melang naheng.+  Di tla tlala ka matlung a hao, a bahlanka bohle ba hao le a Baegepeta bohle. Bontate ba lona le baholoholo ba lona ha ba eso ka ba bona tse kaalo ho tloha haesale ba dula naheng ena ho fihlela kajeno.’”+ A furalla mme a tloha ho Faro.  Bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Monna enwa o tla nne a re bakele mathata* ho fihlela neng? Tlohela setjhaba sena hore se tsamaye se yo sebeletsa Jehova Modimo wa sona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e senyehile?”  Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro mme a re ho bona: “Tsamayang le yo sebeletsa Jehova Modimo wa lona. Empa ha e le hantle ke bomang ba tla tsamaya?”  Moshe a re: “Re tla tsamaya le batjha ba rona, maqheku a rona, bara ba rona, baradi ba rona, dinku tsa rona le dikgomo tsa rona+ hobane re yo etsetsa Jehova mokete.”+ 10  A re ho bona: “Haeba nka tlohela lona le bana ba lona hore le tsamaye, Jehova o tla be a ena le lona.+ Ho hlakile hore le rera ho etsa se sebe. 11  Le ke ke la tsamaya kaofela. Ke banna feela ba tla tsamaya ho ya sebeletsa Jehova ka ha ke yona ntho eo le e kopileng.” Ba lelekwa ka pela Faro. 12  Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta e le hore ditsie di ka nyolohela ho yona mme di je dimela tsohle tsa naha, di je dintho tsohle tse siilweng ke sefako.” 13  Hanghang Moshe a otlollela molamu wa hae hodima naha ya Egepeta yaba Jehova o etsa hore moya wa botjhabela o fokele naheng eo letshehare lohle le bosiu bohle. Hoseng, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie. 14  Ditsie tsa nyolohela naheng yohle ya Egepeta mme tsa dula dibakeng tsohle tsa Egepeta.+ Di ne di ba tshwenya haholo.+ Ha ho mohla ho kileng ha eba le ditsie tse ngata hakaalo ebile ha ho mohla ho tla ke ho be le tse ngata jwalo ka tsona. 15  Tsa kwahela naha yohle mme naha ya eba ntsho ka lebaka la tsona. Tsa ja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tse difateng tseo sefako se di siileng. Naheng yohle ya Egepeta ha ho a ka ha sala letho le letala difateng kapa dimeleng tsa naha. 16  Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako yaba o re: “Ke sitetswe Jehova Modimo wa lona ebile ke sitetswe le lona. 17  Ke kopa le ntshwarele ka sebe sena sa ka lekgetlong lena feela mme le kope Jehova Modimo wa lona hore a tlose kotlo* ena ho nna.” 18  Ka hoo a* tloha ho Faro, a yo rapela Jehova.+ 19  Jehova a etsa hore moya o fokele sebakeng se seng mme ya eba moya o matla haholo wa bophirimela. O ile wa tlosa ditsie yaba o di kgannela Lewatleng le Lefubedu. Ha ho a ka ha sala tsie le ha e le nngwe sebakeng sohle sa Egepeta. 20  Le ha ho le jwalo, Jehova a tlohela Faro hore a be manganga+ mme Faro a hana ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaye. 21  Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong e le hore ho ka ba le lefifi naheng ya Egepeta, lefifi le letsholetsho.” 22  Hanghang Moshe a phahamisetsa letsoho mahodimong yaba ho ba le lefifi le letsholetsho naheng yohle ya Egepeta ka matsatsi a mararo.+ 23  Ba ne ba sa kgone ho bonana mme ha ho le ya mong wa bona ya ileng a tswa moo a neng a le teng ka matsatsi a mararo. Empa ho ne ho ena le lesedi dibakeng tseo Baiseraele bohle ba neng ba dula ho tsona.+ 24  Faro a bitsa Moshe mme a re: “Tsamayang le yo sebeletsa Jehova.+ Ho tla sala dinku le dikgomo tsa lona feela. Le ka tsamaya le bana ba lona.” 25  Empa Moshe a re: “O lokela ho re dumella hore re nke le diphoofolo tseo re tla etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka tsona mme re tla fana ka tsona ho Jehova Modimo wa rona.+ 26  Diphoofolo tsa rona le tsona di tla tsamaya le rona. Ha ho phoofolo* e tla dumellwa ho sala hobane re tla sebedisa tse ding tsa tsona ho etsetsa Jehova Modimo wa rona mahlabelo mme ha re tsebe hore na re tla fana ka dife ho Jehova ho fihlela re fihla moo.” 27  Jehova a tlohela Faro hore a be manganga mme Faro a hana ho ba tlohela hore ba tsamaye.+ 28  Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O se ke wa leka ho tla ka pela ka hape hobane mohlang o tlang ho nna, o tla shwa.” 29  Moshe a re: “Nke ke ka hlola ke leka ho tla ka pela hao hape feela jwalo ka ha o boletse.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “e tla ba leraba.”
Kapa: “kotlo e bolayang.”
Ho bonahala eka e ne e le Moshe.
Ka Seheberu: “kgola.”