Exoda 11:1-10

  • Tsebiso ya hore kotlo ya leshome e a tla (1-10)

    • Baiseraele ba laelwa hore ba kope dimpho (2)

11  Jehova a re ho Moshe: “Ke tla tlisa kotlo ya ho qetela ho Faro le Egepeta. Ka mora moo, o tla le tlohela hore le tlohe mona+ mme ha a le lokolla, o tla hle a le leleke.+  Bolella setjhaba hore banna le basadi bohle ba kope dintho tsa silevera le tsa kgauta ho baahisani ba bona.”+  Jehova a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele. Ho feta moo, bahlanka ba Faro le Baegepeta ba ne ba se ba hlompha Moshe.  Moshe a re: “Jehova o itse, ‘Hoo e ka bang hara mpa ya bosiu ke tla kena Egepeta+  mme matsibolo ohle naheng ya Egepeta a tla shwa,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho ya ho letsibolo la lekgoba la mosadi le sebetsang lelwaleng la letsoho le matsibolo ohle a diphoofolo.+  Naheng yohle ya Egepeta, ho tla ba le sello se seholo se eso ka se eba teng le seo ho seng mohla se tla ba teng hape.+  Le ntja e ke ke ya bohola Baiseraele kapa diphoofolo tsa bona e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le Baiseraele.’+  Bahlanka bohle ba hao ba tla tla ho nna mme ba nkgumamele ba re, ‘Tsamaya, wena le setjhaba sohle se o latelang.’+ Ka mora moo ke tla tswa.” Moshe a tloha ho Faro a halefile.  Jehova a re ho Moshe: “Faro a ke ke a le mamela+ e le hore mehlolo ya ka e ka eketseha naheng ya Egepeta.”+ 10  Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle ka pela Faro+ empa Jehova a tlohela Faro hore a be manganga, hoo a sa kang a tlohela Baiseraele hore ba tlohe naheng ya hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho