Exoda 13:1-22

  • Matsibolo ohle a matona ke a Jehova (1, 2)

  • Mokete wa Bohobe bo se Nang Tomoso (3-10)

  • Matsibolo ohle a matona a fuwe Modimo (11-16)

  • Baiseraele ba laelwa hore ba tsamaye ka tsela e yang Lewatleng le Lefubedu (17-20)

  • Leru le mollo (21, 22)

13  Jehova a bua le Moshe a re:  “Halaletsang* letsibolo le leng le le leng le letona* bakeng sa ka hara Baiseraele. Letsibolo le letona le tla hlaha hara batho le diphoofolo ke la ka.”+  Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena leo le tswileng Egepeta ka lona,+ ntlong ya bokgoba hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla.+ Ho se ke ha jewa letho le nang le tomoso.  Le tswile Egepeta ka letsatsi lena ka kgwedi ya Abibe.*+  Ha Jehova a se a le tlisitse naheng ya Bakanana, Bahethe, Baamore, Baheve le Bajebuse,+ e leng naha eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ le etse mokete ona ka kgwedi ena.  Le je bohobe bo se nang tomoso+ ka matsatsi a supileng mme ka letsatsi la bosupa ho tla ba le mokete wa Jehova.  Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ Ho se ke ha fumanwa letho le nang le tomoso ho lona+ kapa hlama e bodila dibakeng* tsohle tsa lona.  Ka letsatsi leo o tla bolella mora wa hao o re, ‘Ke etsa sena ka lebaka la seo Jehova a nketseditseng sona ha ke tswa Egepeta.’+  Mokete ona o tla le hopotsa ketsahalo eo jwalo ka ha eka e ngotswe letsohong la hao le phatleng ya hao*+ e le hore o ka bua ka molao wa Jehova* hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla. 10  O boloke taelo ena ka nako ya teng selemo le selemo.+ 11  Ha Jehova a o tlisa naheng ya Bakanana, e leng naha eo a hlapanyeditseng wena le baholoholo ba hao hore o tla o fa yona,+ 12  matsibolo* ohle a matona e be a Jehova le matsibolo ohle a matona a diphoofolo tsa hao. Tse tona ke tsa Jehova.+ 13  O tla lopolla matsibolo ohle a ditonki ka dinku mme haeba o sa a lopolle, o a robe molala. Hape o tla lopolla matsibolo ohle a matona hara bara ba hao.+ 14  Haeba mora wa hao a o botsa ha morao a re, ‘Ke hobaneng ha o etsa see?’ O tla re ho yena, ‘Jehova o re ntshitse Egepeta ntlong ya bokgoba ka letsoho le matla.+ 15  Ha Faro a eba manganga mme a hana ho re tlohela hore re tsamaye,+ Jehova a bolaya matsibolo ohle naheng ya Egepeta, ho tloha ho letsibolo la motho ho ya ho la phoofolo.+ Ke ka lebaka leo re etsetsang Jehova sehlabelo ka matsibolo* ohle a matona mme ka ho etsa jwalo re lopolla matsibolo ohle a bara ba rona.’ 16  Mokete ona o tla ba jwalo ka letshwao letsohong la hao le jwalo ka lebanta le rwalwang phatleng*+ hobane Jehova o re ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.” 17  Ha Faro a tlohela setjhaba hore se tsamaye, Modimo ha a ka a se tsamaisa ka tsela e fetang naheng ya Bafilista le hoja e ne e le haufi hobane Modimo o ile a re: “Ha setjhaba se lwantshwa, se ka nna sa ikwahlaela hore ebe se tswile Egepeta mme sa batla ho kgutlela teng.” 18  Modimo a etsa hore setjhaba se potolohe ka tsela ya lefeella la Lewatle le Lefubedu.+ Baiseraele ba ile ba tloha naheng ya Egepeta ba hlophisehile jwalo ka dihlopha tsa masole. 19  Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Modimo a le ntsha naheng ena, le tsamaye le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo. 20  Ba tloha Sukothe mme ba hloma ditente Ethame, moeding wa lefeella. 21  Motshehare Jehova o ne a ba etella pele ka leru* ho ba tsamaisa tseleng+ mme bosiu a ba etella pele ka mollo* ho ba fa lesedi e le hore ba kgone ho tsamaya bosiu le motshehare.+ 22  Motshehare leru le ne le sa tlohe ka pela setjhaba le bosiu mollo o ne o sa tlohe ka pela sona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “letsibolo le leng le le leng le bulang popelo e nngwe le e nngwe.”
Kapa: “Behellang ka thoko.”
Ka Seheberu: “meeding.”
Ka Seheberu: “e le hore molao wa Jehova o ka ba molomong wa hao.”
Ka Seheberu: “le pakeng tsa mahlo a hao.”
Ka Seheberu: “e mong le e mong ya bulang popelo.”
Ka Seheberu: “e mong le e mong ya bulang popelo.”
Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a hao.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.