Exoda 14:1-31

  • Baiseraele ba fihla lewatleng (1-4)

  • Faro o lelekisa Baiseraele (5-14)

  • Baiseraele ba tshela Lewatle le Lefubedu (15-25)

  • Baegepeta ba kgangwa ke metsi a lewatle (26-28)

  • Baiseraele ba bontsha tumelo ho Jehova (29-31)

14  Jehova a re ho Moshe:  “Bolella Baiseraele hore ba kgutle mme ba hlome ditente ka pela Pihahirothe pakeng tsa Migdole le lewatle, ka pela Baale-zefone.+ Le tla hloma ditente ka pela yona haufi le lewatle.  Faro o tla re ka Baiseraele, ‘Ba ntse ba lelera hara naha mme ba ferekane. Ha ba na tsela ya ho tswa lefeelleng.’  Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ mme o tla ba lelekisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le masole ohle a hae+ mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova.”+ Baiseraele ba fela ba etsa jwalo.  Ha morao morena wa Egepeta a bolellwa hore setjhaba se balehile. Hanghang Faro le bahlanka ba hae ba ikwahlaya ka hore ebe ba tloheletse setjhaba hore se tsamaye+ mme ba re: “Ke hobaneng ha re entse tjee? Ke hobaneng ha re lokolotse Baiseraele hore e se ke ya hlola e eba makgoba a rona?”  A lokisa dikariki tsa hae tsa ntwa yaba o tsamaya le batho ba hae.+  A nka dikariki tsa ntwa tse kgethilweng tse 600 le dikariki tse ding tsohle tsa ntwa tsa Egepeta. Dikariki tseo tsohle di ne di palangwe ke banna ba ntwa.  Jehova a tlohela Faro morena wa Egepeta hore a be manganga mme a lelekisa Baiseraele ba neng ba tsamaya ba sa tshoha letho.*+  Baegepeta ba ba lelekisa+ mme dipere tsohle tsa dikariki tsa Faro le banna ba hae ba palameng dipere le masole a hae, ba ne ba se ba le haufi le bona ha ba ntse ba hlomme ditente pela lewatle, pela Pihahirothe ka pela Baale-zefone. 10  Ha Faro a atamela, Baiseraele ba bona Baegepeta ba ba lelekisa. Baiseraele ba tshoha haholo yaba ba hweletsa ho Jehova.+ 11  Ba re ho Moshe: “Na ha ho na mabitla Egepeta ha o re tlisitse moo hore re tlo shwella lefeelleng?+ Ke hobaneng ha o re entse tjee? Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta? 12  Na ee ha se yona ntho eo re o boleletseng yona Egepeta ha re ne re re o re tlohele re sebeletse Baegepeta? Na ha ho molemo hore re sebeletse Baegepeta ho ena le ho shwella lefeelleng?”+ 13  Moshe a re ho setjhaba: “Le se ke la tshoha.+ Ebang sebete mme le bone ha Jehova a le pholosa kajeno+ hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, le ke ke la hlola le ba bona hape.+ 14  Jehova o tla le lwanela+ mme lona le tla thola.” 15  Jehova a re ho Moshe: “Ke hobaneng ha o ntse o hweletsa ho nna? Bolella Baiseraele hore ba hlomolle ditente. 16  O phahamise molamu wa hao mme o otlollele letsoho la hao hodima lewatle o le arole e le hore Baiseraele ba ka feta bohareng ba lewatle moo ho ommeng. 17  Ke tla tlohela Baegepeta hore ba be manganga mme ba kene ka mora bona. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka masole ohle a hae, ka dikariki tsa hae tsa ntwa le ka banna ba hae ba palameng dipere.+ 18  Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke itlotlisa ka Faro, ka dikariki tsa hae tsa ntwa le ka banna ba hae ba palameng dipere.”+ 19  Lengeloi la Modimo wa nnete+ le neng le etella sehlopha sa Iseraele pele la tloha mme la ya ka mora sona. Leru* le neng le le ka pela sehlopha seo la tloha, la ema ka mora sona.+ 20  La kena pakeng tsa sehlopha sa Baegepeta le sa Baiseraele.+ Leru leo la etsa hore ho be lefifi ka lehlakoreng la Baegepeta empa la etsa hore ho be le kganya ka lehlakoreng la Baiseraele.+ Baegepeta ha ba a ka ba atamela Baiseraele bosiu bohle. 21  Moshe a otlollela letsoho hodima lewatle.+ Jehova a tjhetjhisetsa lewatle morao ka moya o matla wa botjhabela bosiu bohle, ho etsa hore bodiba ba lewatle ebe mobu o ommeng+ mme metsi a arohana.+ 22  Baiseraele ba tshela bohareng ba lewatle moo ho ommeng.+ Metsi a ne a entse lebota ka letsohong la bona le letona le le letshehadi.+ 23  Baegepeta ba ba lelekisa mme dipere tsohle tsa Faro, dikariki tsa hae tsa ntwa le banna ba hae ba palameng dipere, ba tla ka mora bona ka hara lewatle.+ 24  Mesong,* Jehova a sheba sehlopha sa Baegepeta a le hara mollo* le leru+ yaba o a se ferekanya. 25  A nna a ntsha mabidi dikariking tsa sona hoo se neng se di kganna ka thata mme Baegepeta ba ne ba re: “A re baleheng hore ho hang re se ke ra kopana le Baiseraele hobane Jehova o a ba lwanela.”+ 26  Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima lewatle e le hore metsi a ka kgutlela hodima Baegepeta, dikariking tsa bona tsa ntwa le ho banna ba bona ba palameng dipere.” 27  Hanghang Moshe a otlollela letsoho hodima lewatle mme ha e se e tla ba hoseng, lewatle la kgutlela boemong ba lona bo tlwaelehileng. Ha Baegepeta ba baleha lewatle, Jehova a ba dihela ka hara lona.+ 28  Ha metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le banna ba palameng dipere le masole ohle a Faro le ba ileng ba kena lewatleng ka mora bona.+ Ha ho le ya mong wa bona ya ileng a pholoha.+ 29  Empa Baiseraele ba tsamaya moo ho ommeng bohareng ba lewatle+ mme metsi a etsa lebota ka letsohong la bona le letona le ka ho le letshehadi.+ 30  Letsatsing leo Jehova a pholosa Baiseraele ho Baegepeta+ mme Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta lebopong la lewatle. 31  Ha Baiseraele ba boela ba bona matla a maholo ao Jehova a a sebedisitseng ho fedisa Baegepeta, setjhaba sa tshaba Jehova le ho dumela ho Jehova le ho mohlanka wa hae Moshe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ka letsoho le phahamisitsweng.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
E leng hoo e ka bang pakeng tsa hora ya bobedi mesong le hora ya botshelela hoseng.
Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.