Exoda 16:1-36

  • Batho ba korotla ka dijo (1-3)

  • Jehova o a utlwa ha ba korotla (4-12)

  • Ho fanwa ka dikwekwe le manna (13-21)

  • Manna a ne a le siyo ka Sabatha (22-30)

  • Manna a bolokwa e le kgopotso (31-36)

16  Ka mora hore ba tlohe Elime, setjhaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Sine+ le pakeng tsa Elime le Sinai. Se ile sa fihla ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bobedi ka mora hore se tswe naheng ya Egepeta.  Setjhaba sohle sa Baiseraele sa korotlela Moshe le Arone lefeelleng.+  Baiseraele ba nna ba re ho bona: “Hoja ra bolawa ke Jehova naheng ya Egepeta ha re ne re dutse pela dipitsa tsa nama,+ re ja bohobe ho fihlela re kgotshe. Le re tlisitse lefeelleng lena hore phutheho ena yohle e bolawe ke tlala.”+  Jehova a re ho Moshe: “Ke tla le nesetsa bohobe bo tswang mahodimong.+ Batho bohle ba tswe letsatsi le letsatsi ba yo thonaka bo ba lekaneng+ e le hore nka leka Baiseraele, ke bone hore na ba tla mamela molao wa ka kapa tjhe.+  Empa ka letsatsi la botshelela,+ ba ka thonaka bohobe bo fetang boo ba hlolang ba bo thonaka matsatsing a mang+ e leng bo tla lekana matsatsi a mabedi mme ba bo phehe.”  Moshe le Arone ba re ho Baiseraele bohle: “Mantsiboya le tla tseba hore ke Jehova ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.+  Hoseng le tla bona kganya ya Jehova hobane Jehova o utlwile ha le mo korotlela. Rona re bomang hore le re korotlele?”  Moshe a re: “Ha Jehova a le fa nama hore le e je mantsiboya mme hoseng a le fa bohobe ho fihlela le kgotshe, le tla bona hore Jehova o utlwile ha le mo korotlela. Rona re bomang? Ha le korotlele rona empa le korotlela Jehova.”+  Moshe a re ho Arone: “Bolella setjhaba sohle sa Baiseraele hore se atamele ka pela Jehova hobane o utlwile ha se korotla.”+ 10  Hang ha Arone a buile le setjhaba sohle sa Iseraele, setjhaba sa sheba lefeelleng mme kganya ya Jehova ya bonahala lerung.+ 11  Jehova a bua le Moshe a re: 12  “Ke utlwile ha Baiseraele ba korotla.+ Bua le bona o re, ‘Ha letsatsi le dikela le tla ja nama, hoseng le je bohobe ho fihlela le kgotshe+ mme le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona.’”+ 13  Mantsiboyeng ao, dikwekwe* tsa tla tsa kwahela diahelo.+ Hoseng phoka e ne e letse ho potoloha diahelo. 14  Ha phoka e ntse e nyamela, ha eba le ntho e tshesaane e foforehang hodima lefeella,+ e le tshesaane jwalo ka lehlwa hodima lefatshe. 15  Ha Baiseraele ba e bona, ba botsana ba re, “Ntho ee keng?” ka ha ba ne ba sa tsebe hore na keng. Moshe a re ho bona: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je.+ 16  Jehova o fane ka taelo ena, ‘Batho bohle ba nke bohobe boo ba ka kgonang ho bo ja. Bakeng sa motho ka mong le lekanye ka sekotlolo se ka etsang dilithara tse pedi.*+ Le nke ho ya ka palo ya batho bohle ba ka ditenteng tsa lona.’” 17  Baiseraele ba etsa jwalo. Ba bo thonaka. Ba bang ba bokella bo bongata mme ba bang ba bokella bo bonyenyane. 18  Ha ba bo lekanya ka sekotlolo se ka etsang dilithara tse pedi,* ya neng a bokelletse bo bongata o ne a sa be le bo salang mme ya neng a bokelletse bo bonyenyane o ne a sa haellwe.+ Batho bohle ba bokella boo ba ka kgonang ho bo ja. 19  Moshe a re ho bona: “Ho se ke ha eba le motho ya siyang le ha e le bofe ba bona ho fihlela hoseng.”+ 20  Empa ha ba a ka ba mamela Moshe. Ha ba bang ba siya bo bong ho fihlela hoseng, bo ne bo tswa diboko bo bile bo nkga hampe mme Moshe o ne a ba halefela. 21  Ba ne ba bo thonaka hoseng ho hong le ho hong mme e mong le e mong o ne a nka boo a ka kgonang ho bo ja. Ha letsatsi le tjhesa bo ne bo qhibidiha. 22  Ka letsatsi la botshelela, ba ne ba nka bohobe ba matsatsi a mabedi+ ka sekotlolo se ka etsang dilithara tse nne* bakeng sa motho ka mong. Dikgosana tsohle tsa setjhaba tsa tla yaba di tlalehela Moshe taba eo. 23  A re ho dikgosana tseo: “Jehova o itse hosane e tla ba letsatsi la ho phomola,* ke sabatha e halalelang ya Jehova.+ Le bake bohobe boo le hlokang ho bo baka, le phehe boo le hlokang ho bo pheha+ mme bohobe bo salang le ipehele bona ho fihlela hoseng.” 24  Ba bo boloka ho fihlela hoseng feela jwalo ka ha Moshe a ne a laetse mme ha bo a ka ba nkga hampe kapa ba tswa diboko. 25  Moshe a re: “Bo jeng kajeno hobane kajeno ke sabatha ya Jehova. Kajeno le ke ke la bo fumana fatshe. 26  Le tla bo thonaka ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa e leng ka Sabatha,+ bo ke ke ba eba teng.” 27  Le ha ho le jwalo, ba bang hara setjhaba ba ile ba tswa ka letsatsi la bosupa ho ya bo thonaka empa ha ba a ka ba fumana letho. 28  Jehova a re ho Moshe: “Le tla hana ho mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka ho fihlela neng?+ 29  Le se ke la lebala hore Jehova o le file Sabatha.+ Ke ka lebaka leo a le fang bohobe ba matsatsi a mabedi ka letsatsi la botshelela. Batho bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se ke ha eba le ya mong ya tlohang sebakeng sa hae ka letsatsi la bosupa.” 30  Setjhaba sa boloka Sabatha* ka letsatsi la bosupa.+ 31  Setjhaba sa Iseraele sa bitsa bohobe boo “manna.”* Bo ne bo le jwalo ka peo e nyenyane e tshweu mme bo ne bo latsweha jwalo ka diphaphatha tse nang le mahe a dinotshi.+ 32  Moshe a re: “Jehova o fane ka taelo ena, ‘Nkang manna le a tlatse ka sekotlolong se ka etsang dilithara tse pedi* mme le a boloke e le hore meloko e tlang e ka bona+ bohobe boo ke ileng ka le fa bona lefeelleng ha ke ne ke le ntsha naheng ya Egepeta.’” 33  Moshe a re ho Arone: “Nka nkgo mme ka hara yona o tshele manna a ka etsang dilithara tse pedi* o a behe ka pela Jehova mme le a boloke bakeng sa meloko yohle ya lona.”+ 34  Feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha ka pela Bopaki+ e le hore a bolokwe. 35  Baiseraele ba ja manna ka dilemo tse 40+ ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi.+ Ba ile ba ja manna ho fihlela ba fihla moo naha ya Kanana e qalang teng.*+ 36  Sekotlolo seo ba neng ba se sebedisa se ne se ka tshela manna a ka etsang dilithara tse pedi.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Dinonyana tse nyenyane tse tenya.
Ka Seheberu: “omere e le nngwe.” Omere e lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “omere e le nngwe.”
Ka Seheberu: “ditekanyo tse pedi tsa omere.”
Kapa: “la ho boloka sabatha.”
Kapa: “sa phomola.”
Ho ka etsahala hore le tswa polelong ya Seheberu e reng “Ntho ee ke eng?”
Ka Seheberu: “omere e le nngwe.”
Ka Seheberu: “omere e le nngwe.”
Kapa: “moeding wa Kanana.”
Ka Seheberu: “Omere ke karolo ya leshome ya tekanyo ya efa.” Efa e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.