Exoda 17:1-16

  • Baiseraele ba tletleba ka hore ha ba na metsi Horebe (1-4)

  • Metsi a tswa lefikeng (5-7)

  • Baamaleke ba a hlasela ebile ba a hlolwa (8-16)

17  Setjhaba sohle sa Baiseraele sa tloha lefeelleng la Sine+ ka mekgahlelo ho ya ka taelo ya Jehova+ mme sa hloma ditente Refidime.+ Empa ho ne ho se na metsi ao setjhaba se ka a nwang.  Setjhaba sa qabana le Moshe+ mme sa re: “Re fe metsi re nwe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le qabana le nna? Ke hobaneng ha le ntse le leka Jehova?”+  Ka ha setjhaba se ne se nyoretswe metsi sa nna sa korotlela Moshe+ sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta hore re tlo bolawa ke lenyora, rona le bana ba rona le diphoofolo tsa rona?”  Qetellong Moshe a hweletsa ho Jehova a re: “Ke etseng ka setjhaba see? Se haufi le ho ntlepetsa ka majwe!”  Jehova a re ho Moshe: “Fetela ka pela setjhaba mme o nke baholo ba bang ba Iseraele le molamu wa hao oo o ileng wa otla Noka ya Nile ka wona.+ O o tshware ka letsoho mme o tsamaye.  Ke tla be ke eme ka pela hao moo lefikeng la Horebe. O otle lefika mme metsi a tla tswa ho lona e le hore setjhaba se nwe.”+ Moshe a etsa jwalo moo baholo ba Iseraele ba ntseng ba bona.  A reha sebaka seo Masa*+ le Meriba*+ hobane Baiseraele ba ile ba qabana le Moshe moo le hobane ba ile ba leka Jehova+ ka ho botsa hore na Jehova o na le bona kapa tjhe.  Baamaleke+ ba tla mme ba lwantsha Baiseraele Refidime.+  Moshe a re ho Joshua:+ “Re kgethele banna mme o tswe o yo lwantsha Baamaleke. Hosane ke tla ema hodima leralla ke tshwere molamu wa Modimo wa nnete ka letsohong la ka.” 10  Joshua a etsa feela jwalo ka ha Moshe a ne a mo boleletse+ mme a lwantsha Baamaleke. Moshe, Arone le Hure+ ba nyolohela hodima leralla. 11  Baiseraele ba ne ba hlola ha feela Moshe a ne a dula a phahamisitse matsoho a hae empa hang ha a theola matsoho, Baamaleke ke bona ba neng ba hlola. 12  Ha matsoho a Moshe a se a kgathetse, ba mo tlisetsa lejwe yaba o dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena mme e mong ka lehlakoreng lane e le hore matsoho a hae a ka ema nqa e le nngwe ho fihlela letsatsi le dikela. 13  Joshua a hlola Amaleke le setjhaba sa hae ka sabole.+ 14  Jehova a re ho Moshe: “Ngola sena bukeng e le hore se tle se hopolwe mme o se bolelle Joshua, ‘Ke tla etsa hore Baamaleke ba se ke ba hopolwa ho hang tlasa mahodimo.’”+ 15  Moshe a haha aletare mme a e reha Jehova-nisi* 16  a re: “Jehova o tla lwantsha Amaleke ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong+ hobane letsoho la Amaleke le kgahlanong le terone ya Jah.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Ho Leka, Teko.”
E bolelang “Ho Qabana.”
E bolelang “Jehova ke Letshwao la Ka.”