Exoda 18:1-27

  • Jethro le Zipora ba a fihla (1-12)

  • Jethro o fana ka keletso ya hore ho kgethwe baahlodi (13-27)

18  Jethro moprista wa Midiane, eo Moshe e neng e le mokgwenyana wa hae,+ a utlwa ka sohle seo Modimo a se etseditseng Moshe le setjhaba sa hae sa Iseraele le hore Jehova o ntshitse Baiseraele Egepeta.+  Jethro* o ne a hlokomela Zipora mosadi wa Moshe, ha Moshe a ne a mo kgutliseditse habo  le bara ba hae ba babedi.+ Moshe o ile a reha e mong wa bona Gershome*+ hobane o ile a re, “Ke bile moditjhaba naheng e nngwe.”  A reha e mong Eliezere hobane o ile a re, “Modimo wa Ntate ke mothusi wa ka, ya mpholositseng saboleng ya Faro.”+  Jethro, eo Moshe e neng e le mokgwenyana wa hae, le bara ba Moshe le mosadi wa hae, ba tla ho Moshe lefeelleng moo a neng a hlomme ditente teng thabeng ya Modimo wa nnete.+  A romela molaetsa ho Moshe a re: “Nna Jethro, ntate wa mosadi wa hao,+ ke tla ho wena le mosadi wa hao le bara ba lona ba babedi.”  Hanghang Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa ntate wa mosadi wa hae yaba o a inama mme o a mo suna. Ba botsana bophelo, ka mora moo ba kena ka tenteng.  Moshe a qoqela ntate wa mosadi wa hae sohle seo Jehova a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bakeng sa Baiseraele,+ ditsietsi tsohle tse ba hlahetseng tseleng+ le ka moo Jehova a ba pholositseng ka teng.  Jethro a thabiswa ke dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a di etseditseng Baiseraele ka hore a ba ntshe Egepeta. 10  Jethro a re: “Ho roriswe Jehova, ya le pholositseng Egepeta le ho Faro, le ya lokolotseng setjhaba naheng ya Egepeta e neng e se hateletse. 11  Jwale ke a tseba hore Jehova o moholo ho feta medimo e meng yohle,+ ka lebaka la seo a se entseng ho ba ileng ba ikgohomosetsa setjhaba sa hae.” 12  Jethro, ntate wa mosadi wa Moshe, a tlisa nyehelo ya setjheso le mahlabelo bakeng sa Modimo. Arone le baholo bohle ba Iseraele ba ja dijo le Jethro ka pela Modimo wa nnete. 13  Letsatsing le latelang, Moshe a dula fatshe ho ahlola setjhaba jwalo ka ha e le tlwaelo mme setjhaba sa nna sa ema ka pela Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya. 14  Ha ntate wa mosadi wa Moshe a bona sohle seo a neng a se etsetsa setjhaba a re: “Ke hobaneng ha o etsa ntho ee? Ke hobaneng ha o dutse moo o le mong mme batho bohle ba ntse ba tla ba ema ka pela hao ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya?” 15  Moshe a re ho ntate wa mosadi wa hae: “Lebaka ke hore batho ba ntse ba tla ho nna ho tla batla tataiso ya Modimo. 16  Ha ho eba le nyewe, e tla ho nna mme ke ahlola pakeng tsa bona ebe ke ba tsebisa diqeto tsa Modimo wa nnete le melao ya hae.”+ 17  Ntate wa mosadi wa Moshe a re ho yena: “Ena ha se tsela e molemo ya ho sebetsa ditaba. 18  Wena le setjhaba sena le tla kgathala hobane mosebetsi ona o boima mme o ke ke wa kgona ho o jara o le mong. 19  Mmamele. Ke o fa keletso mme Modimo o tla ba le wena.+ O be moemedi wa setjhaba ka pela Modimo wa nnete+ mme o tlise dinyewe ka pela Modimo wa nnete.+ 20  O se rute ditaelo le melao+ mme o se tsebise tsela eo se lokelang ho tsamaya ka yona le mosebetsi oo se lokelang ho o etsa. 21  O kgethe banna ba ka kgonang ho etsa mosebetsi ona hara setjhaba,+ ba tshabang Modimo, banna ba tshepahalang ba hloileng phaello e sa lokang+ mme o ba behe hore ba okamele setjhaba e le balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba mashome a mahlano le balaodi ba ba mashome.+ 22  Ba ahlole setjhaba ha ho ena le dinyewe.* Ba tlise dinyewe tse boima ho wena+ empa dinyewe tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi ka ho ba dumella hore ba o thuse ho etsa mosebetsi oo.+ 23  Haeba o etsa ntho ena mme e le Modimo ya reng o e etse, o tla kgona ho mamella boima boo mme batho bohle ba tla ya hae ba kgotsofetse.” 24  Hanghang Moshe a mamela ntate wa mosadi wa hae mme a etsa sohle seo a se buileng. 25  Moshe a kgetha banna ba nang le bokgoni hara Baiseraele bohle mme a ba beha hore e be dihlooho tsa setjhaba, e be balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba makgolo, balaodi ba ba mashome a mahlano le balaodi ba ba mashome. 26  Ba ne ba ahlola setjhaba ha ho eba le dinyewe. Tse boima ba ne ba di tlisa ho Moshe+ empa dinyewe tse nyenyane ba ne ba di ahlola. 27  Ka mora moo, Moshe a felehetsa ntate wa mosadi wa hae+ mme a tsamaya ho ya naheng ya habo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Jethro ntate wa mosadi wa Moshe.”
E bolelang “Moditjhaba ya Dulang Moo.”
Ka Seheberu: “ka dinako tsohle.”