Exoda 21:1-36

  • Melao eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e latela (1-36)

    • Ka makgoba a Baheberu (2-11)

    • Ka motho ya lwantshang e mong (12-27)

    • Ka diphoofolo (28-36)

21  Ena ke melao eo o tla ba bolella yona:+  Haeba o reka lekgoba la Moheberu,+ e tla ba lekgoba ka dilemo tse tsheletseng empa ka selemo sa bosupa, le tla lokollwa le sa patale letho.+  Haeba le tlile le le leng, le tla tloha le le leng. Empa haeba le ena le mosadi, le tla tsamaya le mosadi wa lona.  Haeba monga lona a le file mosadi mme mosadi eo a le tswalletse bara kapa baradi, mosadi le bana ba lekgoba leo e tla ba ba monga lona mme lekgoba leo le tla tsamaya le le leng.+  Empa haeba lekgoba le ikopela le re, ‘Ke rata monga ka, mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke batle ho lokollwa,’+  monga lona a le tlise ka pela Modimo wa nnete. Ka mora moo, a le emise pela lemati kapa pela kosene ya monyako ebe o le phunya tsebe ka elese* mme e tla ba lekgoba la hae bophelo bohle ba lona.  Haeba monna a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokollwa ka tsela eo lekgoba la monna le lokollwang ka yona.  Haeba monga hae a sa kgahlwe ke yena mme a sa mo kgethe hore e be serethe* sa hae empa a etsa hore a rekwe ke motho e mong,* a ke ke a ba le tokelo ya ho mo rekisetsa baditjhaba hobane o mo etseditse bolotsana.  Haeba a mo kgethela mora wa hae, a mo tshware jwalo ka moradi wa hae. 10  Haeba mora* a inkela mosadi e mong hape, a se ke a fokoletsa mosadi wa pele dijo, diaparo le tokelo ya hae ya lenyalo.+ 11  Haeba a ke ke a mo fa dintho tsena tse tharo, jwale a tsamaye a sa patala letho. 12  Mang kapa mang ya otlang motho mme motho eo a shwa, o tla bolawa.+ 13  Empa haeba a mo bolaile ka phoso mme Modimo wa nnete a dumella hore ho etsahale jwalo, ke tla le lokisetsa sebaka seo a ka balehelang ho sona.+ 14  Haeba motho a halefela wa habo haholo mme a mo bolaya ka boomo,+ motho eo o lokela ho shwa le haeba taba eo e bolela hore le lokela ho mo tlosa aletareng ya ka.+ 15  Ya otlang ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.+ 16  Haeba motho a kwetela motho e mong+ mme a mo rekisa kapa a fumanwa ho yena,+ o lokela ho bolawa.+ 17  Mang kapa mang ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.+ 18  Haeba batho ba qabana mme e mong a otla wa habo ka lejwe kapa ka setebele* mme a sa shwe empa a lemala mme a tlameha ho robala betheng ya hae, ho etswe sena: 19  Haeba a ka kgona ho ema le ho tsamaya ka ntle ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fuwa kotlo. O tla patala motho ya lemetseng bakeng sa nako eo a sa kgoneng ho ya mosebetsing ka yona feela, ho fihlela motho eo a fodile ka hohlehohle. 20  Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka molamu mme lekgoba leo le shwa ha a ntse a le otla,* monga lona o lokela ho fuwa kotlo.+ 21  Le ha ho le jwalo, haeba le ka phela letsatsi le le leng kapa a mabedi, monga lona a se ke a fuwa kotlo hobane o le rekile ka tjhelete ya hae. 22  Haeba banna ba lwana mme ba ntsha mosadi wa moimana kotsi mme a beleha pele ho nako*+ empa yena le ngwana wa hae ba sa shwe,* motho ya molato a patale ditshenyehelo tseo monna wa mosadi eo a tla mo batla tsona. A di patale ho ya ka qeto e entsweng ke baahlodi.+ 23  Empa haeba mosadi eo kapa ngwana wa hae a shwa, jwale mmolai a fane ka bophelo bakeng sa bophelo,*+ 24  leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto,+ 25  ho tjheswa bakeng sa ho tjheswa, leqeba bakeng sa leqeba, kotlo bakeng sa kotlo. 26  Haeba motho a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi mme a le lematsa, a lokolle lekgoba leo hore le tsamaye e le tefo bakeng sa leihlo la lona.+ 27  Haeba a ntsha leino la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo hore le tsamaye e le ho patala leino la lona. 28  Haeba poho e hlaba monna kapa mosadi mme a shwa, poho eo e tlepetswe ka majwe ho fihlela e shwa+ mme nama ya yona e se ke ya jewa. Empa monga poho a ke ke a fuwa kotlo. 29  Empa haeba poho e ne e tlwaetse ho hlaba batho mme monga yona a ile a lemoswa empa a sa ka a e hlokomela mme e bolaile monna kapa mosadi, poho eo e tlepetswe ka majwe mme monga yona le yena a bolawe. 30  Haeba monga poho a kopuwa hore a patale* e le hore a se ke a bolawa, a patale tjhelete eo ho thweng a e patale. 31  Ebang e hlabile moshanyana kapa ngwanana, monga poho o lokela ho ahlolwa ho latela melao ena. 32  Haeba poho eo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga poho o tla patala monga lekgoba leo dikotwana* tsa silevera tse 30 mme poho eo e tlepetswe ka majwe ho fihlela e shwa. 33  Haeba motho a kwaholla sekoti kapa a se tjheka mme a sa se kwahele mme poho kapa tonki e wela ka hara sona, 34  monga sekoti o tla patalla+ phoofolo e shweleng. A fe monga phoofolo eo tjhelete mme phoofolo e shweleng e be ya hae. 35  Haeba poho ya motho e mong e lematsa poho ya e mong mme e shwa, ba rekise poho e phelang mme ba arolelane tjhelete e patetsweng bakeng sa yona. Ba arolelane le phoofolo e shweleng. 36  Kapa haeba ho ne ho tsejwa hore poho eo e ne e tlwaetse ho hlaba diphoofolo tse ding empa monga yona a sa e lebele, a patale ka poho bakeng sa poho mme e shweleng e be ya hae.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Thulusi e motsu e phunyang masoba a manyenyane.
Ka Seheberu: “a lopollwe.”
Kapa mohlomong: “monga lekgoba.”
Kapa: “ya lakaletsang bomadimabe.”
Kapa mohlomong: “ka thulusi.”
Ka Seheberu: “le shwa tlasa letsoho la hae.”
Ka Seheberu: “mme bana ba hae ba tswa pele ho nako.”
Kapa: “ba sa tswe kotsi haholo.”
Kapa: “mmolai le yena o lokela ho bolawa.”
Kapa: “a patale molato.”
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.