Exoda 22:1-31

  • Melao eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e latela (1-31)

    • Ka boshodu (1-4)

    • Ka tshenyo ya dijalo (5, 6)

    • Ka ho patala le mabapi le dintho tseo motho a neng a ena le tsona (7-15)

    • Ka ho qhekanyetsa (16, 17)

    • Ka borapedi le ho tshwara setjhaba ka toka (18-31)

22  Haeba motho a utswa poho kapa nku mme a e hlaba kapa a e rekisa, bakeng sa poho e le nngwe a patale ka dipoho tse hlano mme bakeng sa nku e le nngwe a patale ka dinku tse nne.+  (Haeba leshodu+ le fumanwa le thuha mme le otlwa le bile le shwa, motho ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa madi.  Empa haeba seo se etsahala motshehare, motho ya le bolayang o tla ba le molato wa madi.) Leshodu le patalle molato wa lona. Haeba le se na letho, le tla rekiswa bakeng sa dintho tseo le di utswitseng.  Haeba diphoofolo tseo leshodu leo le di utswitseng di fumanwa ho lona di ntse di phela ebang ke poho kapa ke tonki kapa ke nku, le di patale habedi.  Haeba motho a fudisa diphoofolo tsa hae tshimong kapa serapeng sa morara mme a di tlohela hore di fule tshimong ya motho e mong, a patale motho eo ka dijalo tse ntle ka ho fetisisa tsa tshimo ya hae kapa ka ditholwana tse ntle ka ho fetisisa tsa serapa sa hae sa morara.  Ha mollo o fihla difateng tsa meutlwa mme o tjhesa mangata kapa koro* e eso kotulwe kapa tshimo, motho ya o qadileng a patale dintho tse tjheleng.  Haeba motho a fa wa habo tjhelete kapa dintho tse itseng hore a di boloke ho yena mme di utsuwa ntlong ya hae, ha leshodu le fumanwa, le patale dintho tseo habedi.+  Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo a tliswe ka pela Modimo wa nnete+ ho bona hore na ebe ha se yena ya utswitseng* thepa ya wa habo.  Neng kapa neng ha motho a qosa e mong ka hore o nkile dintho tsa hae ebang ke poho, tonki, nku, seaparo kapa ntho le ha e le efe e lahlehileng, ka bobedi ba hlahe ka pela Modimo wa nnete+ e le hore ho tsebahale hore na monga dintho ke mang. Modimo o tla bolela hore na ke mang ya molato mme motho eo a patale wa habo habedi.+ 10  Haeba motho a fa wa habo tonki, poho, nku kapa phoofolo le ha e le efe hore a e hlokomele mme e shwa kapa e holofala kapa mashodu a e nka ho se na motho ya shebileng, 11  ba le babedi ba ye ho baahlodi mme motho ya neng a fuwe phoofolo hore a e hlokomele a hlapanye ka pela Jehova hore ha a nka thepa ya wa habo mme monga yona a amohele hore ho jwalo. Motho eo a se ke a di patala.+ 12  Empa haeba diphoofolo di utswitswe ho yena, a patale monga tsona. 13  Haeba e harotswe ke phoofolo e hlaha, a e tlise e le bopaki. A ke ke a patala ntho e harotsweng ke phoofolo e hlaha. 14  Empa haeba motho a adima phoofolo ho wa habo mme e holofala kapa e shwa monga yona a le siyo, motho ya e adimmeng a e patale. 15  Haeba monga yona a le teng, a ke ke a e patala. Haeba e ne e hirilwe, e patalwe ka tjhelete eo e neng e hirilwe ka yona. 16  Haeba monna a qhekanyetsa morwetsana* ya sa lebeletswang mme a robala le yena, a mo ntshetse mahadi mme e be mosadi wa hae.+ 17  Haeba ntate wa hae a hana ho mo fa yena, monna eo o ntse a lokela ho patala tjhelete e lekanang le ya ho ntsha mahadi. 18  O se ke wa tlohela moloi* hore a phele.+ 19  Mang kapa mang ya etsang thobalano le phoofolo a bolawe.+ 20  Mang kapa mang ya etsetsang medimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolawe.+ 21  Le se ke la tshwara baditjhaba hampe kapa la ba hatella+ hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta.+ 22  Le se ke la hlorisa mohlolohadi le ha e le ofe kapa kgutsana.*+ 23  Haeba o ka ba hlorisa ebe ba llela ho nna, ke tla utlwa sello sa bona,+ 24  ke tla halefa haholo mme ke tla le bolaya ka sabole. Basadi ba lona e tla ba bahlolohadi mme bana ba lona e tla ba ba se nang bontate. 25  Haeba o adima motho ya futsanehileng* tjhelete setjhabeng sa ka, ho yena o se ke wa tshwana le motho ya batlang tswala ha a adimana ka tjhelete. O se ke wa mo patadisa tswala.+ 26  Haeba o nka seaparo sa wa heno hore a tle a o patale,+ o se kgutlisetse ho yena ha letsatsi le dikela. 27  Ke sona feela seaparo sa hae. Ke seaparo sa hae se kwahelang mmele* wa hae. O tla robala ka eng?+ Ke tla mo utlwa ha a llela ho nna ka ha ke na le kutlwelobohloko.*+ 28  O se ke wa rohaka Modimo+ kapa wa rohaka kgosana* ya setjhaba sa heno.+ 29  Le se ke la tsilatsila ho etsa mahlabelo ka dintho tsa lona tse ngata tseo le di kotutseng le ka dintho tse tsholohang dihatelong* tsa lona.+ Le mphe matsibolo a bara ba lona.+ 30  Sena ke seo o lokelang ho se etsa ka poho ya hao le ka nku ya hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le mme wa yona. O mphe yona ka letsatsi la borobedi.+ 31  Le be batho ba halalelang ho nna+ mme le se ke la ja nama ya ntho le ha e le efe e harotsweng ke phoofolo e hlaha.+ Empa le e akgelle dintja.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ya behileng letsoho hodima.”
Lentswe la Seheberu le sebedisitsweng mona le bolela mosadi ya eso ka a etsa thobalano.
Mona Seheberu se bua ka moloi wa mosadi.
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Kapa: “hlorileng.”
Ka Seheberu: “nama.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “mmusi.”
E leng oli kapa veine.