Exoda 24:1-18

  • Batho ba dumela ho mamela selekane (1-11)

  • Moshe o Thabeng ya Sinai (12-18)

24  Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela thabeng wena le Arone, Nadabe le Abihu+ le baholo ba Iseraele ba 70 mme le iname le sa le holenyana.  Moshe a atamele Jehova a le mong. Ba bang ba se ke ba atamela. Setjhaba ha se a lokela ho nyoloha le yena.”+  Moshe a tla yaba o bolella setjhaba mantswe ohle a Jehova le melao+ yohle ya hae mme setjhaba sohle sa araba ka lentswe le le leng sa re: “Dintho tsohle tseo Jehova a di buileng re ikemiseditse ho di etsa.”+  Moshe a ngola mantswe ohle a Jehova.+ A tsoha hoseng haholo yaba o haha aletare botlaseng ba thaba. A haha le dipilara tse 12 tse lekanang le maloko a 12 a Iseraele.  Ka mora moo, a romela bahlankana ba Baiseraele, ba nyehela dinyehelo tsa setjheso mme ba hlabela Jehova dipoho e le mahlabelo a kopanetsweng.+  Moshe a nka halofo ya madi a e tshela ka hara dikotlolo mme a fafatsa halofo ya madi hodima aletare.  A nka buka ya selekane,* a e balla setjhaba.+ Yaba se re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiseditse ho se etsa mme re tla mo mamela.”+  Moshe a nka madi mme a fafatsa setjhaba+ ka ona yaba o re: “Ana ke madi a selekane seo Jehova a se entseng le lona. Selekaneng sena le dumetse hore le tla mamela mantswe ana ohle.”+  Moshe le Arone, Nadabe le Abihu le baholo ba 70 ba Iseraele ba nyoloha 10  mme ba bona Modimo wa Iseraele.+ Tlasa maoto a hae ho ne ho ena le ntho e bonahalang eka ke matlapa a safire mme e ne e hlwekile jwalo ka mahodimo.+ 11  Ha a ka a lematsa banna bao ba hlomphehang ba Iseraele+ mme ba ile ba bona pono ya Modimo wa nnete yaba ba a ja mme ba a nwa. 12  Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna thabeng mme o dule teng. Ke tla ngola molao le taelo matlapeng ke be ke o fe ona e le hore ke ba rute.”+ 13  Moshe a tsamaya le Joshua mosebeletsi wa hae+ mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo wa nnete.+ 14  Empa o ne a ile a re ho baholo ba Iseraele: “Le re emele mona ho fihlela re kgutlela ho lona.+ Arone le Hure+ ba na le lona. Mang kapa mang ya nang le nyewe a ka ya ho bona.”+ 15  Moshe a nyolohela thabeng ha leru le ntse le e kwahetse.+ 16  Kganya ya Jehova+ ya nna ya dula hodima Thaba ya Sinai+ mme leru la e kwahela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa a bitsa Moshe a le hara leru. 17  Ho Baiseraele ba neng ba shebile, ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e tshwana le mollo o timetsang hodima thaba. 18  Moshe a kena hara leru mme a nyolohela thabeng.+ Moshe a dula thabeng matsatsi a 40 le masiu a 40.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho