Exoda 28:1-43

  • Diaparo tsa baprista (1-5)

  • Efoda (6-14)

  • Mokotlana wa sefuba (15-30)

    • Urime le Thumime (30)

  • Seaparo se se nang matsoho (31-35)

  • Tuku e nang le lesenke la kgauta (36-39)

  • Diaparo tse ding tsa baprista (40-43)

28  O bitse abuti wa hao Arone hara Baiseraele le bara ba hae e le hore Arone+ a ka sebeletsa e le moprista wa ka,+ yena le Nadabe le Abihu,+ Eleazare le Ithamare,+ e leng bara ba Arone.+  O etsetse abuti wa hao Arone diaparo tse halalelang bakeng sa kganya le botle.+  O bue le bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho* bao ke ba fileng bohlale+ mme ba etse diaparo tsa Arone ho bontsha hore o halaleditswe e le hore a ka sebeletsa e le moprista wa ka.  Ba etse diaparo tsena: Mokotlana wa sefuba,+ efoda,+ seaparo se se nang matsoho,+ seaparo se selelele se sekotjhe, tuku+ le lebanta.+ Ba etsetse abuti wa hao Arone le bara ba hae diaparo tsena tse halalelang e le hore a ka sebeletsa e le moprista wa ka.  Ba sebedise kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle.  Ba etse efoda ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng mme ba e kgabise ka kgwele e mmala wa kgauta.+  E be le masela a mabedi a kopantsweng mahetleng a kopanyang karolo e ka pele le e ka morao.  Lebanta le lohilweng+ le rokelletsweng hodima efoda hore le e fase ka thata, le etswe ka dintho tse tshwanang le efoda: Kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng.  O nke majwe a mabedi a onikse+ mme o ngole mabitso a bara ba Iseraele hodima ona ka ho a fata.+ 10  O ngole mabitso a tsheletseng hodima lejwe le leng mme mabitso a mang a tsheletseng o a ngole hodima lejwe le leng ho ya ka tatellano ya tswalo ya bona. 11  Setsebi sa ho betla majwe se ngole mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majweng ao ka mongolo o kang wa letshwao la tiiso.+ Ka mora moo, o a hlome didulwaneng tsa kgauta. 12  O behe majwe ao a mabedi hodima masela a efoda a mahetleng e le majwe a sehopotso ho bara ba Iseraele+ mme Arone a jare mabitso a bona ka pela Jehova hodima masela a hae a mabedi a mahetleng e le sehopotso. 13  O etse didulwana tsa kgauta 14  le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng+ tse sothilweng jwalo ka ropo mme o hokelle diketane tse kang ropo didulwaneng tseo.+ 15  Mokgabisi ya rokellang a etse mokotlana wa sefuba wa kahlolo.+ O etswe jwalo ka efoda ka kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng.+ 16  Mokotlana wa sefuba o be le mahlakore a mane a lekanang ha o menwa. O be bolelele ba disenthimithara tse ka bang 22* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 22. 17  O etse mela e mene ya majwe hodima wona. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, topaze le la emeralde. 18  Moleng wa bobedi e be lejwe la thekoise, safire le la jaspere. 19  Moleng wa boraro e be lejwe la lesheme,* la agate le la amethiste. 20  Moleng wa bone e be lejwe la krisolite, onikse le la jade. A hlongwe didulwaneng tsa kgauta. 21  Majwe ao a lekane le mabitso a 12 a bara ba Iseraele. Lebitso ka leng le ngolwe ka mongolo o fatilweng o kang wa letshwao la tiiso. Lebitso ka leng le emele leloko le le leng la e 12. 22  O etse diketane tse lohilweng hodima mokotlana wa sefuba, di be jwalo ka diropo tsa kgauta e hlwekileng.+ 23  O etse direng tse pedi tsa kgauta bakeng sa mokotlana wa sefuba mme o kgomaretse direng tseo tse pedi dikhoneng tse pedi tsa mokotlana wa sefuba. 24  O kenye diropo tse pedi tsa kgauta masobeng a direng tse pedi tse dikhoneng tsa mokotlana wa sefuba. 25  O kenye dintlha tse pedi tsa diropo tse pedi didulwaneng tse pedi mme o di kgomaretse hodima masela a mabedi a mahetla a efoda, karolong ya yona e ka pele. 26  O etse direng tse pedi tsa kgauta mme o di behe dikhoneng tse pedi tse ka hare tsa mokotlana wa sefuba, di shebane le efoda.+ 27  O etse direng tse ding tse pedi tsa kgauta karolong e ka pele ya efoda, haufi le moo efoda e kopanang teng, ka hodima lebanta le lohilweng le tlamileng efoda.+ 28  Mokotlana wa sefuba o tshwarwe ka thapo e putswa, direng tsa wona di tlamellwe ho direng tsa efoda. Sena se tla etsa hore mokotlana wa sefuba o dule hodima efoda, ka hodima lebanta le lohilweng. 29  Arone a jare mabitso a bara ba Iseraele mokotlaneng wa sefuba wa kahlolo hodima pelo ya hae ha a kena ka Sehalalelong e le sehopotso ka pela Jehova ka mehla. 30  O kenye Urime le Thumime*+ ka hara mokotlana wa sefuba wa kahlolo mme di be hodima pelo ya Arone ha a kena ka pela Jehova. Arone a di jare hodima pelo ya hae ka pela Jehova ka mehla bakeng sa ho etsa diqeto tse mabapi le Baiseraele. 31  O etse seaparo se se nang matsoho sa efoda ka kgwele e putswa feela.+ 32  Ho be le lesoba karolong ya sona e molaleng.* Le be le lemeno ka hohle le lohilweng ke motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela. Lesoba leo le be thata jwalo ka lesoba la seaparo sa tshepe e le hore le se ke la taboha. 33  O etse dikgarenate ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu ho potoloha lemeno le tlase la seaparo le ditleloko* tsa kgauta pakeng tsa tsona. 34  O etse hore tleloko ya kgauta e latelwe ke kgarenate, e be tleloko ya kgauta mme pela yona e be kgarenate. O di kenye jwalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 35  Se aparwe ke Arone e le hore a ka sebeletsa e le moprista mme modumo o etswang ke ditleloko o utlwahale ha a kena ka sehalalelong ka pela Jehova le ha a tswa e le hore a se ke a shwa.+ 36  O etse lesenke le benyang la kgauta e hlwekileng mme hodima lona o ngole ka mongolo o fatilweng o kang wa letshwao la tiiso, o reng: ‘Kgalalelo ke ya Jehova.’+ 37  O le tlamelle tukung+ ka kgwele e putswa. Le dule karolong e ka pele ya tuku. 38  Le be phatleng ya Arone mme Arone o tla ikarabella ha motho e mong a etsa phoso kgahlanong le dintho tse halalelang,+ tseo Baiseraele ba di halaletsang ha ba fana ka tsona e le dimpho tse halalelang. Le dule phatleng ya hae ka mehla e le hore ba ka amoheleha ka pela Jehova. 39  O lohe seaparo se selelele se sekotjhe sa line ya boleng bo botle, o etse tuku ya line ya boleng bo botle mme o etse le lebanta le lohilweng.+ 40  O boele o etsetse bara ba Arone diaparo tse telele, mabanta le masela a rwalwang hloohong+ bakeng sa kganya le botle.+ 41  O di apese abuti wa hao Arone le bara ba hae mme o ba tlotse ka oli,+ o ba behe* hore e be baprista+ mme o ba halaletse. Ba tla sebeletsa e le baprista ba ka. 42  O boele o ba etsetse marikgwe a makgutshwanyane* a line hore ba a apare.+ Marikgwe ana a tlohe thekeng a fihle diropeng. 43  A aparwe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang e le hore ba se ke ba eba le molato mme ba shwa. Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa hae le bana ba hae le ditloholo* tsa hae.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”
Ka Seheberu: “boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.
Ke lejwe la bohlokwa le sa tsejweng. Mohlomong ke la amber, hiasinthe, opale kapa tourmaline.
Kapa: “bakeng sa hlooho.”
Kapa: “mangenengene.”
Ka Seheberu: “o tlatse matsoho a bona.”
Kapa: “diaparo tsa ka hare.”
Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”