Exoda 29:1-46

  • Baprista ba a hlomamiswa (1-37)

  • Dinyehelo tsa letsatsi le letsatsi (38-46)

29  Sena ke seo o tla se etsa ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohwana, diramo tse pedi tse phetseng hantle,+  bohobe bo se nang tomoso, mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli le diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli.+ O di etse ka phofo e sitsweng hantle ya koro.  O di kenye ka basketeng+ ebe o di tlisa le poho le diramo tse pedi.  O tlise Arone le bara ba hae monyako wa tabernakele*+ mme o ba hlatswe ka metsi.+  O nke diaparo+ mme o apese Arone seaparo se selelele, seaparo se se nang matsoho sa efoda, efoda le mokotlana wa sefuba mme o tlamelle lebanta le lohilweng la efoda ka thata lethekeng la hae.+  O mo rwese tuku hloohong mme o behe lesenke la kgauta le halalelang* hodima tuku+ eo  ebe o nka oli e halalelang*+ o e tshela hloohong ya hae mme o mo tlotse.+  O tlise bara ba hae mme o ba apese diaparo tse telele.+  O tlame Arone le bara ba hae ka mabanta mme o ba rwese masela a rwalwang hloohong. Bona le ditloholo tsa bona e tla ba baprista mme molao ona o tla dula o le teng.+ Ena ke tsela eo o lokelang ho hlomamisa Arone le bara ba hae ka yona hore ba sebeletse e le baprista.+ 10  O hlahise poho ka pela tabernakele* mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya poho eo.+ 11  O e hlabe ka pela Jehova monyako wa tabernakele.*+ 12  O nke madi a mang a poho eo ka monwana wa hao mme o a tlotse manakeng a aletare+ ebe o tshollela madi a mang kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 13  O nke mafura+ ohle a kwahelang mala, o nke le mafura a sebeteng le diphiong tse pedi le mafura a hodima tsona mme o di tjhese hore di kubelle hodima aletare.+ 14  Empa o tjhesetse nama ya poho le lekoko la yona le bolokwe ba yona ka ntle ho diahelo. Ke nyehelo ya sebe. 15  O nke ramo e le nngwe mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya ramo eo.+ 16  O e hlabe mme o nke madi a yona o a fafatse mahlakoreng ohle a aletare.+ 17  O sehe ramo eo dikotwana mme o hlatswe mala+ a yona le ditlhakwana tsa yona mme o behe dikotwana tsa yona ha mmoho, o di behe le hlooho ya yona. 18  O tjhese ramo eo kaofela o etse hore e kubelle hodima aletare. Ke nyehelo ya setjheso ya Jehova mme monko wa yona o monate*+ ho yena. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova. 19  O nke ramo e nngwe mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya yona.+ 20  O hlabe ramo eo mme o nke madi a mang a yona o a tlotse ntlheng ya tsebe ya Arone e ka letsohong le letona le dintlheng tsa ditsebe tsa bara ba hae tse ka letsohong le letona. O tlotse le menwana e metona ya matsoho a bona a matona le menwana e metona ya maoto a bona a matona mme o fafatse madi mahlakoreng ohle a aletare. 21  Ka mora moo, o nke madi a mang a hodima aletare le oli e halalelang+ mme o di fafatse hodima Arone le diaparong tsa hae le ho bara ba hae le diaparong tsa bona e le hore yena le diaparo tsa hae le bara ba hae le diaparo tsa bona di ka halalela.+ 22  Ramong o nke mafura, mohatla o mafura, mafura a kwahelang mala, mafura a sebeteng, diphio tse pedi le mafura a ho tsona+ le leoto le letona ka ha ke ramo ya tlhomamiso.+ 23  O ntshe le bohobe bo sedikadikwe le bohobe bo sedikadikwe bo lesoba hare bo nang le oli le sephaphatha ka basketeng ya mahobe a se nang tomoso e ka pela Jehova. 24  O behe dintho tsena tsohle matsohong a Arone le matsohong a bara ba hae mme o di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. 25  Ka mora moo, o di tlose matsohong a bona mme o di tjhese aletareng hodima nyehelo ya setjheso e le monko o monate* ka pela Jehova. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova. 26  O nke sefuba sa ramo ya tlhomamiso+ e nyehelwang bakeng sa Arone ebe o se tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova mme e be kabelo ya hao. 27  Ramong ya tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyehelwa ka yona bakeng sa Arone le bara ba hae, o halaletse sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokwa le tseo ho ileng ha fanwa ka tsona. 28  Ke karolo e halalelang, e be ya Arone le bara ba hae. E ke e be molao o tla dula o le teng o tla phethwa ke Baiseraele. E be karolo e halalelang eo Baiseraele ba tla fana ka yona+ bakeng sa Jehova e tswang mahlabelong a bona a kopanetsweng.+ 29  Diaparo tse halalelang+ tsa Arone di aparwe ke bara ba hae+ bao e tla ba baprista ka mora hae ha ba se ba tlotsitswe mme ba hlomamisitswe. 30  Moprista ya mo hlahlamang hara bara ba hae le ya tlang tabernakeleng* ho sebeletsa sebakeng se halalelang a di apare ka matsatsi a supileng.+ 31  O nke ramo ya tlhomamiso mme o phehe nama ya yona sebakeng se halalelang.+ 32  Arone le bara ba hae ba je+ nama ya ramo eo le bohobe bo ka basketeng ba le monyako wa tabernakele.* 33  Ba je dintho tse ileng tsa sebediswa ho etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ha ba ne ba hlomamiswa hore e be baprista mme ba halaletswa. Empa motho ya sa dumellwang* ho di ja a se ke a di ja hobane ke dintho tse halalelang.+ 34  Haeba nama le ha e le efe ya sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe di ka sala ho fihlela hoseng, o di tjhese ka mollo.+ Di se ke tsa jewa hobane ke dintho tse halalelang. 35  O etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ya ka sohle seo ke o laetseng sona. O qete matsatsi a supileng o ba hlomamisa hore e be baprista.*+ 36  O etse sehlabelo ka poho letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ya sebe bakeng sa ho kopa tshwarelo ya dibe. Ka ho etsa jwalo o tla hlwekisa aletare sebeng. Hape o fafatse oli aletareng ho e halaletsa.+ 37  O qete matsatsi a supileng o etsa mahlabelo a ho kopa tshwarelo ya dibe bakeng sa ho halaletsa aletare e le hore e ka ba aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ya amang aletare eo o tla halalela. 38  O nyehele tse latelang aletareng: Diramo tse pedi tse nyenyane tse nang le selemo, o di nyehele letsatsi le letsatsi ka mehla.+ 39  O nyehele ramo e nngwe e nyenyane hoseng mme o nyehele ramo e nngwe e nyenyane ha letsatsi le dikela.+ 40  Ramo ya pele e nyenyane e tsamaye le dilithara tse ka bang pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le lithara e le nngwe* ya oli e tutsweng le nyehelo ya seno ya lithara e le nngwe ya veine. 41  O nyehele ramo ya bobedi e nyenyane ha letsatsi le dikela ha mmoho le dinyehelo tsa dijo* le tsa seno tse tshwanang le tsa hoseng. O e nyehele e le monko o monate* e le nyehelo e tjhesetswang Jehova. 42  E be nyehelo ya setjheso ya ka mehla melokong yohle ya lona. E etsetswe monyako wa tabernakele* ka pela Jehova moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng.+ 43  Ke tla itlhahisa moo ho Baiseraele mme sebaka seo se tla halaletswa ke kganya ya ka.+ 44  Ke tla halaletsa tabernakele* le aletare, ke halaletse Arone le bara ba hae+ e le hore ba ka sebeletsa e le baprista ba ka. 45  Ke tla dula hara batho ba Iseraele mme ke be Modimo wa bona.+ 46  Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta e le hore ke dule hara bona.+ Ke nna Jehova Modimo wa bona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “pontsho e halalelang ya boinehelo.”
Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “o a kgatholla.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
Ka Seheberu: “o tlatsa letsoho la bona.”
Ka Seheberu: “karolo ya leshome ya efa.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “kotara ya hine.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.