Exoda 30:1-38

  • Aletare ya dibano (1-10)

  • Palo ya setjhaba le tjhelete ya mahlabelo a tshwarelo ya dibe (11-16)

  • Beisine ya koporo ya ho hlapela (17-21)

  • Motswako o kgethehileng wa ditlolo tsa oli (22-33)

  • Tsela ya ho etsa dibano tse halalelang (34-38)

30  O etse aletare e le sebaka seo ho tjhesetswang dibano+ ho sona. O e etse ka sefate sa leoka.+  E be le mahlakore a mane a lekanang, e be bolelele ba disenthimithara tse ka bang 45* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 45 mme e be bophahamo bo ka etsang mithara.* Manaka a yona e be ntho e le nngwe le yona.+  O sebedise kgauta e hlwekileng ho kwahela karolo e ka hodimo ya aletare le ho kwahela mahlakore ohle a yona le manaka a yona mme o e etsetse mokgabiso wa kgauta ho e potoloha.  Hape o e etsetse direng tse pedi tsa kgauta tlasa mokgabiso oo wa yona mahlakoreng a yona a mabedi a shebaneng mme direng tseo di tla kenya dipalo tseo e tla jarwa ka tsona.  O etse dipalo tseo ka sefate sa leoka mme o di kwahele ka kgauta.  O e behe ka pela kgaretene ya sehalalelo e haufi le areka ya Bopaki,+ ka pela sekwahelo se hodima Bopaki e leng moo ke tla itlhahisa ho wena teng.+  Arone+ a tjhese dibano tse nkgang ha monate+ hodima yona+ hore di kubelle aletareng ha a hlophisa mabone+ hoseng ho hong le ho hong.  Hape, ha Arone a kgantsha mabone ha letsatsi le dikela, o tla tjhesa dibano. Ke nyehelo ya ka mehla ya dibano tse tjheswang ka pela Jehova melokong yohle ya lona.  Le se ke la nyehela dibano tse sa dumellwang+ hodima yona kapa nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya dijo* mme le se ke la tshela nyehelo ya seno hodima yona. 10  Arone a tlotse a mang a madi a phoofolo ya nyehelo ya sebe hodima manaka a aletare e le hore e hlweke.+ A etse jwalo hanngwe ka selemo e le hore a e hlwekise melokong yohle ya lona. Aletare e halalela ka ho fetisisa ho Jehova.” 11  Jehova a re ho Moshe: 12  “Neng kapa neng ha o bala bara ba Iseraele,+ batho bohle ba fane ka tjhelete ya topollo ho Jehova bakeng sa bophelo ba bona nakong eo ba balwang ka yona. Ba etse sena e le hore ba se ke ba fuwa kotlo ha ba ngodiswa. 13  Batho bohle ba ngodisitsweng ba fane ka dintho tse latelang: Silevera ya boima ba dikramo tse tsheletseng.* Le lekanye boima ba silevera eo ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.*+ Tekanyo e sebediswang ke dikramo tse ka bang 11.* Silevera ya boima ba dikramo tse tsheletseng ke monehelo o iswang ho Jehova.+ 14  Batho bohle ba ngodisitsweng ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba fane ka monehelo wa Jehova.+ 15  Ya ruileng a se ke a ntsha ho fetang silevera ya boima ba dikramo tse tsheletseng* le ya futsanehileng a se ke a fana ka ho ka tlase ho moo e le monehelo o iswang ho Jehova wa ho etsa mahlabelo a tshwarelo ya dibe bakeng sa bophelo ba lona. 16  O nke tjhelete ya silevera ho Baiseraele ya ho etsa mahlabelo a tshwarelo ya dibe mme o fane ka yona bakeng sa tshebeletso ya tabernakele.* Tjhelete ena e tla ba sehopotso ka pela Jehova ho Baiseraele mme ho etswe mahlabelo a tshwarelo ya dibe ka yona bakeng sa bophelo ba lona.” 17  Jehova a re ho Moshe: 18  “O etse beisine ya koporo le sedulwana sa yona+ ebe o e beha pakeng tsa tente ya pokano le aletare mme o tshele metsi ka hara yona.+ 19  Arone le bara ba hae ba hlatswe maoto le matsoho moo.+ 20  Ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ba atamela aletare ho sebeletsa le ho etsa dinyehelo ka mollo hore di kubelle ho Jehova, ba itlhatswe ka metsi e le hore ba se ke ba shwa. 21  Ba hlatswe maoto le matsoho a bona e le hore ba se ke ba shwa mme e be molao o tla dula o le teng bakeng sa Arone le bana ba hae melokong yohle ya bona.”+ 22  Jehova a bua le Moshe a re: 23  “Ka mora moo, o nke ditlolo tse nkgang ha monate ka ho fetisisa: dikhilokramo tse tsheletseng tsa mira e hwammeng, dikhilokramo tse tharo tsa sinamone e monate, dikhilokramo tse tharo tsa kalamase e monate 24  le dikhilokramo tse tsheletseng tsa kasia e lekantsweng ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang*+ ha mmoho le dilithara tse tharo le halofo* tsa oli ya mohlwaare. 25  Ka tsona o etse oli e halalelang.* E tswakwe ka bokgabane.*+ E be oli e halalelang. 26  O tlotse tabernakele*+ le areka ya Bopaki ka yona 27  le tafole le disebediswa tsohle tsa yona, sedulwana sa lebone le disebediswa tsa sona, aletare ya dibano, 28  aletare ya nyehelo ya setjheso le disebediswa tsohle tsa yona le beisine le sedulwana sa yona. 29  O di halaletse e le hore di halalele ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ya di amang o tla halalela.+ 30  O tlotse Arone+ le bara ba hae+ mme o ba halaletse hore ba sebeletse e le baprista ba ka.+ 31  O bue le Baiseraele o re, ‘Oli ena e tla dula e le oli e halalelang ho nna melokong ya lona.+ 32  Batho ba bang ba se ke ba tlotswa ka yona mme le se ke la etsa motswako o tshwanang le yona. Ke ntho e halalelang. E dule e le ntho e halalelang ho lona. 33  Motho ya ka etsang mafura a tshwanang le yona kapa a tlotsa motho e mong ya sa dumellwang* ho tlotswa ka yona, a bolawe.’”+ 34  Jehova a re ho Moshe: “Nka dikarolo tse lekanang tsa ditlolo tsena tse nkgang ha monate:+ marothodi a setakte, onika, galbaname e nkgang ha monate le dibano tse tshweu tse hlwekileng. 35  O etse dibano+ ka tsona. Motswako wa dinoko o kopanngwe ka bokgabane,* o nokwe ka letswai,+ o hlweke o be o halalele. 36  O tule o mong wa wona hore e be phofo e sitsweng hantle mme o behe o mong wa wona ka pela Bopaki ka tabernakeleng,* moo ke tla itlhahisa ho wena teng. E be o halalelang ka ho fetisisa ho lona. 37  Le se ke la sebedisa motswako ona ho iketsetsa dibano.+ Le o nke e le ntho e halalelang ho Jehova. 38  Motho ya tla etsa motswako o tshwanang le wona hore a thabele monko wa wona a bolawe.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “setswe se le seng.” Hoo e ka bang disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “halofo ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “halofo ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.”
Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.”
Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “hine e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.
Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.
Kapa: “E be jwalo ka ha eka e entswe ke setsebi sa dintho tse tlotsang.”
Ka Seheberu: “tente ya pokano.”
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
Kapa: “o be jwalo ka ha eka o entswe ke setsebi sa dintho tse itlotsang.”
Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.”