Exoda 31:1-18

  • Batho ba etsang mosebetsi wa matsoho ba fuwa moya wa Modimo (1-11)

  • Sabatha, pontsho e pakeng tsa Modimo le Baiseraele (12-17)

  • Matlapa a mabedi a lejwe (18)

31  Jehova a re ho Moshe:  “Ke kgethile* Bezaliele+ mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda.+  Ke tla mo fa moya wa ka e le hore a ka ba bohlale, a be le kutlwisiso le tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle ya matsoho,  a qape disebediswa, a sebetse ka kgauta, silevera le koporo,  a betle majwe a bohlokwa le ho a kenya didulwaneng+ le hore a etse thepa ya mefuta yohle ya lepolanka.+  Ho feta moo, ke kgethile Oholiabe+ mora wa Ahisamake wa leloko la Dane hore a mo thuse. Ke tla etsa hore bohle ba nang le tsebo ya mosebetsi wa matsoho ba be bohlale* e le hore ba ka etsa dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona:+  ba etse tabernakele,*+ areka ya Bopaki+ le sekwahelo+ se hodima yona, thepa yohle ya tabernakele,  tafole+ le disebediswa tsa yona, sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng le disebediswa tsohle tsa sona,+ aletare ya dibano,+  aletare ya nyehelo ya setjheso+ le disebediswa tsohle tsa yona, beisine le sedulwana sa yona,+ 10  diaparo tse lohilweng hantle, diaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone, diaparo tsa bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista,+ 11  oli e halalelang* le dibano tse nkgang ha monate bakeng sa sehalalelo.+ Ba etse dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona.” 12  Jehova a bua le Moshe a re: 13  “Bua le Baiseraele mme o re, ‘Ka hodima dintho tsohle, le boloke disabatha tsa ka+ ka ha ke pontsho ya selekane* seo ke se entseng le lona melokong ya lona e le hore le tsebe hore nna Jehova ke a le halaletsa. 14  Le boloke Sabatha hobane ke ntho e halalelang ho lona.+ Motho ya e hlomphollang o lokela ho bolawa. Motho ya tla sebetsa ka letsatsi leo, a bolawe.+ 15  Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha mme le lokela ho phomola ka ho feletseng.+ E a halalela ho Jehova. Motho ya tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha a bolawe. 16  Baiseraele ba lokela ho boloka Sabatha. Ba boloke Sabatha melokong yohle ya bona. Ke selekane se tla dula se le teng. 17  Ke pontsho e tla dula e le teng pakeng tsa ka le setjhaba sa Iseraele+ hobane Jehova o entse mahodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng mme a phomola ka letsatsi la bosupa, a thabile ka lebaka la mosebetsi wa hae.’”+ 18  Hang ha a qeta ho bua le yena Thabeng ya Sinai, a fa Moshe matlapa a mabedi a Bopaki,+ matlapa a lejwe a ngotsweng ka monwana wa Modimo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bitsitse ka lebitso.”
Ka Seheberu: “pelo e bohlale.”
Ka Seheberu: “tente ya pokano.”
Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.