Exoda 32:1-35

  • Ba rapela namane ya kgauta (1-35)

    • Moshe o utlwa pina e sa tlwaelehang (17, 18)

    • Moshe o pshatla matlapa a molao (19)

    • Balevi ba tshepahalla Jehova (26-29)

32  Ha setjhaba se bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng,+ sa bokanela Arone mme sa re ho yena: “Ema o re etsetse modimo ya tla re etella pele+ hobane ha re tsebe hore na ho etsahetseng ka Moshe enwa, ya re eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.”  Arone a re ho setjhaba: “Ntshang masale a kgauta+ a ditsebeng tsa basadi ba lona, tsa bara ba lona le tsa baradi ba lona mme le a tlise ho nna.”  Batho bohle ba ntsha masale a kgauta a ditsebeng tsa bona mme ba a tlisa ho Arone.  A nka kgauta ho bona mme a bopa setshwantsho* sa namane+ ka yona a sebedisa thulusi e betlang. Yaba ba re: “Enwa ke Modimo wa hao, wena Iseraele, ya o etelletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.”+  Ha Arone a bona sena, a haha aletare ka pela yona. Arone a hweletsa mme a re: “Ho tla ba le mokete wa Jehova hosane.”  Letsatsing le latelang setjhaba sa tsoha hoseng mme sa nyehela dinyehelo tsa setjheso le ho tlisa mahlabelo a kopanetsweng. Ka mora moo, setjhaba sa dula fatshe hore se je le ho nwa. Sa ema hore se ithabise.+  Jehova a re ho Moshe: “Theoha hobane setjhaba sa heno seo o se eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta, se itshilafaditse.+  Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng hore se tsamaye ka yona.+ Se iketseditse setshwantsho* sa namane ka kgauta mme se ntse se e inamela le ho e etsetsa mahlabelo le ho re, ‘Enwa ke Modimo wa hao, Wena Iseraele, ya o eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.’”  Jehova a re ho Moshe: “Ke bone hore setjhaba sena se manganga.*+ 10  Ntlohele ke se halefele mme ke se fedise, ke etse wena setjhaba se seholo ho ena le sona.”+ 11  Moshe a kopa Jehova Modimo wa hae+ mme a re: “Jehova, ke hobaneng ha o halefela setjhaba sa hao ka mora ho se ntsha naheng ya Egepeta ka letsoho le matla?+ 12  O se ke wa dumella Baegepeta hore ba re, ‘O ne a ena le morero o mobe ha a ntsha Baiseraele Egepeta. O ne a batla ho ba bolaela dithabeng le ho ba fedisa lefatsheng.’+ Kokobetsa kgalefo ya hao mme o fetole* qeto ya hao ya ho tlisetsa setjhaba sa hao tlokotsi. 13  Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Iseraele, bao o ba hlapanyeditseng ka wena wa re: ‘Ke tla etsa hore bana* ba lona ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo+ mme ke tla fa bana* ba lona naha ena yohle e le hore ba e nke mme e be ya bona ka mehla yohle.’”+ 14  Jehova a fetola* maikutlo a hae a ho tlisetsa setjhaba sa hae tlokotsi.+ 15  Ka mora moo, Moshe a furalla mme a theoha thabeng a nkile matlapa a mabedi a Bopaki+ letsohong la hae.+ Matlapa ao a ne a ngotswe ka mahlakoreng a mabedi, a ngotswe ka pele le ka morao. 16  Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo mme mongolo o ngotsweng ka ho fatwa hodima ona e ne e le wa Modimo.+ 17  Ha Joshua a utlwa lerata la batho ba neng ba hweleditse, a re ho Moshe: “Ho utlwahala eka batho ba a lwana ditenteng.” 18  Empa Moshe a re: “Ha se modumo wa ho bina ka lebaka la ho hlola*Ebile ha se modumo wa ho lla ka lebaka la ho hlolwa.Ke utlwa modumo wa mofuta o mong wa mmino.” 19  Hang ha Moshe a fihla haufi le ditente mme a bona namane+ le metjeko, a halefa haholo mme a lahlela matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela botlaseng ba thaba.+ 20  A nka namane eo ba e entseng, a e tjhesa mollong yaba o e silakanya ho fihlela e le phofo.+ A e hasanya hodima metsi mme a a nwesa Baiseraele.+ 21  Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o entseng hore ebe o se tliseditse sebe se seholo hakaale?” 22  Arone a re: “O se ke wa halefa morenaka. O tseba hantle hore setjhaba sena se tlwaetse ho etsa dintho tse mpe.+ 23  Se ile sa re ho nna, ‘Re etsetse modimo ya tla re etella pele hobane ha re tsebe hore na ho etsahetseng ka Moshe enwa ya re eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.’+ 24  Ka re ho sona, ‘Mang kapa mang ya nang le kgauta a e ntshe mme a mphe yona.’ Yaba ke e lahlela mollong mme ha tswa namane ena.” 25  Moshe a bona hore setjhaba se ne se tswile taolong hobane Arone ha a ka a se thiba mme se ile sa itlotlolla ka pela bahanyetsi ba sona. 26  Moshe a ema keiting ya diahelo mme a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la Jehova? A tle ho nna!”+ Balevi kaofela ba mo bokanela. 27  A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o itse, ‘E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae mme a tsamaye hohle ditenteng ho tloha keiting e nngwe ho ya ho e nngwe, a bolaye ngwanabo, moahisani wa hae le motho eo a mo tlwaetseng haholo.’”+ 28  Balevi ba etsa seo Moshe a se boletseng. Banna ba ka bang 3 000 ba bolawa letsatsing leo. 29  Moshe a re: “Ikgalaletseng* kajeno bakeng sa tshebeletso ya Jehova hobane e mong le e mong wa lona o lwantshitse mora wa hae le ngwanabo.+ Kajeno Modimo o tla le hlohonolofatsa.”+ 30  Letsatsing le latelang, Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Ke tla nyolohela ho Jehova ho bona hore na nka le kopela tshwarelo bakeng sa sebe sa lona.”+ 31  Moshe a kgutlela ho Jehova mme a re: “Setjhaba sena se entse sebe se seholo hakaakang! Se iketseditse modimo wa kgauta.+ 32  Haeba o rata, tshwarela sebe sa sona.+ Empa haeba ho se jwalo, ke kopa o hlakole lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngotseng.”+ 33  Le ha ho le jwalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ya ntshitetsweng ke tla mo hlakola bukeng ya ka. 34  Tsamaya, o etelle setjhaba pele ho ya sebakeng seo ke o boleletseng ka sona. Lengeloi la ka le tla o etella pele+ mme ke tla ahlola setjhaba ka lebaka la sebe sa sona letsatsing leo ke se hlahlobang.” 35  Jehova a otla setjhaba ka lebaka la namane eo se neng se kopile Arone hore a se etsetse yona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”
Kapa: “o ikutlwe o swabile ka.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “a ikutlwa a swabile.”
Kapa: “ketso e matla.”
Ka Seheberu: “Tlatsang matsoho a lona.”