Exoda 34:1-35

  • Ho etswa matlapa a matjha a lejwe (1-4)

  • Moshe o bona kganya ya Jehova (5-9)

  • Dintlha tsa selekane di a phetwa (10-28)

  • Sefahleho sa Moshe se ntsha mahlasedi (29-35)

34  Jehova a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a tshwanang le a pele+ mme ke tla ngola hodima ona mantswe a neng a le matlapeng a pele+ ao o a pshatlileng.+  Itokisetse letsatsi la hosane ka ha o tla nyolohela Thabeng ya Sinai hoseng mme o eme teng ka pela ka hodima thaba.+  Empa ho se ke ha eba le ya nyolohang le wena mme ho se ke ha eba le motho e mong thabeng yohle. Esita le dinku le dipodi kapa diphoofolo tse kgolo, di se ke tsa fula ka pela thaba eo.”+  Moshe a betla matlapa a mabedi a kang a pele mme a tsoha hoseng haholo a nyolohela Thabeng ya Sinai feela jwalo ka ha Jehova a mo laetse. O ne a nkile matlapa a mabedi letsohong la hae.  Jehova a theoha+ ka leru mme a ema le yena moo yaba o bolela lebitso la Jehova.+  Jehova o ne a feta ka pela hae mme a re: “Ke nna Jehova, ke nna Jehova, Modimo ya mohau+ le ya nang le kutlwelobohloko,*+ ya diehang ho halefa+ le ya nang le lerato*+ le nnete,*+  ya bontshang lerato*+ ho ba dikete, ya tshwarelang phoso, tlolo le sebe+ empa ho hang a sa tlohele ya molato hore a se ke a fuwa kotlo,+ ya tlisang kotlo ho bara le ho ditloholo bakeng sa phoso ya bontate ba bona mme a tlisa kotlo ho moloko wa boraro le wa bone.”+  Moshe a inama ka potlako yaba o a kgumama.*  A re: “Haeba ke a o kgahlisa* Jehova, ke a o kopa Jehova, tsamaya le rona+ mme o be hara rona le hoja re le setjhaba se manganga.*+ O tshwarele phoso ya rona le sebe+ sa rona mme o re nke re le setjhaba sa hao.” 10  Modimo a re: “Ke etsa selekane:* Ke tla etsa dintho tse hlollang ka pela setjhaba sohle sa heno, tseo ho seng mohla di kileng tsa etswa lefatsheng lohle kapa hara ditjhaba tsohle+ mme setjhaba sohle seo o dulang le sona se tla bona mosebetsi wa Jehova hobane ntho eo ke e etsang ka wena e a hlolla.+ 11  Le mamele ka hloko seo ke le laelang sona kajeno.+ Ke tlosa Baamore, Bakanana, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse ka pela lona.+ 12  Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha eo le yang ho yona,+ ho seng jwalo e tla ba leraba hara lona.+ 13  Empa le dihe dialetare tsa bona le pshatle dipilara tsa bona tse halalelang mme le reme dipalo tsa bona tse halalelang.*+ 14  Le se ke la inamela modimo e mong+ hobane Jehova o tsebahala e le* ya batlang hore batho ba hae ba inehele ho yena feela.* Ke Modimo ya batlang hore batho ba hae ba inehele ho yena feela.+ 15  Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela medimo ya bona mme ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+ 16  Le tla nkela bara ba lona baradi ba bang ba bona+ mme ha baradi ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela medimo ya bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele medimo ya bona.+ 17  O se ke wa iketsetsa medimo e entsweng ka tshepe.+ 18  O keteke Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.+ O je mahobe a se nang tomoso feela jwalo ka ha ke o laetse. O etse sena ka matsatsi a supileng ka nako e behilweng ka kgwedi ya Abibe*+ hobane o tswile Egepeta ka kgwedi ya Abibe. 19  Matsibolo ohle a matona* ke a ka+ ha mmoho le diphoofolo tsa hao ebang ke poho kapa nku e tona ya letsibolo.+ 20  O lopolle letsibolo la tonki ka nku. Haeba o sa le lopolle o le robe molala. O lopolle matsibolo ohle a bara ba hao.+ Ho se ke ha eba le motho ya tlang ho nna a sa nka letho. 21  O sebetse ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa o phomole.*+ O phomole esita le ka nako ya ho lema le ya kotulo. 22  O keteke Mokete wa Dibeke ka dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa kotulo ya koro mme qalong ya selemo o keteke Mokete wa ho Bokella.*+ 23  Banna bohle ba hao ba hlahe ka pela Morena wa nnete Jehova, Modimo wa Iseraele ka makgetlo a mararo ka selemo.+ 24  Ke tla lelekela ditjhaba hole le wena+ mme ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo mme ha ho ya tla lakatsa naha ya hao ha o nyoloha ho ya bona sefahleho sa Jehova Modimo wa hao hararo ka selemo. 25  Ha o nketsetsa sehlabelo, o se ke wa fana ka madi ha mmoho le ntho le ha e le efe e nang le tomoso.+ Sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa behwa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+ 26  O tlise dihlahiswa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butswitseng tse tswang mobung wa hao ka tlung ya Jehova Modimo wa hao.+ O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”+ 27  Jehova a re ho Moshe: “O ngole mantswe ana+ hobane ke etsa selekane le wena le Iseraele tumellanong le ona.”+ 28  A dula moo le Jehova ka matsatsi a 40 le masiu a 40. O ne a sa je bohobe ebile a sa nwe metsi.+ Yaba o* ngola mantswe a selekane e leng Melao e Leshome*+ hodima matlapa. 29  Moshe a theoha Thabeng ya Sinai mme matlapa a mabedi a Bopaki a ne a le letsohong la hae.+ Ha a theoha thabeng, Moshe o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se ntsha mahlasedi hobane a buile le Modimo. 30  Ha Arone le Baiseraele bohle ba bona Moshe, ba hlokomela hore sefahleho sa hae se ntsha mahlasedi mme ba ne ba tshaba ho mo atamela.+ 31  Empa Moshe a ba bitsa. Arone le dikgosana tsohle tsa setjhaba ba tla ho yena yaba Moshe o bua le bona. 32  Ka mora moo, Baiseraele bohle ba atamela ho yena mme a ba bolella ditaelo tsohle tseo Jehova a mo fileng tsona Thabeng ya Sinai.+ 33  Ha Moshe a qeta ho bua le bona, o ne a ikwahela sefahleho ka lesira.+ 34  Empa ha Moshe a kena ka pela Jehova ho ya bua le yena, o ne a tlosa lesira ho fihlela a tswa.+ Ka mora moo, o ne a tswa mme a bolella Baiseraele ditaelo tseo a di fuweng.+ 35  Baiseraele ba bona hore sefahleho sa Moshe se ntsha mahlasedi. Yaba Moshe o ikwahela sefahleho hape ka lesira ho fihlela a kena ho ya bua le Modimo.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ya tshepahalang.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mosa.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
A thetsitse fatshe ka hlooho.
Ka Seheberu: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao.”
Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”
Ka Seheberu: “Jehova, lebitso la hae ke.”
Kapa: “ya sa dumelleng hore ba bang ba hlodisane le yena.”
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Ntho e nngwe le e nngwe e bulang popelo.”
Kapa: “o boloke sabatha.”
Hape o tsejwa e le Mokete wa Maphephe (Ditabernakele).
Mona ho buuwa ka Jehova. Sheba temana ya 1.
Ka Seheberu: “Mantswe a Leshome.”
Ka Seheberu: “yena.”