Exoda 35:1-35

  • Melao ya Sabatha (1-3)

  • Monehelo wa tabernakele (4-29)

  • Bezaliele le Oholiabe ba filwe moya wa Modimo (30-35)

35  Ha morao Moshe a bokella setjhaba sohle sa Baiseraele mme a re ho sona: “Tsena ke dintho tseo Jehova a laetseng hore di etswe:+  Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng empa letsatsi la bosupa e tla ba letsatsi le halalelang ho lona. E tla ba sabatha mme le lokela ho phomola ka ho feletseng, e a halalela ho Jehova.+ Mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.+  Le se ke la besa mollo dibakeng tseo le dulang ho tsona ka letsatsi la Sabatha.”  Moshe a re ho setjhaba sohle sa Baiseraele: “Sena ke seo Jehova a se laetseng,  ‘Ntshetsang Jehova monehelo.+ Kaofela ha lona le tlisetse Jehova monehelo ka pelo yohle.+ Le tlise kgauta, silevera, koporo,  kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu, line ya boleng bo botle, boya ba podi,+  matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu, matlalo a diqibi,* difate tsa leoka,  oli bakeng sa mabone, balsame bakeng sa oli e halalelang* le bakeng sa dibano tse nkgang ha monate,+  majwe a onikse le majwe a mang a hlongwang hodima efoda+ le mokotlaneng wa sefuba.+ 10  Bohle ba tsebang* ho etsa mosebetsi wa matsoho+ hara lona ba ke ba tle mme ba etse dintho tsohle tseo Jehova a laetseng hore di etswe, 11  e leng tabernakele le tente* ya yona le sekwahelo sa yona, dihakisi tsa yona le diforeimi tsa yona, dipalo tsa yona, dipilara tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti, 12  Areka+ le dipalo+ tsa yona, sekwahelo+ le kgaretene+ e hakuwang ka pela yona, 13  tafole+ le dipalo tsa yona le disebediswa tsohle tsa yona le bohobe ba pontsho,+ 14  sedulwana sa lebone+ bakeng sa kganya le disebediswa tsa sona le mabone a sona le oli ya ho kgantsha,+ 15  aletare ya dibano+ le dipalo tsa yona, oli e halalelang le dibano tse nkgang ha monate,+ kgaretene ya monyako wa tabernakele, 16  aletare ya nyehelo ya setjheso+ le sefe ya yona ya koporo, dipalo tsa yona le disebediswa tsohle tsa yona, beisine le sedulwana sa yona,+ 17  masela a lepeletseng a lebala,+ dipilara tsa ona le ditshehetso tsa tsona tse sekoti, kgaretene ya keiti ya lebala, 18  ditshepe* tsa tente ya tabernakele le ditshepe tsa tente ya lebala le dithapo tsa tsona,+ 19  diaparo tse lohilweng hantle+ bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, diaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone+ le diaparo tsa bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista.’” 20  Setjhaba sohle sa Baiseraele sa tloha ka pela Moshe. 21  Batho bohle bao dipelo tsa bona di neng di ba susumelletsa+ ho fana, ba tlisa menehelo ya bona ho Jehova hore e sebedisetswe tabernakele,* bakeng sa tshebeletso yohle ya yona le bakeng sa diaparo tse halalelang. 22  Banna le basadi ba nna ba tla mme kaofela ha bona ba fana ka menehelo ho tswa pelong. Ba tlisa dipele, masale, direng le mabenyane a mang, ho akarelletsa le mefuta yohle ya dintho tsa kgauta. Kaofela ha bona ba ile ba tlisa dinyehelo* tsa bona tsa kgauta ho Jehova.+ 23  Bohle ba neng ba ena le kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu, line ya boleng bo botle, boya ba podi, matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu le matlalo a diqibi,* ba di tlisa. 24  Bohle ba neng ba batla ho fana ka silevera le koporo ba tlisa monehelo wa Jehova mme bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka bakeng sa karolo le ha e le efe ya mosebetsi ba di tlisa. 25  Basadi bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho+ ba tlisa dintho tseo ba di entseng, e leng kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle. 26  Basadi bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho, ba ileng ba ithaopa ho tswa pelong, ba ile ba etsa kgwele ka boya ba podi. 27  Dikgosana tsa tlisa majwe a onikse le majwe a mang a tla hlongwa hodima efoda le mokotlaneng wa sefuba+ 28  le balsame, oli e kgantshang, oli e halalelang+ le dibano tse nkgang ha monate.+ 29  Banna le basadi bohle ba ileng ba ithaopa ho tswa pelong, ba tlisa dintho bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etswe a sebedisa Moshe. Baiseraele ba di tlisa ho Jehova e le nyehelo ya boithaopo.+ 30  Moshe a re ho Baiseraele: “Jehova o kgethile Bezaliele mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda.+ 31  Modimo o mo file moya wa hae e le hore a ka ba bohlale, a be le kutlwisiso le tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle ya matsoho, 32  a qape disebediswa, a sebetse ka kgauta, silevera le koporo, 33  a betle majwe a bohlokwa le ho a kenya didulwaneng le hore a etse thepa ya mefuta yohle ya lepolanka. 34  Modimo o file yena le Oholiabe+ mora wa Ahisamake wa leloko la Dane bokgoni ba ho ruta. 35  O ba file bokgoni*+ ba ho etsa mosebetsi wohle wa setsebi sa mosebetsi wa matsoho le wa mokgabisi ya rokellang le wa selohi se sebedisang kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle le wa motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela. Banna bana ba tla etsa mesebetsi yohle le disebediswa tsa mefuta yohle.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng phoofolo ya lewatleng.
Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.
Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”
Ho ka etsahala hore ho buuwa ka masela a entsweng ka boya ba podi. (Exoda 26:7)
E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.”
Kapa: “dinyehelo tse tsokwang.”
E leng phoofolo ya lewatleng.
Ka Seheberu: “pelo e bohlale.”