Exoda 36:1-38

  • Ho ntshitswe monehelo o mongata (1-7)

  • Ho hahwa tabernakele (8-38)

36  Bezaliele o tla sebetsa le Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho,* bao Jehova a ba fileng bohlale le kutlwisiso e le hore ba tsebe ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso e halalelang feela jwalo ka ha Jehova a laetse.”+  Moshe a bitsa Bezaliele, Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho bao Jehova a kentseng bohlale dipelong tsa bona,+ e leng banna bohle bao dipelo tsa bona di ileng tsa ba susumelletsa ho ithaopela ho etsa mosebetsi oo.+  Ba nka monehelo+ wohle ho Moshe, oo Baiseraele ba neng ba o tlisitse bakeng sa mosebetsi wa tshebeletso e halalelang. Le ha ho le jwalo, ba nna ba mo tlisetsa dinyehelo tsa boithaopo hoseng ho hong le ho hong.  Ka mora hore ba qale ho etsa mosebetsi o halalelang, basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho ba ne ba tla ba latellana  mme ba re ho Moshe: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata haholo ho feta tse hlokehang bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etswe.”  Moshe a laela hore ho etswe tsebiso hohle ditenteng, e reng: “Banna le basadi, le se ke la hlola le tlisa thepa e eketsehileng bakeng sa monehelo o halalelang.” Setjhaba sa thibelwa ho tlisa dintho le ha e le dife.  Thepa e ne e lekane bakeng sa mosebetsi wohle o neng o tlo etswa. E ne e bile e feta tekanyo.  Basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho+ ba etsa tabernakele+ ka masela a tente a leshome a line ya boleng bo botle e lohilweng le ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu mme a* rokella mokgabiso wa dikerubime ho wona.+  Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba dimithara tse ka bang 12* mme le le bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela ohle a tente a ne a lekana. 10  A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. A boela a kopanya masela a mang a mahlano a tente hore e be lesela le leng hape le leholo. 11  Ka mora moo a etsa dikgoketsane* ka kgwele e putswa qetellong ya lesela ka leng le leholo moo masela ana a mabedi a tla kopanngwa teng. 12  A etsa dikgoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente mme a etsa dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente e le hore dikgoketsane di shebane moo di tlo kopanngwa teng. 13  Qetellong, a etsa dihakisi tse 50 tsa kgauta mme a kopanya masela a tente ka tsona hore e be lesela le le leng la tabernakele. 14  A etsa masela a tente a 11+ a entsweng ka boya ba podi ho kwahela masela a line a hodima tabernakele. 15  Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba dimithara tse ka bang 13* le bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela a 11 a tente a ne a lekana. 16  A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo mme a kopanya masela a mang a tsheletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. 17  Ka mora moo, a etsa dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng le leholo la tente le dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a tla kopana teng. 18  A etsa dihakisi tse 50 tsa koporo bakeng sa ho kopanya tente hore e be ntho e le nngwe. 19  A etsetsa tente matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu bakeng sa ho e kwahela le matlalo a diqibi* a tla dula hodima ona.+ 20  A etsa diforeimi tse emeng+ tsa tabernakele ka sefate sa leoka.+ 21  Foreimi ka nngwe e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang nne* mme bophara ba yona e le disenthimithara tse ka bang 67.* 22  Foreimi ka nngwe e ne e ena le dikarolo tse pedi tse kgohlelang* tse kopantsweng. O ile a etsa diforeimi tsohle tsa tabernakele ka tsela eo. 23  A etsa diforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le ka borwa la tabernakele. 24  A etsa ditshehetso tse sekoti tsa silevera tse 40 hore di be ka tlasa diforeimi tse 20, ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e le nngwe bakeng sa dikarolo tsa yona tse pedi tse kgohlelang le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e nngwe le e nngwe bakeng sa dikarolo tsa yona tse pedi tse kgohlelang.+ 25  A etsa diforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele, e leng lehlakore le ka leboya 26  le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 40 tsa silevera, ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e le nngwe le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e nngwe le e nngwe. 27  A etsa diforeimi+ tse tsheletseng bakeng sa karolo e ka morao ya tabernakele, e leng karolo e ka bophirimela. 28  A etsa diforeimi tse pedi tse tla ema dikhoneng tse pedi tse ka morao tsa tabernakele. 29  Diforeimi tseo di ile tsa etswa hore di be pedi ho tloha tlase ho ya fihla hodimo moo ho nang le reng ya pele. Ke seo a ileng a se etsa ka diforeimi tseo tse pedi tse dikhoneng. 30  E ne e le diforeimi tse robedi le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 16 tsa silevera. Ho ne ho ena le ditshehetso tse pedi tse sekoti ka tlasa foreimi ka nngwe. 31  A etsa dipalo ka sefate sa leoka. A etsa tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele+ 32  le dipalo tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele le tse hlano bakeng sa diforeimi tse karolong e ka morao ya tabernakele ka lehlakoreng le ka bophirimela. 33  A etsa hore palo e bohareng ba diforeimi e tlohe ntlheng e nngwe ho ya fihla ntlheng e nngwe. 34  A kwahela diforeimi ka kgauta mme a etsa hore direng tsa tsona tsa kgauta e be ditshehetso bakeng sa dipalo yaba o kwahela dipalo ka kgauta.+ 35  A etsa kgaretene+ ya sehalalelo ka kgwele e putswa, ka ulu e pherese, ka lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng. A rokella mokgabiso+ wa dikerubime+ ho yona. 36  A e etsetsa dipilara tse nne ka sefate sa leoka yaba o di kwahela ka kgauta, a etsa le dihakisi tsa kgauta mme a etsetsa dipilara ditshehetso tse nne tse sekoti tsa silevera. 37  Ka mora moo, a etsa kgaretene ya monyako wa tente ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng mme a di rokella ha mmoho.+ 38  A etsa le dipilara tsa yona tse hlano le dihakisi tsa yona. A di kwahela ka kgauta ka hodimo mme a kwahela le direng* tsa tsona ka kgauta empa ditshehetso tsa tsona tse hlano tse sekoti e ne e le tsa koporo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “le monna e mong le e mong ya nang le pelo e bohlale.”
Mona ho buuwa ka Bezaliele.
Ka Seheberu: “ditswe tse 28.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”
Masoba a entsweng ka kgwele.
Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”
Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”
E leng phoofolo ya lewatleng.
Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”
Ka Seheberu: “setswe le halofo.”
Kapa: “dipalo tse emeng.”
Kapa: “dihokelo.”