Exoda 38:1-31

  • Aletare ya nyehelo ya setjheso (1-7)

  • Beisine ya koporo (8)

  • Lebala (9-20)

  • Lethathamo la dintho tse sebedisitsweng ho haha tabernakele (21-31)

38  A etsa aletare ya nyehelo ya setjheso ka sefate sa leoka. E ne e ena le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi,* bophara ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi le bophahamo bo ka hodimonyana ho mithara.*+  A etsa manaka a yona dikhoneng tsa yona tse nne. Manaka a yona e ne e le ntho e le nngwe le yona yaba o e kwahela ka koporo.+  Ka mora moo, a etsa disebediswa tsohle tsa aletare e leng dinkgo, dikgarafu, dikotlolo, difereko le dipane tsa mollo. A etsa disebediswa tsohle tsa yona ka koporo.  A boela a etsetsa aletare sefe ya koporo tlasa foreimi ya yona, ho elella tlase bohareng ba yona.  A etsa direng tse nne dikhoneng tse nne haufi le sefe ya koporo e le ditshehetso bakeng sa dipalo.  Ka mora moo, a etsa dipalo ka sefate sa leoka mme a di kwahela ka koporo.  A kenya dipalo ka hara direng tse mahlakoreng a aletare bakeng sa ho e jara. A etsa aletare hore e be lebokose le bulehileng la mapolanka.  A etsa beisine ya koporo+ le sedulwana sa yona sa koporo. A di etsa ka diipone* tsa basadi ba neng ba hlophisitswe hore ba sebeletse monyako wa tabernakele.*  Yaba o kampela lebala.+ Ka lehlakoreng le ka borwa a kampela lebala ka masela a lepeletseng a line ya boleng bo botle e lohilweng, a etsang bolelele ba dimithara tse ka bang 45.*+ 10  Ho ne ho ena le dipilara tse 20 le ditshehetso tse sekoti tse 20 tsa koporo mme dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 11  Hape, ka lehlakoreng le ka leboya, ho ne ho ena le masela a lepeletseng a etsang bolelele ba dimithara tse ka bang 45.* Dipilara tsa ona tse 20 le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 20 e ne e le tsa koporo. Dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 12  Ka lehlakoreng le ka bophirimela, masela a lepeletseng a ne a le bophara ba dimithara tse ka bang 22.* Ho ne ho ena le dipilara tse leshome le ditshehetso tse sekoti tse leshome mme dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 13  Lehlakore le ka botjhabela le ne le le bophara ba dimithara tse ka bang 22.* 14  Ho ne ho ena le masela a lepeletseng a dimithara tse ka bang supa* ka lehlakoreng le leng la keiti le dipilara tse tharo le ditshehetso tse sekoti tse tharo. 15  Ka lehlakoreng le leng la keiti ya lebala le teng ho ne ho ena le masela a lepeletseng a dimithara tse ka bang supa* le dipilara tse tharo le ditshehetso tse sekoti tse tharo. 16  Masela ohle a lepeletseng ho potoloha lebala e ne e le a line ya boleng bo botle e lohilweng. 17  Ditshehetso tse sekoti bakeng sa dipilara e ne e le tsa koporo, dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. Dipilara di ne di kwahetswe ka silevera dihloohong tsa tsona mme ho ne ho ena le dintho tse tlamang tsa silevera bakeng sa dipilara tsohle tsa lebala.+ 18  Kgaretene ya keiti ya lebala e ne e lohilwe ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng. E ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang robong* mme e le bophahamo ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi,* e lekana le masela a lepeletseng a lebala+ ka bophahamo. 19  Dipilara tsa yona tse nne le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse nne e ne e le tsa koporo. Dihakisi le direng* tsa yona e ne e le tsa silevera mme dipilara di ne di kwahetswe ka silevera dihloohong tsa tsona. 20  Ditshepe* tsohle tsa tente bakeng sa tabernakele le bakeng sa lebala kaofela e ne e le tsa koporo.+ 21  Lethathamo le latelang* ke leo Moshe a ileng a laela hore le etswe. Ke la dintho tse sebedisitsweng ho haha tabernakele, e leng tabernakele ya Bopaki.+ E ne e le boikarabelo ba Balevi+ ho le etsa, ba tataiswa ke Ithamare+ mora wa moprista Arone. 22  Bezaliele+ mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda a etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 23  O ne a ena le Oholiabe+ mora wa Ahisamake wa leloko la Dane, eo e neng e le setsebi sa mosebetsi wa matsoho le mokgabisi ya rokang ebile e le selohi sa kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle. 24  Kgauta yohle e ileng ya sebediswa bakeng sa mosebetsi wohle wa sebaka se halalelang e ne e le kgauta e neng e fanwa e le nyehelo e tsokwang.+ E ne e le boima ba dikhilokramo tse ka bang 1 000* ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.* 25  Silevera ya ba ngodisitsweng setjhabeng e ne e le boima ba dikhilokramo tse ka bang 3 440* ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.* 26  Monna e mong le e mong ya neng a le hara ba ngodisitsweng ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo,+ a tlisa silevera e etsang dikramo tse ka bang tshelela* ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang* mme banna bana ba ne ba le 603 550.+ 27  Ho ile ha sebediswa silevera e etsang dikhilokramo tse 3 420* ho etsa ditshehetso tse sekoti tsa sebaka se halalelang le ditshehetso tse sekoti tsa kgaretene ya sehalalelo. Ditshehetso tse sekoti tse 100 di ne di lekana le dikhilokramo tse 3 420, setshehetso ka seng se sekoti+ se ne se etsa dikhilokramo tse ka bang 34.* 28  A etsa dihakisi bakeng sa dipilara ka silevera e boima ba dikhilokramo tse ka bang 20* mme a kwahela dihlooho tsa dipilara ka silevera yaba o di kopanya ha mmoho. 29  Koporo ya nyehelo* e ne e etsa dikhilokramo tse ka bang 2 420.* 30  Ka yona a etsa ditshehetso tse sekoti tsa monyako wa tabernakele,* aletare ya koporo le sefe ya yona ya koporo, disebediswa tsohle tsa aletare, 31  ditshehetso tse sekoti ho potoloha lebala, ditshehetso tse sekoti tsa keiti ya lebala le ditshepe* tsohle tsa tente tsa tabernakele le ditshepe tsohle tsa tente+ ho potoloha lebala.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditswe tse tharo.”
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
E leng diipone tsa tshepe tse bentshitsweng haholo.
Ka Seheberu: “tente ya pokano.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”
Kapa: “dihokelo.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”
Kapa: “dihokelo.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”
Kapa: “dihokelo.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 15.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 15.”
Kapa: “dihokelo.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”
Kapa: “dihokelo.”
E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.
Le hlaha temaneng ya 24-31.
Ka Seheberu: “ditalenta tse 29 le dishekele tse 730.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100 le dishekele tse 1 775.”
Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “halofo ya shekele.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.”
Ka Seheberu: “talenta e le nngwe.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 1 775.”
Kapa: “nyehelo e tsokwang.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 70 le dishekele tse 2 400.”
Ka Seheberu: “tente ya pokano.”
E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.