Exoda 4:1-31

  • Mehlolo e meraro eo Moshe a lokelang ho e etsa (1-9)

  • Moshe o ikutlwa a se na bokgoni (10-17)

  • Moshe o kgutlela Egepeta (18-26)

  • Moshe o kopana le Arone hape (27-31)

4  Moshe a re: “Empa ba ka nna ba se nkgolwe hape ba se ke ba mmamela.+ Ba ka nna ba re, ‘Jehova ha a ka a hlaha ho wena.’”  Jehova a re ho yena: “Ntho eo e letsohong la hao ke eng?” Yaba o re: “Ke molamu.”*  Modimo a re: “O lahlele fatshe.” A o lahlela fatshe mme wa fetoha noha+ yaba Moshe o a e baleha.  Jehova a re ho Moshe: “E tshware ka mohatla.” A e tshwara yaba e fetoha molamu letsohong la hae.  Modimo a re: “O etse sena hore ba tle ba dumele hore nna Jehova Modimo wa baholoholo ba bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka le Modimo wa Jakobo,+ ke hlahile ho wena.”+  Jehova a re ho yena: “Ke kopa o kenye letsoho la hao ka hara karolo e sefubeng ya seaparo sa hao.” A le kenya. Ha a le ntsha, le ne le otlilwe ka lepera, le le jwalo ka lehlwa.+  Yaba o re: “Kgutlisetsa letsoho la hao ka hara karolo e sefubeng ya seaparo sa hao.” A kgutlisetsa letsoho ka hara seaparo sa hae. Ha a le ntsha, le ne le fodile le tshwana le mmele wohle wa hae.  Modimo a re: “Haeba ba sa o kgolwe kapa ba iphapanyetsa mohlolo wa pele, ba tla o kgolwa ha ba bona mohlolo wa bobedi.+  Haeba ba ntse ba sa kgolwe mehlolo ena e mmedi mme ba hana ho o mamela, o tla kga metsi a Noka ya Nile mme o a qhalle fatshe moo ho ommeng. Metsi ao a tla fetoha madi moo ho ommeng.”+ 10  Moshe a re ho Jehova: “Ntshwarele Jehova, haesale ke le motho ya sa kgoneng ho bua hantle*+ mme haesale ke le jwalo le ho tloha ha o ne o bua le nna.” 11  Jehova a re ho yena: “Ke mang ya etseditseng motho molomo kapa ya etsang hore motho a se ke a kgona ho bua, ho utlwa ditsebeng, ho bona hantle kapa hore a foufale? Na ha se nna Jehova? 12  Tsamaya, ke tla ba le wena ha o ntse o bua* mme ke tla o bolella* hore na o reng.”+ 13  Moshe a re: “Ntshwarele Jehova, ke kopa o rome motho e mong.” 14  Jehova a halefela Moshe yaba o re: “O na le abuti wa hao wa Molevi e leng Arone.+ Ke a tseba hore yena o kgona ho bua hantle. Hona jwale o tseleng ho tla kopana le wena mme ha a o bona, o tla thaba haholo.+ 15  O mo bolelle hore na a reng.+ Ke tla ba le lona ha le ntse le bua+ mme ke tla le bolella hore na le etseng. 16  O tla o buella ho batho, e tla ba mmuelli wa hao mme o tla ba jwalo ka Modimo ho yena.*+ 17  O tla tshwara molamu ona mme o etse mehlolo ka wona.”+ 18  Moshe a kgutlela ho Jethro ntate wa mosadi wa hae+ mme a re ho yena: “Ke kopa o ntumelle hore ke tsamaye, ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta ke yo bona hore na ba sa ntse ba phela.” Jethro a re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso.” 19  Ka mora moo, Jehova a bua le Moshe naheng ya Midiane a re: “Kgutlela Egepeta hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.”+ 20  Moshe a tsamaya le mosadi wa hae le bara ba hae mme a ba palamisa tonki yaba o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a tshwara molamu wa Modimo wa nnete ka letsoho. 21  Jehova a re ho Moshe: “Ha o se o kgutletse Egepeta, o etse mehlolo yohle eo ke o fileng matla a ho e etsa ka pela Faro.+ Empa ke tla mo tlohela* hore a be manganga+ mme a ke ke a tlohela setjhaba hore se tsamaye.+ 22  O re ho Faro, ‘Jehova o re: “Iseraele ke mora wa ka, letsibolo la ka.+ 23  Ke re ho wena, ere mora wa ka a tsamaye e le hore a ntshebeletse. Empa haeba o hana hore a tsamaye, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.”’”+ 24  Ha ba le tseleng, ba le moo ba neng ba tlo phomola teng, Jehova+ a kopana le yena mme o ne a batla ho mo* bolaya.+ 25  Qetellong Zipora+ a nka lejwe le bohale* mme a bolotsa mora wa hae, a etsa hore ntlha ya letlalo la setho sa hae sa botona e ame maoto a hae* yaba o re: “Ke hobane o monyadi wa madi ho nna.” 26  Modimo a mo tlohela. Yaba Zipora o re, “o monyadi wa madi” hobane ke boloditse mora wa ka.* 27  Jehova a re ho Arone: “Tsamaya o ye lefeelleng o yo kopana le Moshe.”+ A tsamaya mme a kopana le yena thabeng ya Modimo wa nnete+ mme a mo dumedisa ka ho mo suna.* 28  Moshe a bolella Arone mantswe ohle a Jehova, Modimo ya neng a mo romile+ le mehlolo yohle eo Modimo a neng a mo laetse hore a e etse.+ 29  Ka mora moo Moshe le Arone ba tsamaya mme ba bokella baholo bohle ba Baiseraele.+ 30  Arone a ba bolella mantswe ohle ao Jehova a neng a a boleletse Moshe mme a etsa mehlolo+ ka pela setjhaba. 31  Setjhaba sa kgolwa+ Moshe. Ha Baiseraele ba utlwa hore Jehova o bone+ ka moo ba sotlehang ka teng,+ ba kgumama yaba ba inamisa dihlooho.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lere.”
Kapa: “ya molomo o boima mme ke leleme le boima.”
Ka Seheberu: “le molomo wa hao.”
Ka Seheberu: “ruta.”
Kapa: “o tla ba moemedi wa Modimo ho yena.”
Ka Seheberu: “ke tla tlohela pelo ya hae.”
Mohlomong ho buuwa ka mora wa Moshe.
Kapa: “thipa ya lejwe.”
Ho ka etsahala hore ebe ke maoto a lengeloi.
Hape ka Seheberu ho ka nna ha thwe, “ka lebaka la lebollo.”
Ho dumedisa motho ka ho mo suna, jwalo ka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tlwaelehileng.