Exoda 5:1-23

  • Moshe le Arone ba ka pela Faro (1-5)

  • Baiseraele ba hatellwa le ho feta (6-18)

  • Baiseraele ba beha Moshe le Arone molato (19-23)

5  Ka mora moo, Moshe le Arone ba ya ho Faro mme ba re ho yena: “Jehova Modimo wa Iseraele o re, ‘Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se yo nketsetsa mokete lefeelleng.’”  Empa Faro a re: “Jehova ke mang+ hore ke mo mamele mme ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaye?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova ebile nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaye.”+  Empa ba re: “Modimo wa Baheberu o buile le rona. Re kopa o re dumelle hore re tsamaye leeto la matsatsi a mararo re ye lefeelleng re yo etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo,+ ho seng jwalo o tla re bolaya ka bolwetse kapa ka sabole.”  Morena wa Egepeta a re ho bona: “Moshe le Arone, ke hobaneng ha le tlohedisa batho mosebetsi? Kgutlelang mosebetsing.”*+  Faro a re: “Bonang hore na batho ba naha ena ba bangata hakae mme lona le batla ho ba tlohedisa mosebetsi.”  Letsatsing lona leo, Faro a laela balaodi le baokamedi ba Baiseraele a re:  “Le se ke la hlola le fa setjhaba jwang hore se etse ditene.+ Ereng se tsamaye se yo ipokellela jwang.  Empa le nne le se batle palo ya ditene e lekanang le ya pele. Le se ke la e fokotsa hobane se botswa.* Ke ka lebaka leo se hweletsang se reng, ‘Re batla ho tsamaya, re batla ho etsetsa Modimo wa rona sehlabelo!’  Se feng mosebetsi o boima le ho feta, se dule se sebetsa e le hore se se ke sa mamela mashano.” 10  Balaodi+ le baokamedi ba setjhaba ba tswa mme ba re ho sona: “Faro o itse, ‘Nke ke ka hlola ke le fa jwang. 11  Tsamayang le yo ipatlela jwang moo le ka bo fumanang teng empa mosebetsi wa lona wona o ke ke wa fokotswa le hanyenyane.’” 12  Setjhaba sa hasana naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhaka ho ena le jwang. 13  Balaodi ba nna ba se qobella ba re: “Qetang mosebetsi wa lona wa letsatsi le letsatsi feela jwalo ka ha le ne le etsa nakong e fetileng ha le ne le fuwa jwang.” 14  Hape baokamedi ba Baiseraele, bao balaodi ba Faro ba ba kgethileng hore ba okamele setjhaba, ba otlwa.+ Ba ile ba ba botsa ba re: “Ke hobaneng ha maobane le kajeno le sa etsa palo ya ditene e lekanang le eo le neng le e etsa pele?” 15  Baokamedi ba Baiseraele ba ya ho Faro mme ba tletleba ba re: “Ke hobaneng ha o re tshwara ka tsela ee? 16  Ha re sa fuwa jwang empa ho thwe re etse ditene. Re a shapuwa empa batho ba hao ke bona ba phoso.” 17  Empa a re: “Le botswa,* le botswa!*+ Ke ka lebaka leo le reng le batla ho tsamaya le yo etsetsa Jehova sehlabelo.+ 18  Kgutlelang mosebetsing. Le ke ke la fuwa jwang empa le nne le fane ka palo ya ditene e lekanang le ya pele.” 19  Baokamedi ba Baiseraele ba bona hore ba ne ba le tsietsing ka lebaka la taelo e reng: “Ho hang le se ke la fokotsa palo ya ditene tseo le di etsang letsatsi le letsatsi.” 20  Ka mora moo, ba kopana le Moshe le Arone, ba neng ba eme moo ho ba kgahlanyetsa ha ba tswa ho Faro. 21  Hanghang baokamedi ba re ho bona: “E se eka Jehova a ka le sheba mme a le ahlola ka ha le entse hore Faro le bahlanka ba hae ba re hloye* mme le behile sabole matsohong a bona hore ba re bolaye.”+ 22  Moshe a rapela Jehova a re: “Jehova, ke hobaneng ha o sotlile setjhaba see? Ke hobaneng ha o nthomile? 23  Ho tloha ha ke fihla ho Faro ho tla bua ka lebitso la hao,+ Faro o sotlile setjhaba sena le ho feta+ mme ho hang ha o a pholosa setjhaba sa hao.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “merwalong.”
Kapa: “se iketlile.”
Kapa: “le iketlile.”
Kapa: “le iketlile.”
Kapa: “le entse hore re nkge hampe ka pela Faro le ka pela bahlanka ba hae.”