Exoda 6:1-30

  • Tshepiso ya hore ba tla lokollwa e phetwa hape (1-13)

    • Lebitso la Jehova ha le eso tsebahale ka ho feletseng (2, 3)

  • Leloko la Moshe le Arone (14-27)

  • Moshe o lokela ho ya ho Faro hape (28-30)

6  Jehova a re ho Moshe: “O tla bona seo ke tla se etsa ho Faro.+ Letsoho la ka le matla le tla mo qobella hore a tlohele batho ba ka ba tsamaye mme a ba leleke naheng ya hae.”+  Modimo a re ho Moshe: “Ke nna Jehova.  Ke ile ka iponahatsa ka makgetlo a mangata ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Modimo ya Matla Ohle+ empa ha ke a ka ka itsebisa ho bona+ ka lebitso la ka la Jehova.+  Hape ke ile ka etsa selekane* sa ka le bona hore ke tla ba fa naha ya Kanana, e leng naha eo ba neng ba dula ho yona e le baditjhaba.+  Jwale ke utlwile sello sa setjhaba sa Iseraele, seo Baegepeta ba se entseng makgoba mme ke hopola selekane sa ka.+  Ere ho Baiseraele, ‘Ke nna Jehova mme ke tla le lokolla mosebetsing o boima wa Baegepeta, ke le pholose bokgobeng ba bona.+ Ke tla le ntsha ka letsoho la ka le matla* le ka dikotlo* tse kgolo.+  Le tla ba setjhaba sa ka mme ke tla ba Modimo wa lona.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona ya le lokollang mosebetsing o boima wa Egepeta.  Ke tla le tlisa naheng eo ke ileng ka ikana* hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo mme ke tla le fa yona.+ Ke nna Jehova.’”+  Ha morao Moshe a bolella Baiseraele molaetsa ona empa ha ba a ka ba mo mamela hobane ba ne ba nyahame mme ba sotleha ka lebaka la bokgoba.+ 10  Jehova a bua le Moshe a re: 11  “Tsamaya o yo bolella Faro, morena wa Egepeta hore a tlohele Baiseraele hore ba tsamaye ba tlohe naheng ya hae.” 12  Le ha ho le jwalo, Moshe a re ho Jehova: “Baiseraele ha ba a mmamela,+ Faro o tla mmamela jwang hobane ha ke kgone ho bua hantle?”+ 13  Empa Jehova a boela a bolella Moshe le Arone ditaelo tseo ba lokelang ho di fa Baiseraele le Faro morena wa Egepeta e le hore a ntshe Baiseraele naheng ya Egepeta. 14  Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Baiseraele: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene. 15  Bara ba Simeone e ne e le Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, Zohare le Shaule mora wa mosadi wa Mokanana.+ Ana ke malapa a Simeone. 16  Ana ke mabitso a bara ba Levi+ ho ya ka meloko ya bona: Gershone, Kohathe le Merari.+ Levi o phetse dilemo tse 137. 17  Bara ba Gershone e ne e le Libni le Shimei, ho ya ka malapa a bona.+ 18  Bara ba Kohathe e ne e le Amrame, Izehare, Hebrone le Uziele.+ Kohathe o phetse dilemo tse 133. 19  Bara ba Merari e ne e le Maheli le Mushi. Ana e ne e le malapa a Balevi ho ya ka meloko ya bona.+ 20  Amrame a nka rakgadi wa hae Jokebede hore e be mosadi wa hae.+ A mo tswalla Arone le Moshe.+ Amrame o phetse dilemo tse 137. 21  Bara ba Izehare e ne e le Kora,+ Nefege le Zikri. 22  Bara ba Uziele e ne e le Mishaele, Elzafane+ le Sithri. 23  Arone a nka Elisheba moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone+ hore e be mosadi wa hae. A mo tswalla Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare.+ 24  Bara ba Kora e ne e le Asire, Elkana le Abiasafe.+ Ana e ne e le malapa a Bakore.+ 25  Eleazare+ mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele hore e be mosadi wa hae. A mo tswalla Finease.+ Tsena ke dihlooho tsa malapa a Balevi ho ya ka malapa a tsona.+ 26  Ke Arone le Moshe bao Jehova a itseng ho bona: “Ntshang setjhaba sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dihlopha.”*+ 27  Moshe le Arone+ ke bona ba ileng ba bua le Faro morena wa Egepeta hore a ntshe setjhaba sa Iseraele Egepeta. 28  Letsatsing leo, ha Jehova a ne a bua le Moshe naheng ya Egepeta, 29  Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke nna Jehova. Bolella Faro morena wa Egepeta dintho tsohle tseo ke o bolellang tsona.” 30  Moshe a re ho Jehova: “Ha ke kgone ho bua hantle, Faro o tla mmamela jwang?”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “le otlolohileng.”
Kapa: “dikahlolo.”
Ka Seheberu: “ka phahamisa letsoho.”
Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”