Exoda 7:1-25

  • Jehova o matlafatsa Moshe (1-7)

  • Molamu wa Arone o fetoha noha e kgolo (8-13)

  • Kotlo ya pele: Metsi a fetoha madi (14-25)

7  Jehova a re ho Moshe: “Ke o entse hore o be jwalo ka Modimo* ho Faro mme abuti wa hao Arone e tla ba moprofeta wa hao.+  O tla bolella abuti wa hao Arone ditaelo tsohle tseo ke tla o fa tsona, yena o tla bua le Faro mme Faro o tla leleka Baiseraele naheng ya hae.  Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ mme ke tla etsa dipontsho le mehlolo e mengata naheng ya Egepeta.+  Empa Faro a ke ke a le mamela mme ke tla bontsha Egepeta matla a ka ka hore ke ntshe setjhaba sa ka se sengata* sa Baiseraele naheng ya Egepeta ka dikotlo* tse kgolo.+  Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova+ ha ke otlolla letsoho la ka ke otla Egepeta ke bile ke ntsha Baiseraele hara bona.”  Moshe le Arone ba etsa ka moo Jehova a neng a ba laetse ka teng. Ba fela ba etsa jwalo.  Moshe o ne a le dilemo di 80 mme Arone a le dilemo di 83 ha ba bua le Faro.+  Jehova a re ho Moshe le Arone:  “Haeba Faro a re ho lona, ‘Etsang mohlolo,’ jwale wena o re ho Arone, ‘Nka molamu wa hao mme o o lahlele fatshe ka pela Faro.’ O tla fetoha noha e kgolo.”+ 10  Moshe le Arone ba ya ho Faro mme ba etsa hantle feela jwalo ka ha Jehova a ne a ba laetse. Arone a lahlela molamu wa hae fatshe ka pela Faro le bahlanka ba hae mme wa fetoha noha e kgolo. 11  Le ha ho le jwalo, Faro a bitsa banna ba bohlale le baloi mme baprista ba maselamose ba Egepeta+ le bona ba etsa ntho e tshwanang.+ 12  Kaofela ba lahlela melamu fatshe yaba e fetoha dinoha tse kgolo empa molamu wa Arone wa kwenya melamu ya bona. 13  Ho ntse ho le jwalo, Faro a ba manganga*+ yaba ha a ba mamele feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile. 14  Jehova a re ho Moshe: “Faro o manganga.+ O hanne ho tlohela setjhaba hore se tsamaye. 15  Hoseng o ye ho Faro hobane o tla be a ya nokeng. O eme moeding wa Noka ya Nile hore o kopane le yena mme o nke molamu o ileng wa fetoha noha.+ 16  O re ho yena, ‘Jehova Modimo wa Baheberu o nthomile ho wena+ mme o re: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye e le hore ba tle ba ntshebeletse lefeelleng” empa le hona jwale o ntse o eso mamele. 17  Jehova o itse: “O tla tseba ka sena hore ke nna Jehova.+ Ke otla metsi a Nokeng ya Nile ka molamu o letsohong la ka mme a tla fetoha madi. 18  Ditlhapi tse Nokeng ya Nile di tla shwa mme Noka ya Nile e tla nkga hampe. Baegepeta ba ke ke ba kgona ho nwa metsi a Noka ya Nile.”’” 19  Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Arone, ‘Nka molamu wa hao mme o otlollele letsoho la hao hodima metsi a Egepeta,+ dinoka, melatswana,* matamo a nang le lehlaka+ le hodima metsi ohle a bokelletsweng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta esita le metsi a ka dijaneng tsa lepolanka le tsa lejwe a tla fetoha madi.” 20  Kapelepele Moshe le Arone ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a laetse. Arone a phahamisa molamu mme a otla metsi a Noka ya Nile ka pela Faro le bahlanka ba hae yaba metsi ohle a noka a fetoha madi.+ 21  Ditlhapi tse ka nokeng tsa shwa+ mme noka ya nkga hampe. Baegepeta ba ne ba sa kgone ho nwa metsi a Noka ya Nile.+ Metsi ohle naheng ya Egepeta a ne a fetohile madi. 22  Le ha ho le jwalo, baprista ba maselamose ba Egepeta ba etsa ntho e tshwanang.+ Faro a nna a ba manganga yaba ha a ba mamele feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.+ 23  Faro a kgutlela ntlong ya hae mme dintho tse etsahetseng ha a ka a di nkela hloohong. 24  Baegepeta bohle ba ne ba tjheka ho potoloha Noka ya Nile hore ba fumane metsi a nowang hobane ba ne ba sa kgone ho nwa metsi a Noka ya Nile. 25  Jehova a etsa hore metsi a Noka ya Nile a fetohe madi ka matsatsi a supileng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Ke o entse Modimo.”
Ka Seheberu: “mabotho a ka.”
Kapa: “dikahlolo.”
Ka Seheberu: “pelo ya Faro ya eba manganga.”
E leng melatswana e tswang Nokeng ya Nile.