Exoda 9:1-35

  • Kotlo ya bohlano: Diphoofolo di a shwa (1-7)

  • Kotlo ya botshelela: Batho le diphoofolo ba tswa mathopa (8-12)

  • Kotlo ya bosupa: Sefako (13-35)

    • Faro o haufi le ho bona matla a Modimo (16)

    • Lebitso la Jehova le tla bolelwa lefatsheng lohle (16)

9  Jehova a re ho Moshe: “Eya ho Faro mme o re ho yena, ‘Jehova Modimo wa Baheberu o itse: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se yo ntshebeletsa.+  Empa haeba o hana ho se tlohela hore se tsamaye mme o ntse o se thibela,  nna Jehova ke tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng ka matla a ka.+ Ho tla ba le bolwetse bo bolayang dipere, ditonki, dikamele, diphoofolo tse kgolo le dinku le dipodi.+  Jehova o tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa diphoofolo tsa Baiseraele le tsa Baegepeta mme ha ho phoofolo ya Baiseraele e tla shwa.”’”+  Jehova a beha nako a re: “Hosane nna Jehova ke tla etsa sena naheng ena.”  Letsatsing le latelang Jehova a etsa sena mme diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa shwa+ empa ha ho a ka ha shwa le ha e le phoofolo e le nngwe ya Baiseraele.  Ha Faro a batlisisa a fumana hore diphoofolo tsa Baiseraele ha di a shwa. Le ha ho le jwalo, Faro a nna a ba manganga yaba ha a tlohele setjhaba hore se tsamaye.+  Jehova a re ho Moshe le Arone: “Tlatsang matsoho a lona a le mabedi ka molora wa sebopi mme Moshe a o hasanye moyeng ka pela Faro.  O tla fetoha lerole naheng yohle ya Egepeta mme o tla fetoha mathopa a tswang boladu ho batho le ho diphoofolo naheng yohle ya Egepeta.” 10  Ba nka molora ka seboping mme ba ema ka pela Faro. Moshe a o hasanya moyeng mme wa fetoha mathopa a tswang boladu hodima batho le diphoofolo. 11  Baprista ba maselamose ba ne ba sa kgone ho ema ka pela Moshe ka lebaka la mathopa ka ha a ne a tswile ho bona le ho Baegepeta bohle.+ 12  Empa Jehova a tlohela Faro hore a nne a be manganga mme a se ke a ba mamela feela jwalo ka ha Jehova a ne a boleletse Moshe.+ 13  Jehova a re ho Moshe: “Tsoha esale hoseng o yo ema ka pela Faro mme o re ho yena, ‘Jehova Modimo wa Baheberu o itse: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se yo ntshebeletsa. 14  Haeba o sa se tlohele, ke tla otla wena le bahlanka ba hao le setjhaba sa hao ka dikotlo tsa ka kaofela e le hore o tsebe hore ha ho na motho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.+ 15  Hona jwale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle wena le batho ba hao ka bolwetse bo bolayang mme o ka be o fedisitswe lefatsheng. 16  Empa ke o bolokile o phela ka lebaka lena: hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.+ 17  Na o sa ntse o ikgohomosetsa setjhaba sa ka ka hore o se ke wa se tlohela hore se tsamaye? 18  Hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo se eso ka se eba teng Egepeta ho tloha letsatsing leo e bileng teng ka lona ho fihlela jwale. 19  Romela bahlanka ba hao hore ba tlise diphoofolo tsohle tsa hao moo ho sireletsehileng ha mmoho le dintho tsohle tsa hao tse naheng. Batho le diphoofolo tse tla fumanwa naheng di sa iswa moo ho sireletsehileng, di tla bolawa ke sefako.”’” 20  Bahlanka bohle ba Faro ba neng ba tshaba seo Jehova a se buileng, ba balehisetsa bahlanka ba bona le diphoofolo moo ho sireletsehileng 21  empa batho ba sa kang ba mamela seo Jehova a se buileng ba tlohela bahlanka ba bona le diphoofolo naheng. 22  Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong e le hore sefako se ka na naheng yohle ya Egepeta,+ se nele batho le diphoofolo le dimela tsohle tse naheng ya Egepeta.”+ 23  Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong mme Jehova a tlisa diaduma le sefako yaba mollo* o theohela lefatsheng. Jehova a nna a nesa sefako naheng ya Egepeta. 24  Ha eba le sefako mme ha eba le mahadima hara sefako. Se ne se le matla haholo. Ho ne ho eso ka ho eba le se tshwanang le sona naheng ya Egepeta haesale e eba le baahi.+ 25  Sefako sa otla dintho tsohle tse naheng ya Egepeta, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo, sa otla dimela tsohle mme sa robakanya difate tsohle tsa naha.+ 26  Ke naheng ya Goshene feela moo Baiseraele ba neng ba le teng, moo ho sa kang ha eba le sefako.+ 27  Faro a re Moshe le Arone ba bitswe mme a re ho bona: “Ke entse sebe lekgetlong lena. Jehova o lokile mme nna le setjhaba sa ka re fositse. 28  Kopang Jehova hore diaduma le sefako di kgaotse. Ke tla le tlohela hore le tsamaye mme ha le sa tla dula mona.” 29  Moshe a re ho yena: “Hang ha ke tswa motseng ke tla rapela Jehova.* Diaduma di tla kgaotsa mme sefako se tla emisa e le hore o ka tseba hore lefatshe ke la Jehova.+ 30  Empa ke se ke ntse ke tseba hore esita le ka nako eo, wena le bahlanka ba hao le ke ke la tshaba Jehova Modimo.” 31  Semela sa folakse* le harese di ne di sentswe ke sefako hobane harese e ne e se e le haufi le ho butswa le semela sa line se se se thuntse. 32  Empa koro* e ne e sa senyeha hobane e ne e eso butswe.* 33  Moshe a tswa motseng ho Faro mme a rapela Jehova* yaba diaduma le sefako di a kgaotsa. Pula le yona ya emisa ho na.+ 34  Ha Faro a bona hore pula le sefako le diaduma di kgaoditse, yena le bahlanka ba hae ba etsa sebe hape mme ba eba manganga.+ 35  Faro a nna a ba manganga mme a se ke a tlohela Baiseraele hore ba tsamaye feela jwalo ka ha Jehova a ne a boletse ka Moshe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Mohlomong ho buuwa ka mahadima a matla.
Ka Seheberu: “ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova.”
Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.
Temaneng ena, ka Seheberu ho buuwa ka mefuta e mmedi ya koro. Mofuta o mong e ne e le wa boemo bo tlase o neng o lengwa Egepeta ya boholoholo.
Kapa: “e ne e butswa ha morao.”
Ka Seheberu: “a otlollela matsoho a hae ho Jehova.”