Ezekiele 10:1-22

  • Mollo o nkwa pakeng tsa mabidi (1-8)

  • Dikerubime le mabidi di a hlaloswa (9-17)

  • Kganya ya Modimo e tloha tempeleng (18-22)

10  Ha ke ntse ke shebile, ka bona ka hodima sepakapaka se neng se le hodima dihlooho tsa dikerubime ho ena le ntho e tshwanang le lejwe la safire, e hlaha ka hodima dihlooho tsa tsona mme e ne e shebahala jwalo ka terone.+  Modimo a re ho monna ya apereng seaparo sa line:+ “Kena pakeng tsa mabidi,+ ka tlasa dikerubime, o nke mashala a hlenneng+ a tswang pakeng tsa dikerubime o a tlatse ka matsohong a hao mme o a hasanye motseng.”+ A kena ke ntse ke mo shebile.  Dikerubime di ne di eme ka lehlakoreng le letona la tempele ha monna eo a kena yaba leru le kwahela lebala le ka hare.  Kganya ya Jehova+ ya tloha ho dikerubime mme ya ya monyako wa tempele yaba hanyane ka hanyane leru+ le tlala ka tempeleng le lebala le tlala kganya ya Jehova.  Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o ka utlwahala le lebaleng le ka ntle, o ne o le jwalo ka lentswe la Modimo Ya Matla Ohle ha a bua.+  A re ho monna ya apereng seaparo sa line: “Nka mollo o pakeng tsa mabidi, pakeng tsa dikerubime” yaba o a kena mme o ema pela lebidi.  Kerubime e nngwe ya otlollela letsoho mollong o neng o le pakeng tsa dikerubime.+ Ya nka mollo o mong ya o beha matsohong a motho ya neng a apere seaparo sa line,+ motho eo a o nka a tsamaya ka wona.  Ka tlasa mapheo a dikerubime, ho ne ho ena le ntho e kang matsoho a motho.+  Ha ke ntse ke shebile, ke ile ka bona mabidi a mane pela dikerubime. Ho ne ho ena le lebidi pela kerubime e nngwe le e nngwe. Mabidi ao a ne a phatsima jwalo ka lejwe la krisolite.+ 10  Ka bone ba ona a ne a tshwana, a bonahala a entswe jwalo ka ha eka lebidi le ka hara lebidi le leng. 11  Ha a tsamaya, a ne a kgona ho ya mahlakoreng a ona a mane a sa tjeke hobane a ne a kgona ho ya moo hlooho e shebileng teng a sa tjeke. 12  Mmele yohle ya dikerubime e leng mekokotlo, matsoho le mapheo a tsona a ne a tletse mahlo ho di potoloha. Dikerubime tseo ka bone ba tsona, di ne di ena le mabidi pela tsona ao le ona a neng a tletse mahlo ho a potoloha.+ 13  Ke ile ka utlwa lentswe le hweletsang mabidi le re, “Mabidi tsamayang!” 14  E nngwe le e nngwe* e ne e ena le difahleho tse nne. Sefahleho sa pele e le sa kerubime, sa bobedi e le sa motho,* sa boraro e le sa tau mme sa bone e le sa ntsu.+ 15  Dikerubime di ne di phahama, e ne e le tsona dibopuwa tseo ke ileng ka di bona nokeng ya Kebare.+ 16  Ha dikerubime di tsamaya le mabidi a ne a tsamaya. Ha dikerubime di phahamisetsa mapheo a tsona hodimo, mabidi a ne a sa tjeke hape a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona.+ 17  Ha mangeloi* a tsamaya, mabidi le ona a ne a tsamaya, ha a ema, mabidi le ona a ne a ema ka ha moya o neng o tataisa mangeloi ao o ne o boetse o le mabiding. 18  Kganya ya Jehova+ ya tloha monyako wa tempele yaba e ema hodima dikerubime.+ 19  Dikerubime tsa phahamisa mapheo a tsona tsa ya hodimo ke ntse ke shebile. Mabidi a ne a ntse a le haufi le tsona ha di tloha. Di ile tsa ema monyako wa keiti ya tempele ya Jehova mme kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hodima tsona.+ 20  Tsena ke dibopuwa tseo ke ileng ka di bona tlasa terone ya Modimo wa Iseraele nokeng ya Kebare.+ Ka hoo, ke ile ka hlokomela hore e ne e le dikerubime. 21  Ka bone ba tsona di ne di ena le difahleho tse nne, mapheo a mane mme ka tlasa mapheo a tsona ho ne ho ena le ntho e kang matsoho a motho.+ 22  Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo ka difahleho tseo ke ileng ka di bona pela noka ya Kebare.+ E nngwe le e nngwe e ne e ya pele.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng kerubime e nngwe le e nngwe.
Kapa: “monna.”
Ka Seheberu: “moya wa sebopuwa se phelang.”