Ezekiele 12:1-28

  • Botlamuwa bo bontshwa esale pele ka diketso (1-20)

    • Thoto ya botlamuwa (1-7)

    • Kgosana e tla tsamaya ho le lefifi (8-16)

    • Bohobe ba ho tshwenyeha le metsi a ho tshoha (17-20)

  • Mantswe a thetsang ha a phethahale (21-28)

    • “Ha ho na mantswe ao ke a buileng a tla dieha ho phethahala” (28)

12  Jehova a boela a re ho nna:  “Mora motho, o dula le batho ba sa mameleng. Ba na le mahlo empa ha ba bone, ba na le ditsebe empa ha ba utlwe+ ka ha ke marabele.+  Wena mora motho, hlophisa thoto ya hao ya ho ya botlamuweng. Motshehare ha ba ntse ba shebile, o ye botlamuweng. O tswe ntlong ya hao o ye sebakeng se seng botlamuweng ba ntse ba shebile. Mohlomong ba tla hlokomela le hoja e le marabele.  Motshehare o pake thoto ya hao ba ntse ba o bona jwalo ka motho ya yang botlamuweng. Mantsiboya ha ba ntse ba o shebile, o tsamaye jwalo ka motho ya iswang botlamuweng.+  O phunye lebota la ntlo ya hao ba ntse ba shebile mme o ntshe thoto ya hao ka lona.+  O jare thoto ya hao ba ntse ba o bona ebe o tsamaya lefifing. O kwahele sefahleho sa hao e le hore o se ke wa bona fatshe hobane ke o etsa pontsho ho Baiseraele.”+  Ke ile ka etsa feela jwalo. Motshehare ke ile ka ntsha thoto ya ka jwalo ka motho ya yang botlamuweng mme mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho. Ha ho eba lefifi, ka ntsha thoto ya ka ke e jere ba ntse ba shebile.  Hoseng Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, na Baiseraele ba sa mameleng ha ba a o botsa ba re, ‘O etsang?’ 10  O re ho bona, ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Kahlolo ena ke ya dikgosana+ tsa Jerusalema le Baiseraele bohle ba motseng.”’ 11  O re ho bona, ‘Ke pontsho ho lona.+ Dintho tsena tseo ke di etsang di tla ba etsahalla. Ba tla ya botlamuweng.+ 12  Kgosana e hara bona e tla jara thoto ya yona ebe e tsamaya ho le lefifi. E tla phunya lesoba leboteng, e ntshe thoto ya yona ka lona.+ E tla ikwahela sefahleho e le hore e se ke ya bona fatshe.’ 13  Ke tla e kwahela ka letlowa ke e tshwase,+ ke e tlise Babilona naheng ya Bakalde empa e ke ke ya bona naha eo mme e tla shwella moo.+ 14  Ke tla hasanya batho bohle ba e potolohileng, bathusi ba yona le masole a yona.+ Ke tla ntsha sabole ke ba lelekise.+ 15  Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke ba qhalakanya hara ditjhaba ebile ke ba hasanya dinaheng. 16  Empa ke tla boloka ba mmalwa, nke ke ka ba bolaya ka sabole, ka tlala kapa ka mafu a sewa e le hore moo ba tla ya ba tle ba bolelle ditjhaba diketso tse nyonyehang tseo ba neng ba di etsa. Ba tla tseba hore ke nna Jehova.” 17  Jehova a boela a re ho nna: 18  “Mora motho, o je bohobe ba hao o thothomela hape o nwe metsi a hao o ferekane ebile o tshwenyehile.+ 19  Bolella batho ba naha hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho baahi ba Jerusalema ba dulang naheng ya Iseraele: ‘Ba tla ja bohobe ba bona ba tshwenyehile mme ba nwe metsi ba tshohile ka ha naha ya bona e ke ke ya eba le baahi hohang+ ka lebaka la ntwa ya batho bohle ba dulang ho yona.+ 20  Metse e nang le baahi e tla fediswa ebile naha e tla senyeha.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova.’”+ 21  Jehova a boela a re ho nna: 22  “Mora motho, Iseraele ho na le maele a reng, ‘Matsatsi a a feta le pono e nngwe le e nngwe e fetoha lefeela.’+ 23  O ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla fedisa mantswe ana ebile ba ke ke ba hlola ba a sebedisa e le maele Iseraele.’ O boele o re ho bona, ‘Matsatsi a hore pono e nngwe le e nngwe e phethahale a haufi.’+ 24  Ha ho sa tla hlola ho eba le baprofeta ba leshano kapa dinohe tsa leshano hara Baiseraele.+ 25  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Nna Jehova ke tla bua. Ntho le ha e le efe eo ke e buang e tla phethahala kapele.+ Lona batho ba sa mameleng, mantswe ao ke tla a bua a tla phethahala mehleng ya lona.’”+ 26  Jehova a boela a re ho nna: 27  “Mora motho, Baiseraele ba ntse ba re, ‘Pono eo a e bonang ke ya nakong e tlang le dintho tseo a di profetang di hole le ho phethahala.’+ 28  Ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ho na mantswe ao ke a buileng a tla dieha ho phethahala, a tla phethahala feela jwalo ka ha ke a buile,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho