Ezekiele 13:1-23

  • Molaetsa wa kahlolo o yang ho baprofeta ba bohata (1-16)

    • Mabota a pentilweng a tla wa (10-12)

  • Molaetsa wa kahlolo o yang ho baprofeta ba basadi (17-23)

13  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, bolella baprofeta ba Iseraele molaetsa wa kahlolo.+ O re ho bao ba iqapelang boprofeta,*+ ‘Mamelang lentswe la Jehova.  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ho madimabe baprofeta ba se nang kelello, ba latelang se ka dipelong tsa bona empa ho se na pono eo ke ba bontshitseng yona.+  Wena Iseraele, baprofeta ba hao ba tshwana le diphokojwe tse dulang sebakeng se senyehileng.  O ke ke wa ya dibakeng tse senyehileng tse nang le mabota a lejwe hore o a hahe botjha bakeng sa ntlo ya Iseraele+ e le hore Baiseraele ba se ke ba wa ntweng ka letsatsi la Jehova.+  Ba reng, ‘Jehova o itse’ empa Jehova a sa ba roma, ba bone dipono tsa leshano mme ba profetile leshano. Le ha ho le jwalo, ba emetse hore mantswe a bona a phethahale.+  Na ha se pono ya leshano eo le e boneng ebile na ha le a bua leshano ha le re, ‘Jehova o itse’ le hoja ke sa bua letho?”’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha le buile leshano ebile dipono tsa lona ke tsa leshano, ke tla le fa kotlo,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”+  ‘Ke tla ahlola baprofeta ba buang leshano le ba bonang dipono tsa leshano.+ Ba ke ke ba eba hara metswalle e haufi, mabitso a bona a ke ke a ngodiswa hara Baiseraele ebile ba ke ke ba kgutlela naheng ya Iseraele. Le tla tseba hore ke nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.+ 10  Dintho tsena tsohle di tla etsahala hobane ba kgelositse batho ba ka ba re, “Ho na le kgotso” empa ho se na kgotso.+ Ha ho hahwa lebota le arolang, ba le penta ka pente e tshweu.’*+ 11  Bolella batho bao ba ntseng ba penta lebota hore le tla wa. Ho tla na pula e matla le sefako mme ho be le difefo tse matla tse tla le diha.+ 12  Ha lebota le wa ho tla thwe ho lona, ‘Pente ya lona e tshweu e le thusitse ka eng?’+ 13  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla etsa hore ho be le difefo tse matla ke be ke nese pula e matla hobane ke halefile. Ke tla boela ke tlise sefako e le hore se senye lebota leo hobane ke halefile haholo. 14  Lebota leo le le pentileng ka pente e tshweu ke tla le dihela fatshe, motheo wa lona o tla bonwa ke batho. Ha motse o fediswa le lona le tla fediswa. Le tla tseba hore ke nna Jehova.’ 15  Ha ke qetile ho ntshetsa bohale ba ka leboteng le ho batho ba le pentileng ka pente e tshweu, ke tla re ho lona: ‘Lebota ha le sa le yo, le ba le pentileng ha ba sa le yo.+ 16  Baprofeta ba Iseraele ha ba sa le yo, ba neng ba profetela Jerusalema le ba neng ba bona dipono tsa hore e na le kgotso empa kgotso e le siyo,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 17  Wena mora motho, eya ho basadi ba Iseraele ba iqapelang boprofeta mme o ba bolelle molaetsa wa kahlolo. 18  O ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ho madimabe basadi ba rokang mabanta a matsoho* le masira a dihlooho a lekanang batho bohle e le hore ba hohele batho. Na le batla ho bolaya batho ba ka, lona le sale le ntse le phela? 19  Le ntlotlolla ka pela setjhaba sa ka e le hore feela le fuwe harese e tletseng diatla le bohobe.+ Le thetsa setjhaba sa ka ka mashano a lona, le bolaya batho ba sa lokelang ho shwa empa le tlohela ba lokelang ho shwa.’+ 20  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke hloile mabanta a lona basadi ba Iseraele, ao le a sebedisang ho tshwasa batho jwalo ka ha eka ke dinonyana. Ke tla a kgaola matsohong a lona ke be ke lokolle bao le ba tshwasang jwalo ka dinonyana. 21  Ke tla tabola masira a lona ke be ke pholose batho ba ka. Ha le sa tla kgona ho ba tshwasa, le tla tseba hore ke nna Jehova.+ 22  Le ile la nyahamisa batho ba lokileng ka mashano a lona+ empa ke ne ke sa batle hore ba utlwe bohloko.* Le entse hore ba kgopo ba be matla.+ Ka lebaka leo, ha ba a tlohela dintho tse mpe tseo ba di etsang mme ba ke ke ba phela.+ 23  Lona basadi, le ke ke la hlola le bona dipono tsa leshano le ho etsa bonohe.+ Ke tla pholosa batho ba ka ho lona ebile le tla tseba hore ke nna Jehova.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba profetang dintho tse tswang dipelong tsa bona.”
E leng ho haha lebota le sa tiyang le arolang dikamore ebe le pentwa ka pente e tshweu hore le tle le bonahale eka le tiile.
E leng mabanta a boselamose a tlangwang setsweng kapa letsohong.
Kapa: “ba tshwenyehe.”