Ezekiele 15:1-8

  • Jerusalema ke sefate sa morara se se nang thuso (1-8)

15  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, patsi ya sefate sa morara e fapane jwang le ya difate tse ding kapa le makala a difate tsa moru?  Na palo e tswang ho sona e ka sebediswa ho etsa mosebetsi le ha e le ofe? Na batho ba ka e sebedisa ho etsa ntho e hakang disebediswa?  E lahlelwa mollong ebe e a tuka, mollo o e tjhesa ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane, o be o e tjhese bohareng. Ka mora moo, na e sa na le molemo?  Esita le ha e ne e ntse e feletse, e ne e ke ke ya sebediswa ho etsa mosebetsi le ha e le ofe. Jwale ha e se e tjhele, ha e sa na molemo le ho feta.”  “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Jwalo ka ha ke fane ka patsi ya sefate sa morara e nkwang hara difate tsa moru hore ho beswe mollo ka yona, ke tla etsa se tshwanang ka baahi ba Jerusalema.+  Ke tla ba ahlola. Ba phonyohile mollong empa mollo o mong o tla ba tjhesa. Le tla tseba hore ke nna Jehova ha ke le ahlola.’”+  “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla fedisa naha eo+ hobane baahi ba yona ha ba a ntshepahalla.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho