Ezekiele 16:1-63

  • Modimo o rata Jerusalema (1-63)

    • E fumanwe e le ngwana ya lahlilweng (1-7)

    • Modimo o a e kgabisa ebile o etsa selekane sa lenyalo le yona (8-14)

    • Ha e tshepahale (15-34)

    • E ahlolelwa botekatse (35-43)

    • E bapiswa le Samaria le Sodoma (44-58)

    • Modimo o hopola selekane sa hae (59-63)

16  Jehova a bua le nna hape a re:  “Mora motho, bolella Jerusalema diketso tsa yona tse nyonyehang.+  Bolella Jerusalema hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘O tswa Kanana ebile o hlahetse teng. Ntate wa hao e ne e le Moamore+ mme wa hao e le Mohethe.+  Letsatsing leo o hlahileng ka lona, lelana la hao la mokgubu ha le a ka la kgaolwa. Ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi e le hore o hlweke kapa wa tlotswa ka letswai ebile ha o a ka wa phuthelwa ka masela.  Ha o a ka wa etsetswa dintho tsena hobane ho ne ho se na motho ya o utlwelang bohloko. Ha ho na motho ya neng a o qenehela. Ho ena le hoo, letsatsing leo o hlahileng ka lona, o ile wa lahlelwa hara naha hobane o ne o hloilwe.  Ha ke feta, ke ile ka o bona o raharaha ka hara madi a hao yaba ke re ho wena: ‘Tswela pele o phela.’ Ke ile ka pheta mantswe ao ha o ntse o le ka hara madi a hao ka re: ‘Tswela pele o phela.’  Ke ile ka o etsa setjhaba se seholo jwalo ka dijalo tse melang masimong, o ile wa hola hantle wa ba moholo wa ba wa rwala mekgabiso. Matswele a hao a ile a tiya le moriri wa hao wa hola empa o ne o ntse o hlobotse.  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ha ke feta ke ile ka o bona, ka hlokomela hore o dilemong tsa ho bontshwa lerato. Ka o kwahela ka seaparo* sa ka+ hobane o ne o sa apara yaba ke etsa selekane le wena mme wa ba wa ka.  Ka boela ka o hlatswa ka metsi ka tlosa madi a hao yaba ke o tlotsa ka oli.+ 10  Ka o apesa diaparo tsa theko e phahameng, ka o apesa seaparo se nang le mekgabiso ka ba ka o rwesa dieta tsa letlalo.* Ka o rwesa lesela le letle la line hloohong. 11  Ke ile ka o kgabisa, ka o rwesa difaha matsohong le molaleng. 12  Ke ile ka boela ka o rwesa masale nkong le ditsebeng. Ka o rwesa korone e ntle hloohong. 13  O ne o ikgabisa ka kgauta le silevera, diaparo tsa hao di entswe ka line e ntle, di ena le mokgabiso o motle ebile e le tsa theko e phahameng. O ne o ja phofo e sitsweng hantle, mahe a dinotshi le oli. O ile wa hola mme wa ba motle,+ wa tshwanelwa ke ho ba mofumahadi.” 14  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Botumo ba hao bo ile ba qala ho fihla le hara ditjhaba+ ka lebaka la botle ba hao. Botle ba hao bo ne bo tsoteha hobane ke ne ke behile kganya ya ka hodima hao.”+ 15  O ile wa qala ho itshepa haholo hobane o le motle+ yaba o ba letekatse ka lebaka la botumo ba hao.+ O ne o robala le batho bohle ba fetang ka tsela+ mme wa inehella bona ka lebaka la botle ba hao. 16  O ile wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa kgabisa dibaka tse phahameng tseo o neng o etsetsa botekatse ho tsona.+ Dintho tse jwalo ha di a lokela ho etsahala ebile o se ke wa hlola o di etsa. 17  O ile wa boela wa nka mabenyane* a matle a entsweng ka kgauta le silevera tseo ke o fileng tsona, wa iketsetsa ditshwantsho tsa banna yaba o etsa botekatse le tsona.+ 18  Wa nka diaparo tsa hao tse kgabisitsweng, wa di* kwahela ka tsona yaba o di fa oli le dibano tsa ka.+ 19  Wa di fa bohobe boo ke ileng ka o fa bona hore o bo je, bo entsweng ka phofo e sitsweng hantle, oli le mahe a dinotshi. O ile wa di fa tsona e le nyehelo e monko o monate.*+ Ke yona ntho eo o ileng wa e etsa,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 20  ‘O ile wa nka bara le baradi bao o ntswaletseng bona,+ wa etsetsa ditshwantsho tseo mahlabelo ka bona.+ Na diketso tsee tsa hao tsa botekatse ha di a lekana? 21  O ile wa bolaya bana ba ka wa ba wa fana ka bona e le mahlabelo ka ho ba tjhesa.+ 22  Ha o ntse o etsa botekatse le dintho tsohle tse nyonyehang, o ile wa lebala hore ha o ne o le ngwana, o ne o hlobotse mme o sa apara ebile o raharaha ka hara madi a hao. 23  O madimabe. O madimabe hobane o entse dintho tsena tsohle tse mpe,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 24  ‘O ile wa ikahela sebaka sa ho rapela medimo ya bohata mabaleng ohle a motse e le hore o rapele ditshwantsho tsa hao tsa bohata. 25  Wa ikahela dibaka tse phahameng sebakeng se bonwang ke motho e mong le e mong, seterateng se seng le se seng. O fetotse botle ba hao ntho e nyonyehang hobane o ne o ipapatsa ho motho e mong le e mong ya fetang ka tsela.+ O ile wa eketsa diketso tsa hao tsa botekatse.+ 26  Wa etsa botekatse le baahisani ba hao ba nang le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano e leng Baegepeta.+ O ile wa nna wa nkutlwisa bohloko ka diketso tse sa feleng tsa botekatse. 27  Ka lebaka leo, ke tla o fa kotlo ke be ke etse hore o se ke wa ba le dijo.+ Ke tla fana ka wena ho basadi ba o hloileng+ e leng Bafilista ba neng ba swabiswa ke boitshwaro ba hao bo bobe, e le hore ba etse ntho eo ba e batlang ka wena.+ 28  Ka ha o ne o sa kgotsofale, o ile wa etsa botekatse le Baasiria+ empa le ka mora hore o etse botekatse le bona, o ne o ntse o sa kgotsofala. 29  O ile wa fetela pele le naheng ya borakgwebo* le ho Bakalde+ wa etsa botekatse le bona. Le ha ho le jwalo, ha o a ka wa kgotsofala. 30  O ne o feteletse* ha o etsa dintho tsena tsohle, o itshwere jwalo ka letekatse le tellang,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.+ 31  ‘Empa ha o ikahela dibaka tse phahameng sebakeng se bonwang ke batho bohle seterateng se seng le se seng le mabaleng ohle a motse, o ne o se jwalo ka letekatse hobane o ne o hana ho patalwa. 32  O mosadi ya febang, ya robalang le banna ba bang eseng le monna wa hae.+ 33  Batho ke bona ba fang matekatse dimpho+ empa wena o file batho ba neng ba robala le wena dimpho+ ebile o ba fa tjotjo hore ba tle ho wena ba tswa dibakeng tsohle e le hore ba tlo etsa botekatse le wena.+ 34  Ha o tshwane le basadi ba bang ba matekatse. Ha ho na motho ya etsang botekatse jwalo ka wena. Wena o patala batho ba tlang ho wena, ha se bona ba o patalang. O etsa dintho ka tsela e fapaneng. 35  Wena letekatse,+ mamela mantswe a Jehova. 36  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ka ha o bontshitse hore o na le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano ebile batho ba o bone o sa apara nakong eo o neng o etsa botekatse le batho bao o neng o ba rata, ha mmoho le medimo ya ditshwantsho e nyonyehang*+ eo o ileng wa e etsetsa mahlabelo ka madi a bara ba hao,+ 37  ke bokella batho bohle bao o neng o ba rata, bao o kileng wa etsa botekatse le bona le batho bohle bao o ba hloileng. Ke tla ba bokella ho tswa dibakeng tsohle hore ba o lwantshe ke be ke etse hore ba o bone o sa apara letho.+ 38  Ke tla o fa kotlo e tshwanelang basadi ba febang+ le basadi ba bolayang.+ O tla bolawa ka sehloho hobane ha o a ntshepahalla.+ 39  Ke tla nehelana ka wena ho bona mme ba tla diha dibaka tsa hao tse phahameng.+ Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao,+ ba nke mabenyane* a hao a matle+ ba be ba o siye o hlobotse. 40  Ba tla tlisa batho ba bangata hore ba o lwantshe,+ ba tla o tlepetsa ka majwe+ ba be ba o bolaye ka disabole tsa bona.+ 41  Ba tla tjhesa matlo a hao+ mme ba o ahlole ka pela basadi ba bangata. Ke tla fedisa botekatse ba hao+ ebile o tla kgaotsa ho patala batho. 42  Ke tla ntshetsa kgalefo ya ka ho wena+ ho fihlela ke kgotsofala. Ka mora moo, bohale ba ka bo tla fokotseha.+ Ha ke sa tla hlola ke o halefela.” 43  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “O lebetse hore ke ile ka o hlokomela o sa le ngwana+ mme o nkgalefisitse ka ho etsa dintho tsena tsohle tse mpe. Ka hoo, ke tla etsa hore o fumane ditlamorao tsa diketso tsa hao mme ha o sa tla hlola o etsa diketso tsa hao tse mpe le tse nyonyehang. 44  Batho ba sebedisang maele ba tla sebedisa maele a latelang ho wena: ‘Ngwana lekgala o tsamaya ka lekeke jwalo ka mmae.’+ 45  O futsitse mme wa hao, ya neng a hloile monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba hloile banna ba bona le bana ba bona. Mme wa hao e ne e le Mohethe, ntate wa hao yena e le Moamore.+ 46  Ausi wa hao ke Samaria+ mme o dula lehlakoreng le ka leboya ho wena le baradi ba hae.+ Ngwaneno e monyenyane ya dulang ka borwa ho wena le baradi ba hae,+ ke Sodoma.+ 47  Ha o a etsa feela dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa le ho latela diketso tsa bona tse nyonyehang empa ka mora nako e seng kae feela, o ne o se o etsa dintho tse fetang tseo ba neng ba di etsa.”+ 48  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, “Ke a hlapanya hore ngwaneno Sodoma le baradi ba hae, ha ba a etsa dintho tse mpe tse tshwanang le tseo wena le baradi ba hao le di entseng. 49  Sebe seo ngwaneno Sodoma a se entseng ke sena: Yena le baradi ba hae+ ba ne ba ikgohomosa,+ ba ena le dijo tse ngata+ ebile ba phela ha monate ba sa tshwenyehe ka letho.+ Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa thuse batho ba hlokang thuso le ba futsanehileng.+ 50  Ha ba a ka ba tlohela ho ikgohomosa+ le ho etsa dintho tse nyonyehang ka pela ka.+ Ka hoo, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke ba fedise.+ 51  Samaria le yena+ ha a etsa le halofo ya dibe tseo o di entseng. O ile wa nna wa etsa dintho tse nyonyehang ho ba feta, hoo bana beno ba ileng ba bonahala ba lokile ka lebaka la diketso tsohle tse nyonyehang tseo o di entseng.+ 52  O tla tlotlolleha hobane o ile wa dumellana le boitshwaro ba bana beno. Ba lokile ho o feta hobane o entse dintho tse nyonyehang ho ba feta. Ka lebaka leo, itshwabele hobane o entse hore ho bonahale eka bana beno ba lokile. 53  Ke tla bokella batlamuwa ba hao le batlamuwa ba bona e leng batlamuwa ba Sodoma le baradi ba hae le batlamuwa ba Samaria le baradi ba hae.+ 54  Ke tla etsa jwalo e le hore o tle o tlotlollehe o be o swabele hore o ile wa ba tshedisa. 55  Bana beno e leng Sodoma le baradi ba hae le Samaria le baradi ba hae, ba tla kgutlela boemong boo ba neng ba le ho bona pele. Le wena le baradi ba hao le tla kgutlela boemong ba lona ba pele.+ 56  Ha o ntse o ikgohomosa, o ne o kgella ngwaneno Sodoma fatshe hoo o neng o sa bue le ka yena. 57  Ka nako eo, bokgopo ba hao bo ne bo eso hlahelle.+ Hona jwale Basiria le baahisani ba bona, Bafilista+ ha mmoho le ba le potolohileng ba a le soma. 58  Le tla fumana ditlamorao tsa diketso tsa lona tse nyonyehang,” ke Jehova ya tjhong. 59  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla o fa kotlo ka lebaka la dintho tseo o di entseng+ hobane ha o a tshepahalla selekane sa ka.+ 60  Empa nna nke ke ka lebala selekane seo ke ileng ka se etsa le wena ha o sa le ngwana. Ke tla boela ke etse selekane se sa feleng le wena.+ 61  O tla hopola boitshwaro ba hao mme o swabe+ ha o amohela bana beno ba baholo le ba banyenyane ho wena. Ke tla o fa bona hore e be baradi ba hao empa eseng ka lebaka la selekane seo ke se entseng le wena. 62  Ke tla etsa selekane le wena mme o tla tseba hore ke nna Jehova. 63  Ha ke o etsetsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ho sa tsotellehe dintho tsohle tseo o di entseng,+ o tla hopola dintho tseo o di entseng mme o tla swabela le ho bula molomo,”+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mose.”
Kapa: “letlalo la qibi.”
Kapa: “mekgabiso.”
E leng ditshwantsho tsa banna.
Ka Seheberu: “o kgathollang.”
Ka Seheberu: “naheng ya Kanana.”
Kapa mohlomong: “Ke ne ke o halefetse haholo.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Kapa: “mekgabiso.”