Ezekiele 17:1-24

  • Selotho sa dintsu tse pedi le sefate sa morara (1-21)

  • Lekala le lenyenyane le fetoha sefate se seholo sa kedare (22-24)

17  Jehova a re ho nna:  “Mora motho, etsa selotho le maele ka Baiseraele.+  O ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ntsu e kgolo+ e nang le mapheo a maholo le masiba a malelele, a mangata le a mebalabala e ile ya ya Lebanone+ yaba e nka karolo e ka hodimo ya sefate sa kedare.+  E ile ya kgaola lekala le ka hodimodimo yaba e le isa naheng ya borakgwebo* mme ya le beha teng.+  Ya nka peo e nngwe naheng eo,+ ya e jala tshimong e nang le mobu o motle. E ile ya e jala jwalo ka sefate sa moduwane se pela metsi a mangata.  Peo eo e ile ya mela mme ya eba sefate sa morara se sekgutshwanyane+ ebile makala a sona a ile a ata le metso ya sona ya holela tlasa sona, sa hlahisa dithunthung le makala.+  Ho ile ha tla ntsu e nngwe hape e kgolo+ e nang le mapheo le masiba a maholo.+ Sefate seo sa morara se ile sa otlollela metso ya sona ho yona, sa tloha moo se neng se lenngwe teng. Sa otlollela makala a sona ho ntsu e le hore e se nosetse.+  Se ne se lenngwe tshimong e nang le mobu o motle le pela metsi a mangata e le hore e be sefate se setle sa morara, se hlahisang makala le se behang ditholwana.’+  O ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Na se tla atleha? Na motho a ke ke a kgaola metso ya sona+ ebe o etsa hore ditholwana tsa sona di bole le hore makala a sona a omelle?+ Se tla omella hoo ho ke keng ha hlokahala motho ya matla kapa ba bangata hore ba se ntshe ka metso. 10  Na se tla atleha le hoja se tlositswe sebakeng se seng mme sa iswa ho se seng? Na se ke ke sa omella ka ho feletseng ha ho fihla moya o tswang ka botjhabela? Se tla omella moo se lenngweng teng.’” 11  Jehova a boela a re ho nna: 12  “Ke kopa o re ho setjhaba seo se sa mameleng, ‘Na ha le utlwisise hore na dintho tsee di bolelang? Morena wa Babilona o ile a tla Jerusalema a nka morena le dikgosana tsa hae yaba o kgutlela le tsona Babilona.+ 13  Hape a nka e mong ya tswang lelokong* la borena+ yaba o etsa selekane le yena a ba a etsa hore a ikane hore o tla se tshepahalla.+ O ile a nka le banna ba hlomphehang ba naha.+ 14  O ne a etsa jwalo e le hore mmuso o fokole, o se ke wa hlola o eba matla le hore o tle o dule o le teng haeba feela o tshepahalla selekane sa hae.+ 15  Empa morena wa Juda o ile a fetohela morena wa Babilona+ ka hore a romele baromuwa Egepeta ho ya nka dipere+ le masole a mangata.+ Na o tla atleha? Na motho ya etsang dintho tsee o tla tlohelwa feela a sa fuwe kotlo? Na o tla tlola selekane ebe ha a fuwe kotlo?+ 16  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle a ikana a re: “O tla shwella Babilona sebakeng seo morena* ya ileng a mo kgetha hore e be morena* a dulang ho sona, eo a sa mo tshepahallang le ho latela selekane sa hae.+ 17  Lebotho le leholo la sesole la Faro le ke ke la mo thusa ntweng+ ha ho hahwa lebota le thibellang motse e le hore ho bolawe batho ba bangata. 18  Le hoja a ile a tshepisa hore o tla tshepahala, ha a ka a etsa jwalo ebile o tlotse le selekane. O entse dintho tsena tsohle mme a ke ke a phonyoha kotlo.” 19  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke a ikana hore ke tla mo fa kotlo ka lebaka la ho se tshepahalle selekane sa ka le kano eo a e entseng ka lebitso la ka.*+ 20  Ke tla lahlela letlowa* la ka hodima hae ke be ke mo tshwase ka lona.+ Ke tla mo isa Babilona, ke mo qosetse teng ka lebaka la ho se ntshepahalle.+ 21  Masole a hae a balehileng a tla bolawa ka sabole ebe a setseng a hasanngwa hohle.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova ya buileng.”+ 22  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla nka lekala karolong e ka hodimodimo ya sefate sa kedare+ ke le leme. Ho lona ke tla nka lekgasi,+ ke le leme thabeng e telele.+ 23  Ke tla le lema thabeng e phahameng ya Iseraele. E tla ba sefate se seholo sa kedare, makala a sona a tla hola se be se behe le ditholwana. Dinonyana tsa mefuta yohle di tla dula tlasa sona le tlasa moriti wa makala a sona. 24  Difate tsohle di tla tseba hore nna Jehova ke kokobeditse sefate se phahameng mme ka phahamisa se tlase.+ Ke ile ka etsa hore sefate se setala se omelle yaba ke etsa hore se omeletseng se thunye.+ Nna Jehova ke buile ebile ke entse jwalo.”’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “naheng ya Kanana.”
Ka Seheberu: “peong.”
E leng Nebukadnezare.
E leng Tsedekia.
Ka Seheberu: “kano ya ka.”
Ke nete e tshwasang ditlhapi.