Ezekiele 18:1-32

  • E mong le e mong o ikarabella ka dibe tsa hae (1-32)

    • Motho ya etsang sebe o tla shwa (4)

    • Mora a ke ke a ba molato ka lebaka la sebe sa ntate wa hae (19, 20)

    • Ha ke thabele ho bona motho ya kgopo a shwa (23)

    • Ho baka ho etsa hore motho a phele (27, 28)

18  Jehova a re ho nna:  “A bolelang maele ao le a buileng naheng ya Iseraele a reng, ‘Bontate ba jele morara o bodila empa bara ke bona ba utlwang bodila boo’?+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o a ikana o re, ‘Ha le sa tla hlola le bua maele ana naheng ya Iseraele.  Ke nna ya fanang ka bophelo.* Bophelo* ba ntate le ba mora bo tswa ho nna. Motho* ya etsang sebe ke yena ya tla shwa.  Haeba motho a lokile, a etsa dintho tse nepahetseng a bile a ena le toka,  a sa je mahlabelo a etsetswang ditshwantsho tse rapelwang dithabeng,+ a sa rapele ditshwantsho tse nyonyehang* tsa Baiseraele, a sa etse thobalano le mosadi wa moahisani wa hae+ kapa le mosadi ya matsatsing,+  a sa tshware batho hampe+ empa a kgutlisa dintho tseo a neng a di nkile ho motho ya mo kolotang,+ a sa qhekelle batho+ empa a fa batho ba lapileng dijo+ le ho fa ba hlobotseng diaparo,+  a sa patadise tswala kapa ho etsa phaello+ empa a qoba ho tshwara batho ka ho hloka toka,+ a ahlola batho ka toka+  a bile a mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka e le hore a ntshepahalle, motho eo o lokile mme o tla dula a phela,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 10  Empa haeba a ba le mora wa leshodu,+ ya bolayang+ kapa ya etsang e nngwe ya dintho tse latelang: 11  (Le hoja ntate wa hae a sa etsa le ha e le nngwe ya dintho tsena) A ja mahlabelo a etsetswang ditshwantsho tse rapelwang dithabeng, a etsa thobalano le mosadi wa moahisani wa hae, 12  a tshwara batho ba hlokang le bafutsana hampe,+ a qhekella batho, a sa kgutlise dintho tseo a di nkileng ho motho ya mo kolotang, a rapela ditshwantsho tse nyonyehang,+ a etsa dintho tse mpe+ 13  a bile a patadisa tswala, a etsa le phaello,+ mora eo o tla bolawa ka lebaka la dintho tsena tsohle tse mpe tseo a di entseng, ke molato wa hae hore ebe o shwele. 14  Empa haeba ntate a ena le mora mme mora wa hae a bona dibe tsohle tseo ntate wa hae a di etsang empa a sa mo etsise, 15  a sa je mahlabelo a etseditsweng ditshwantsho tse rapelwang dithabeng, a sa rapele ditshwantsho tse nyonyehang tsa Baiseraele, a sa etse thobalano le mosadi wa moahisani wa hae, 16  a sa tshware batho hampe empa a kgutlisa dintho tseo a neng a di nkile ho motho ya mo kolotang, a sa qhekelle batho empa a fa batho ba lapileng dijo le ho fa ba hlobotseng diaparo, 17  a qoba ho tshwara bafutsana hampe, a sa patadise tswala kapa ho etsa phaello a bile a mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka, mora eo o tla phela, a ke ke a shwa ka lebaka la dibe tsa ntate wa hae. 18  Empa ntate wa hae o tla shwa hobane o ne a etsa bolotsana, a utswetsa batho a bile a etsa dintho tse mpe. 19  Empa le tla re: “Ke hobaneng ha mora a sa be molato ka lebaka la dibe tsa ntate wa hae?” A ke ke a shwa hobane o entse dintho tse lokileng, o mametse melao yohle ya ka a ba a tshwara batho ka toka.+ 20  Motho* ya etsang sebe ke yena ya tla shwa.+ Mora a ke ke a ba molato ka lebaka la dibe tsa ntate wa hae le ntate a ke ke a ba molato ka lebaka la dibe tsa mora wa hae. Motho ya etsang dintho tse lokileng o tla putswa ka lebaka la tsona empa ya etsang dintho tse kgopo, o tla fuwa kotlo.+ 21  Haeba motho ya kgopo a fetoha mme a tlohela ho etsa dintho tse mpe, a ena le toka, a mamela melao ya ka a bile a etsa dintho tse lokileng, a ke ke a shwa empa o tla phela.+ 22  Nke ke ka mo ahlolela* dibe tseo a di entseng pele.+ O tla phela ka ha o se a etsa dintho tse lokileng.’+ 23  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho ya kgopo a shwa.+ Nka thabela hore a fetole ditsela tsa hae tse mpe mme a tswele pele a phela.+ 24  Empa haeba motho ya lokileng a tlohela ho etsa dintho tse ntle ebe o etsa dintho tse mpe le dintho tsohle tse nyonyehang tse etswang ke batho ba kgopo, o tla shwa. Nke ke ka hopola dintho tse ntle tseo a ileng a di etsa.+ O tla shwa ka lebaka la sebe seo a se entseng le ho se tshepahale.+ 25  Empa le tla re: “Jehova ha a etse dintho ka toka.”+ Mamelang lona Baiseraele, na ke nna ya sa etseng dintho ka toka?+ Na ha se lona ba sa etseng dintho ka toka?+ 26  Ha motho ya lokileng a tlohela ho etsa dintho tse ntle ebe o etsa dintho tse mpe, o tla shwa ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di etsang. 27  Ha motho ya kgopo a fetoha mme a tlohela ho etsa dintho tse mpe, a ena le toka a bile a etsa dintho tse lokileng, a ke ke a shwa.+ 28  Ha a hlokomela hore dintho tseo a di etsang di mpe a bile a tlohela ho di etsa, a ke ke a shwa empa o tla phela. 29  Empa Baiseraele ba tla re: “Jehova ha a etse dintho ka toka.” Lona Baiseraele,+ na ke nna ya sa etseng dintho ka toka? Na ha se lona ba sa etseng dintho ka toka?’ 30  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka diketso tsa hae.+ Tlohelang ho etsa dintho tsohle tse mpe e le hore le se ke la ntshitelwa e be le fumana kotlo. 31  Baiseraele, tlohelang dintho tsohle tse mpe tseo le di etsang.+ Fetolang maikutlo* a lona le tsela eo le nahanang ka yona+ e le hore le se ke la shwa.’+ 32  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho le ha e le ofe a shwa.+ Ka lebaka leo, fetolang dintho tseo le di etsang e le hore le phele.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Moya.”
Ka Seheberu: “Moya.”
Ka Seheberu: “Meya yohle ke ya ka.” Sheba Tlhaloso ya Moya.
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “Moya.”
Ka Seheberu: “ka hopola.”
Kapa: “dipelo.”