Ezekiele 19:1-14

  • Kodiyamalla ya dikgosana tsa Iseraele (1-14)

19  “Bina kodiyamalla* e buang ka dikgosana tsa Iseraele  o re,‘Mme wa hao o ne a le jwalo ka tau e tshehadi hara ditau. O ne a dula hara ditawana tse matla a hodisa madinyane a hae.   O ile a hodisa ledinyane le leng la hae hore e be tawana e matla.+ E ile ya ithuta ho harola diphoofolo tseo e di tsommeng,E ne e bile e ja batho.   Ditjhaba di ile tsa utlwela ka tawana eo yaba di tjheka sekoti di a e tshwasa,Tsa e isa naheng ya Egepeta di e tshwere ka dihakisi.+   Mme wa yona o ile a ema ho fihlela a bona hore ha ho sa na tshepo ya hore e tla kgutla. A nka ledinyane le leng la hae a le etsa tawana e matla.   Le lona le ile la dula hara ditau tse ding mme la fetoha tawana e matla. E ile ya ithuta ho harola diphoofolo tseo e di tsommeng, e ne e bile e ja batho.+   E ne e tsamaya hara ditora tsa bona tse sireleditsweng ka thata le metseng ya bona e senyehileng. Ha e puruma, modumo wa yona o ne o utlwahala hohle naheng eo e senyehileng.+   Ditjhaba tse tswang diterekeng tse e potolohilengTsa e tshwasa ka letlowa ka sekoting seo di se tjhekileng.   Di ile tsa e tshwara ka dihakisi, tsa e kenya ka serobeng sa ditshepe yaba di e isa ho morena wa Babilona. Tsa e kwalla moo e le hore lentswe la yona le se ke la hlola le utlwahala dithabeng tsa Iseraele. 10  Mme wa hao o ne a le jwalo ka sefate sa morara*+ se lenngweng pela metsi. Se ne se eba le makala ebile se beha ditholwana hobane se le pela metsi a mangata. 11  Makala* a sona a ile a tiya hoo a neng a kgona ho etsa mare a borena a babusi. Se ile sa hola sa eba selelele ho feta difate tse ding,Se ne se bonahala ka lebaka la bolelele le makala a sona a mangata. 12  Empa se ile sa fotholwa+ ka bohale sa lahlelwa fatsheYaba moya o hlahang ka botjhabela o etsa hore ditholwana tsa sona di omelle. Makala a sona a matla a ile a rojwa, a omella+ a ba a tjha.+ 13  Hona jwale se lenngwe naheng e omeletsengE se nang metsi.+ 14  Mollo o ile wa tjhesa makala, dithunthung le ditholwana tsa sona. Ha ho na lekala le tiileng le ileng la sala mme le lere la borena ha le a ka la eba teng.’+ Ena ke yona pina ya kodiyamalla mme e tla dula e le kodiyamalla.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Ka Seheberu: “sefate sa morara mading a hao.”
Kapa: “Melamu.”