Ezekiele 2:1-10

  • Ezekiele o laelwa hore a yo profeta (1-10)

    • “Ebang ba a mamela kapa ha ba mamele” (5)

    • O bontshwa moqolo wa kodiyamalla (9, 10)

2  Motho eo a re ho nna: “Mora motho,* ema e le hore ke bue le wena.”+  Ha a bua le nna, moya o halalelang wa etsa hore ke eme+ e le hore ke utlwe motho ya buang le nna.  A re ho nna: “Mora motho, ke o roma ho bana ba Iseraele+ e leng ditjhaba* tse mphetohetseng.+ Bona le baholoholo ba bona haesale ba ntshitelwa ho fihlela letsatsing lena.+  Batho bao ke o romang ho bona ba a tella ebile ba manganga.+ O ba bolelle seo Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle a se buang.  Ebang ba a mamela kapa ha ba mamele hobane e le marabele,+ ba tla tseba hore ka nnete moprofeta o ne a le teng hara bona.+  O se ke wa ba tshaba wena mora motho+ mme o se ke wa tshaba mantswe a bona le hoja o potapotilwe ke meutlwa le dihlabahlabane*+ mme o dula hara diphepheng. O se ke wa tshoswa ke bona+ kapa ke mantswe a bona+ hobane ke marabele.  O ba bolelle mantswe a ka ebang ba a o mamela kapa tjhe hobane ke marabele.+  Wena mora motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa tshwana le batho bana ba marabele. Ahlama o je seo ke o fang sona.”+  Eitse ha ke sheba, ka bona motho a tlisa letsoho ho nna+ a tshwere moqolo.*+ 10  Ha a o bula o ne o ngotswe ka pele le ka morao.+ Moqolong oo ho ne ho ngotswe kodiyamalla,* dintho tse bohloko le tse llisang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Sheba Tlhaloso. Polelwana ena e hlaha ka makgetlo a 93 bukeng ena ya Ezekiele mme lena ke lekgetlo la pele.
Mona ho buuwa ka Baiseraele le Bajuda.
Kapa mohlomong: “le hoja ba le manganga ebile ba le jwalo ka dintho tse hlabang.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”