Ezekiele 20:1-49

  • Histori ya ho se mamele ha Iseraele (1-32)

  • Iseraele e tshepiswa ho kgutlela naheng ya yona (33-44)

  • Molaetsa wa kahlolo wa naha e ka borwa (45-49)

20  Ka letsatsi la leshome kgweding ya bohlano, ka selemo sa bosupa, baholo ba bang ba Iseraele ba ile ba tla ho nna ho tla botsa Jehova.  Jehova a bua le nna a re:  “Mora motho, bolella baholo ba Iseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Na le tlile ho tla batla thuso ho nna? Ke a ikana hore nke ke ka le thusa,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”  “Na o itokiseditse ho ba ahlola? Mora motho, na o itokiseditse ho ba ahlola? Ba bolelle dintho tse nyonyehang tseo baholoholo ba bona ba di entseng.+  Ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo ka lona ke ileng ka kgetha Iseraele,+ ke ile ka boela ka ikana ho batho ba leloko la Jakobo,* ka itsebisa ho bona naheng ya Egepeta.+ Ke ile ka ba hlapanyetsa hore ke nna Jehova Modimo wa bona.  Letsatsing leo, ke ile ka ikana hore ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ E ne e le naha e fetang dinaha tsohle ka botle.  Ke ile ka re ho bona: “E mong le e mong a lahle dintho tse nyonyehang* tseo a nang le tsona hape le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tse rapelwang tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.”+  Empa ba ile ba mphetohela yaba ha ba mmamele. Ha ba a ka ba lahla dintho tse nyonyehang tseo ba neng ba ena le tsona le ho kgaotsa ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela mme ke ntshetse bohale ba ka bohle ho bona ha ba le naheng ya Egepeta.  Empa ha ke a ka ka etsa jwalo e le hore ditjhaba tseo ba dulang hara tsona di se ke tsa tella lebitso la ka+ ka ha ke ile ka itsebahatsa ho Baiseraele ka pela ditjhaba tsena ha ke ne ke ba ntsha Egepeta.+ 10  Ke ile ka ba ntsha naheng ya Egepeta ka ba isa lefeelleng.+ 11  Ke ile ka ba fa melao le ditaelo tsa ka+ e le hore motho ya di mamelang a ka phela.+ 12  Ka boela ka ba fa disabatha tsa ka+ e le letshwao pakeng tsa ka le bona+ le tla ba hopotsa hore ke nna Jehova ya ba halaletsang. 13  Empa Baiseraele ba ile ba mphetohela ha ba le lefeelleng.+ Ha ba a ka ba mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka tseo ha motho a di mamela a fumanang bophelo. Ba ile ba silafatsa disabatha tsa ka. Ka hoo, ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela ke be ke ba fedise.+ 14  Empa ha ke a ka ka etsa jwalo e le hore ditjhaba tse boneng ha ke ba ntsha Egepeta, di se ke tsa tella lebitso la ka.+ 15  Ke ile ka boela ka ikana ha ba le lefeelleng hore nke ke ka ba isa naheng eo ke ba fileng yona,+ e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ e fetang dinaha tsohle ka botle 16  hobane ha ba a mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka ebile ba silafaditse disabatha tsa ka. Ba ile ba kgetha ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang.+ 17  Empa ke ile ka ba utlwela bohloko yaba ha ke ba fedise ha ba le lefeelleng. 18  Ke ile ka re ho bana ba bona lefeelleng:+ “Le se ke la mamela melao le ditaelo tsa baholoholo ba lona+ kapa la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse nyonyehang. 19  Ke nna Jehova Modimo wa lona. Mamelang melao ya ka le ditaelo tsa ka.+ 20  Le halaletse disabatha+ tsa ka mme e tlaba letshwao pakeng tsa ka le lona le le hopotsang hore ke nna Jehova Modimo wa lona.”+ 21  Le bana ba bona ha ba a ka ba mmamela.+ Ha ba a ka ba mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka tseo ha motho a di mamela a fumanang bophelo. Ba ile ba silafatsa disabatha tsa ka. Ka hoo, ka ba bolella hore ke tla ntshetsa bohale ba ka bohle ho bona ha ba le lefeelleng.+ 22  Empa ha ke a ka ka ba halefela+ e le hore ditjhaba tse boneng ha ke ba ntsha Egepeta, di se ke tsa tella lebitso la ka.+ 23  Ke ile ka boela ka ikana ho bona ha ba le lefeelleng hore ke tla ba hasanya hara ditjhaba, ke ba qhalakanye hara dinaha+ 24  hobane ha ba a ka ba mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka+ ebile ba silafaditse disabatha tsa ka. Ba ile ba kgetha ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang tsa baholoholo ba bona.+ 25  Ke ile ka ba tlohela hore ba mamele melao le ditaelo tse sa lokang tse neng di ke ke tsa ba fa bophelo.+ 26  Ke ile ka ba tlohela hore ba itshilafatse ka hore ba etse mahlabelo ka ho tjhesa bana ba bona ba matsibolo+ e le hore ke tle ke ba fedise le hore ba tsebe hore ke nna Jehova.’ 27  Mora motho, bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Baholoholo ba lona ba ile ba boela ba silafatsa lebitso la ka ka ho se ntshepahalle. 28  Ke ile ka ba isa naheng eo ke neng ke ba tshepisitse hore ke tla ba fa yona.+ Ba ile ba etsa mahlabelo le dinyehelo tse sa nthabiseng ha ba bona maralla a phahameng le difate tse ntle.+ Ba fana ka mahlabelo a bona a monko o monate* le ho tshela dinyehelo tsa seno moo. 29  Ka hoo, ka re ho bona: “Ke hobaneng ha le ya sebakeng seo se phahameng? (Sebaka seo se ntse se bitswa Sebaka se Phahameng ho fihlela letsatsing lena.)”’+ 30  ‘Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Na le lona le itshilafatsa ka ho se ntshepahalle* jwalo ka baholoholo ba lona ba ileng ba rapela ditshwantsho tse nyonyehang?+ 31  Na le ntse le itshilafatsa ho fihlela letsatsing lee ka hore le etsetse ditshwantsho tsa lona tse nyonyehang mahlabelo ka ho tjhesa bana ba lona?+ Jwale Baiseraele, na le lebeletse hore ke le arabe ha le kopa thuso?”’+ ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, “Ke a ikana hore nke ke ka le araba.+ 32  Lona le re, ‘A re beng jwalo ka ditjhaba tse ding, jwalo ka malapa a dinaha tse ding a rapelang* patsi le majwe’+ empa ntho eo e ke ke ya etsahala.’” 33  ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, “Ke a ikana hore ke tla ba morena wa lona. Ke tla le ahlola ka letsoho la ka le matla ke be ke ntshetse kgalefo ya ka ho lona.+ 34  Ke tla le phutha hara ditjhaba ka letsoho la ka le matla, ke be ke le bokelle ke halefile ho tswa dinaheng tseo le hasantsweng ho tsona.+ 35  Ke tla le isa lefeelleng la ditjhaba ebe ke le ahlolela moo.+ 36  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla le ahlola feela jwalo ka ha ke ile ka ahlola baholoholo ba lona ha ba le lefeelleng naheng ya Egepeta. 37  Ke tla le fetisa tlasa molamu wa modisa,+ ke be ke etse hore le boloke selekane sa ka. 38  Ke tla ntsha batho ba ntshitelwang le ba sa mmameleng hara lona.+ Ke tla ba ntsha naheng eo ba dulang ho yona e le baditjhaba empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova.’ 39  Lona Baiseraele, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Tsamayang le yo rapela ditshwantsho tsa lona tse nyonyehang.+ Empa ka mora moo haeba le ntse le sa mmamele, le ke ke la hlola le kgona ho silafatsa lebitso la ka ka mahlabelo a lona le ka ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang.’+ 40  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Baiseraele bohle ba tla ntshebeletsa thabeng e phahameng ya Iseraele+ e leng thaba ya ka e halalelang. Ke tla le amohela mme ke batle monehelo ho lona le dinyehelo tsa dihlahiswa tsa lona tsa pele e leng dintho tsohle tsa lona tse halalelang.+ 41  Ka lebaka la monko o monate,* ke tla le amohela ha ke le ntsha hara ditjhaba le ha ke le bokella ho tswa dinaheng tseo le hasantsweng ho tsona.+ Ke tla le bontsha hore ke a halalela le ditjhaba di tla bona seo.+ 42  Le tla tseba hore ke nna Jehova+ ha ke le tlisa naheng ya Iseraele,+ eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e fa baholoholo ba lona. 43  Ha le le moo, le tla hlajwa ke dihlong ha le hopola dintho tse mpe tseo le neng le di etsa+ tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona.+ 44  Ka nako eo, lona Baiseraele, le tla tseba hore ke nna Jehova ha ke le etsetsa dintho tsena ka lebaka la lebitso la ka+ eseng ho ya ka boitshwaro ba lona kapa diketso tsa lona tse mpe,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’” 45  Jehova a boela a re ho nna: 46  “Mora motho, sheba ka lehlakoreng le ka borwa mme o phatlalatse molaetsa wa ka o be o profetele moru o naheng e ka borwa. 47  O re ho moru o naheng e ka borwa, ‘Mamela lentswe la Jehova. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla tlisa mollo+ mme o tla tjhesa difate tse ntle le tse omeletseng. Mollo oo o ke ke wa tima,+ batho bohle ba dulang ka borwa le ka leboya ba tla utlwa motjheso wa wona. 48  Batho bohle ba tla tseba hore ke nna Jehova ya o tlisitseng ka ha ha ho na motho ya ka kgonang ho o tima.”’”+ 49  Ke ile ka re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ba re ka nna, ‘O ipuela dilotho feela.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ho peo ya Jakobo.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “o kgathollang.”
E leng ho etsa botekatse ba tshwantshetso kapa ho sebeletsa medimo e meng.
Kapa: “a sebeletsang.”
Ka Seheberu: “o kgathollang.”