Ezekiele 21:1-32

  • Sabole ya Modimo ya kahlolo e ntshitswe selateng (1-17)

  • Morena wa Babilona o tla hlasela Jerusalema (18-24)

  • Kgosana e kgopo ya Iseraele e tla fediswa (25-27)

    • ‘Rola korone’ (26)

    • “Ho fihlela motho ya nang le tokelo ya molao a fihla” (27)

  • Baamone ba tla fediswa ka sabole (28-32)

21  Jehova a bua le nna a re:  “Mora motho, sheba ka lehlakoreng la Jerusalema mme o fane ka boprofeta bo lemosang hore na ho tla etsahalang ka dibaka tse halalelang le naha ya Iseraele.  Bolella Baiseraele hore Jehova o re: ‘Ke tla le lwantsha, ke ntshe sabole ya ka selateng*+ sa yona ebe ke bolaya batho ba lokileng le ba kgopo.  Sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona hobane ke tla bolaya batho bohle ba lokileng le ba kgopo, ho tloha ka borwa ho ya ka leboya.  Batho bohle ba tla tseba hore nna Jehova ke ntshitse sabole ya ka selateng sa yona mme nke ke ka e kgutlisetsa.’+  Mora motho, fehelwa ha bohloko o be o thothomele ka pela bona.+  Haeba ba re ho wena, ‘Ke hobaneng ha o fehelwa?’ o re, ‘Ke ka lebaka la ditaba tse tlang.’ Di a tla mme le tla tshoha haholo ha le di utlwa. Matsoho a lona a tla kgathala, le tla nyahama mme mangole a lona a rothe metsi.*+ Ditaba tsena ke nnete ebile di tla etsahala,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”  Jehova a boela a re ho nna:  “Mora motho, profeta hore Jehova o re: ‘Sabole, sabole+ e leoditswe ebile e bentshitswe. 10  E leoditswe hore e bolaye batho ba bangata ebile e bentshitswe hore e benye jwalo ka lehadima.’” Batho ba re: “Re tla thaba.” Empa Modimo a re: “E* tla kgaola lere la mora wa ka la borena+ jwalo ka ha e kgaola difate. 11  Ke fane ka yona hore e bentshwe ebe e sebediswe. Sabole ena e leoditswe ebile e bentshitswe e le hore e fuwe mmolai.+ 12  Mora motho, lla haholo+ ka ha sena se tlo etsahalla setjhaba sa ka le dikgosana tsohle tsa Iseraele.+ Kaofela ba tlo bolawa ka sabole. Ka hoo, bontsha hore o utlwile bohloko.* 13  Ho entswe tlhahlobo.+ Haeba sabole e hana lere la borena, lere la borena le ke ke la hlola le eba teng,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 14  Mora motho, profeta, o ope diatla o be o re ka makgetlo a mararo, ‘Sabole.’ Sabole e bolaileng batho ba bangata ka sehloho ke ena e ba potolohile.+ 15  Ba tla tshoha+ haholo mme batho ba bangata ba tla shwella dikeiting tsa motse. Ke tla ba bolaya ka sabole e benyang jwalo ka lehadima le e bentsheditsweng hore e bolaye. 16  Sabole, bolaya ka lehlakoreng le letona le le letshehadi mme o ye hohle moo o shebileng. 17  Le nna ke tla opa diatla, ke fane ka kotlo mme ka mora moo ha ke sa tla halefa.+ Ke nna Jehova ya buileng.” 18  Jehova a boela a re ho nna: 19  “Mora motho, etsa ditsela tse pedi tseo sabole ya morena wa Babilona e tla tla ka tsona. Ka bobedi di tla tswa naheng e le nngwe. Moo ditsela tseo di arohanang teng o etse letshwao le bontshang hore na tsela ka nngwe e ya motseng ofe. 20  O tshwaye tsela bakeng sa sabole e tla hlasela motse wa Raba+ ya Baamone o be o tshwaye tsela eo e tla kena ka yona ha e hlasela motse o sireletsehileng wa Jerusalema e Juda.+ 21  Morena wa Babilona o ema moo ditsela tse pedi di kopanang teng e le hore a sebedise bonohe. O sisinya metsu. A buisane le ditshwantsho tsa hae tse rapelwang* ebe o hlahloba sebete sa phoofolo. 22  Bonohe bo ka letsohong la hae le letona bo bontsha hore o lokela ho ya Jerusalema, a behe dibetsa tse dihang marako, a fane ka taelo ya hore batho ba bolawe, ho etswe modumo wa ntwa, ho behwe dibetsa tse dihang marako keiting le hore ho hahwe lerako le thibellang motse mme o hlaselwe.+ 23  Empa ho batho* ba entseng kano le yena, ho tla bonahala eka ke bonohe ba leshano.+ A ke ke a lebala phoso ya bona mme o tla ba isa botlamuweng.+ 24  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Le entse hore molato wa lona o se ke wa lebalwa ka ha dibe tsa lona di bonwa dinthong tsohle tseo le di etsang. Ka lebaka leo, le tla nkuwa ka nkane hobane le nkgopoditse molato wa lona.’ 25  Empa wena kgosana ya Iseraele e ntshitsweng maqeba a mabe,+ letsatsi la hore o ahlolwe le fihlile. 26  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Rola tuku le korone.+ Dintho di tla fetoha.+ Phahamisa ya tlase+ mme o theole ya phahameng.+ 27  Ke tla fedisa borena,* ke bo fedise bo fele. Ha ho na motho ya tla fuwa borena ho fihlela motho ya nang le tokelo ya molao a fihla+ mme ke mo fa bona.’+ 28  Mora motho, ba profetele hore na Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o reng ka Baamone le ka dintho tse mpe tseo ba di buang ka yena. O re: ‘Sabole, sabole e bolayang e ntshitswe, e bentshitswe e le hore e bolaye le hore e benye jwalo ka lehadima. 29  O bone boprofeta ba leshano le bonohe ba leshano. Ka lebaka leo, o tla lahlelwa hodima ditopo tsa batho ba kgopo bao letsatsi la bona la hore ba ahlolwe le seng le fihlile. 30  Kgutlisetsa sabole selateng sa yona. Ke tla o ahlolela naheng eo o hlahetseng ho yona e leng eo o tswang ho yona. 31  Ke tla ntshetsa bohale ba ka ho wena e le hore bo o tjhese jwalo ka mollo. Ke tla fana ka wena ho banna ba sehloho, bao e leng ditsebi tsa ho bolaya batho.+ 32  Ho tla beswa mollo ka wena,+ o tla bolaelwa naheng ebile o ke ke wa hlola o hopolwa, ke nna Jehova ya buileng.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Sepatjhe sa sabole se entsweng ka letlalo.
Ho bolelang hore ba tla ithotela ka lebaka la ho tshoha.
E leng sabole ya Jehova.
Kapa: “ikotle serope ho bontsha hore o utlwile bohloko.”
Ka Seheberu: “diterafime.” Sheba Tlhaloso.
E leng baahi ba Jerusalema.
Kapa: “korone.”