Ezekiele 23:1-49

  • Bana ba motho ba sa tshepahaleng (1-49)

    • Ohola le Asiria (5-10)

    • Oholiba le Babilona le Egepeta (11-35)

    • Bana ba motho ba a ahlolwa (36-49)

23  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, ho ne ho ena le basadi ba babedi bao e leng bana ba motho.+  Ho tloha botjheng ba bona, e bile matekatse Egepeta.+ Matswele a bona le difuba tsa bona di ile tsa tshwarwatshwarwa moo e sa le barwetsana.  Lebitso la e moholo e ne e le Ohola,* la e monyenyane e le Oholiba.* Ke ile ka nyala basadi bao mme ba ba le bana. Ohola ke Samaria,+ Oholiba ke Jerusalema.  Ohola e ile ya eba letekatse+ e ntse e le mosadi wa ka. O ne a ena le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano le baahisani bao a neng a ratana le bona+ e leng Baasiria.+  Kaofela ha bona e ne e le bahlankana ba batle, ba palamang dipere. Ba ne ba apara diaparo tse putswa ebile e le matona le batlatsi ba babusi.  Ohola o ile a nna a etsa botekatse le bara bohle ba batle ka ho fetisisa ba Asiria. A itshilafatsa+ ka ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang* tsa batho bao a nang le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano le bona.  Ha a ka a tlohela botekatse boo a neng a bo etsa Egepeta hobane ba ile ba etsa thobalano le yena ho tloha botjheng ba hae, ba mo tshwaratshwara difubeng e sa le morwetsana, ba kgotsofatsa le takatso ya bona e feteletseng ya ho etsa thobalano* le yena.+  Ka lebaka leo, ke ile ka fana ka yena ho bara ba Asiria+ bao a neng a ratana le bona ebile a ena le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano le bona. 10  Ba ile ba mo hlobodisa,+ ba nka bara le baradi ba hae+ yaba ba mo bolaya ka sabole. E ile ya eba mosadi ya tummeng hampe mme ba ile ba mo fa kotlo. 11  Ha ngwanabo e leng Oholiba a bona dintho tsena, takatso ya hae e feteletseng ya ho etsa thobalano ya eketseha le ho feta mme ya eba letekatse le fetang ausi wa hae Ohola.+ 12  O ile a ba le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano le banna ba Asiria+ e leng baahisani ba hae. E ne e le matona le batlatsi ba babusi. Ba ne ba apara diaparo tse ntle ebile ba palama dipere. 13  Ha a itshilafatsa, ke ile ka bona hore ka bobedi ba etsa dintho ka tsela e tshwanang.+ 14  O ile a eketsa diketso tsa hae tsa botekatse. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalde tse betlilweng leboteng, tse pentilweng ka bofubedu. 15  Ba ne ba tlamme mabanta mathekeng a bona ebile ba rwetse dituku tse leketlileng. Kaofela ha bona ba ne ba shebahala jwalo ka masole le Bababilona ba hlahetseng naheng ya Bakalde. 16  Ha a di bona, o ile a qala ho ba le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano le bona mme a romela baromuwa ho bona naheng ya Kalde.+ 17  Banna ba Babilona ba ile ba nna ba tla betheng ya hae mme ba mo silafatsa ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona tse feteletseng tsa ho etsa thobalano.* Ka mora hore ba mo silafatse, a tloha ho bona hobane ba ne ba nyonyeha ho yena. 18  Ha a ntse a etsa botekatse ba hae a sa hlajwe ke dihlong ebile a tsamaya a hlobola hohle,+ ke ile ka mo nyonya yaba ke a mo lahla feela jwalo ka ha ke ile ka etsa ka ausi wa hae.+ 19  A nna a etsa botekatse,+ a hopola matsatsing a botjheng ba hae ha a ne a etsa botekatse naheng ya Egepeta.+ 20  O ile a ba le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano le bona jwalo ka basadi ba direthe bao banna ba bona ba nang le ditho tsa botona tse jwalo ka tsa tonki le tsa pere. 21  O ile wa lakatsa ho etsa boitshwaro bo bobe ho tloha ha o sa le motjha Egepeta,+ ha ba ne ba o tshwaratshwara sefubeng le matsweleng.+ 22  Oholiba, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho wena: ‘Ke susumeletsa batho bao o neng o ratana le bona,+ bao o ileng wa ba lahla hobane o ba nyonya hore ba o hlasele ba tswa mahlakoreng ohle+ 23  e leng Bababilona,+ Bakalde bohle,+ banna ba Pekode,+ Showa, Kowa ha mmoho le bara bohle ba Asiria. Kaofela ke bahlankana ba batle ebile ba kgethilwe* ka hloko, ke matona, batlatsi ba babusi le masole. Kaofela ha bona ba palama dipere. 24  Ba tla o hlasela ka dikariki tse ngata tsa ntwa le dihlopha tse ngata tsa masole a nkileng dithebe tse kgolo le tse nyenyane* a bile a rwetse le dihelmete. Ba tla o potapota mme ke tla re ba o ahlole ka moo ba batlang ka teng.+ 25  Ke tla o bontsha hore ke halefile mme le bona ba tla o lwantsha ba halefile. Ba tla o kgaola nko le ditsebe ebile batho ba hao ba tla phonyoha ba tla bolawa ka sabole. Ba tla nka bana ba hao mme ba tla phonyoha ba tla bolawa ka mollo.+ 26  Ba tla o hlobodisa diaparo+ ba be ba nke mabenyane* a hao a matle.+ 27  Ke tla fedisa boitshwaro ba hao bo bobe le botekatse ba hao+ boo o bo qadileng Egepeta.+ O ke ke wa hlola o ba sheba ebile o ke ke wa hlola o hopola Egepeta.’ 28  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke nehelana ka wena ho batho bao o ba hloileng, bao o ileng wa ba lahla hobane o ba nyonya.+ 29  Ba tla o lwantsha hobane ba o hloile, ba nke dintho tsohle tseo o di sebeleditseng ka thata+ ba be ba o siye o hlobotse. Diketso tsa hao tse hlabisang dihlong tsa ha o ne o etsa boitshwaro bo bobe le botekatse di tla senolwa.+ 30  Dintho tsena di tla etswa ho wena hobane o ile wa lelekisa ditjhaba jwalo ka letekatse+ hape wa itshilafatsa ka ho rapela ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang.+ 31  O entse dintho tse tshwanang le tseo ausi wa hao a di entseng.+ Ke tla o fa kopi ya hae.’*+ 32  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘O tla nwa ka kopi e kgolo le e sephara ya ausi wa hao.+ Batho ba tla o tsheha ba be ba o some, e leng tsona dintho tse tletseng ka koping ya hao.+ 33  O tla nwa se ka koping ya ausi wa hao Samaria o be o se qete,O tla tahwa o be o utlwe bohloko haholo. Batho ba tla o makalla mme o tla dula o saretswe. 34  O tla nwa ntho e nngwe le e nngwe e ka hara kopi eo e entsweng ka letsopa ho fihlela e se na letho,+Kopi eo e tla pshatleha mme o tla ja maqhetswana a yona o be o ikgaole matswele. “Ke nna ya buileng,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’ 35  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha o ntebetse ebile ha o sa ntsotella ho hang,+ o tla utlwa ditlamorao tse bohloko tsa boitshwaro ba hao bo bobe le diketso tsa hao tsa botekatse.’” 36  Jehova a re ho nna: “Mora motho, ke batla hore o tsebise Ohola le Oholiba+ kahlolo ya bona ka lebaka la dintho tse nyonyehang tseo ba di etsang. 37  Ba febile+ ebile ba bolaile batho. Ha ba a etsa bofebe* ka hore feela ba rapele medimo ya bona ya ditshwantsho e nyonyehang empa ba ile ba boela ba etsetsa medimo ya bona dijo ka hore ba tjhese bara bao ba ntswaletseng bona.+ 38  Ebile letsatsing lona leo, ba ile ba silafatsa sehalalelo sa ka le disabatha tsa ka. 39  Ka mora hore ba bolaye bana ba bona e le hore ba etsetse medimo ya bona mahlabelo,+ letsatsing lona leo, ba ile ba ya sehalalelong sa ka mme ba se silafatsa.+ Ba ne ba etsa dintho tseo ka hara tempele ya ka. 40  Ba boela ba roma moromuwa hore a late banna ba tswang hole.+ Ha ba le tseleng, o ile wa hlapa, wa itokisa sefahleho wa ba wa ikgabisa ka mekgabiso.+ 41  O ile wa dula setulong sa maemo+ seo ho neng ho behilwe tafole ka pela sona+ yaba o beha dibano+ le oli ya ka hodima yona.+ 42  Ho ne ho utlwahala lerata la banna ba bangata ba sa tsotelleng letho. Hara bona, ho ne ho ena le matahwa a latilweng naheng. Ba ile ba rwesa basadi difaha matsohong le dikorone tse ntle dihloohong. 43  Ke ile ka re ka mosadi eo ya neng a fedile ke ho etsa bofebe, ‘O ntse a tla tswela pele ka botekatse ba hae.’ 44  Ba ile ba nna ba ya ho yena feela jwalo ka ha motho a ya ho letekatse. Ke ka tsela eo ba ileng ba nna ba ya ho basadi bana ba itshwereng hampe e leng Ohola le Oholiba. 45  Empa banna ba lokileng ba tla mo fa kahlolo e mo loketseng ka lebaka la ho bolaya batho+ le ho feba.+ Ke bafebi ebile ba bolaile batho.+ 46  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ho tla romelwa masole hore a tlo ba hlasela, a ba etse dintho tse tshosang mme ba nkelwe dintho tsa bona.+ 47  Masole ao a tla ba tlepetsa ka majwe+ a be a ba bolaye ka disabole. A tla bolaya bana ba bona,+ a tjhese le matlo a bona.+ 48  Ke tla fedisa boitshwaro ba bona bo bobe naheng. Basadi bohle ba tla ithuta thuto ya bohlokwa ho bona mme ba ke ke ba ba etsisa.+ 49  Ba tla o tlisetsa ditlamorao tse bohloko ka lebaka la diketso tsa hao tse mpe le ka lebaka la dibe tseo o ileng wa di etsa ka ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang. Le tla tseba hore ke nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Tente ya ka e ho Yena.”
E bolelang “Tente ya Hae.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Kapa: “ba etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “ba etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “ba bitsitsweng.”
Hangata dithebe tsena tse nyenyane di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “mekgabiso.”
Ho bonahala kopi ena e emela kahlolo ya Modimo.
E leng ho etsa bofebe ba tshwantshetso kapa ho sebeletsa medimo e meng.