Ezekiele 24:1-27

  • Jerusalema e jwalo ka pitsa e mafome (1-14)

  • Lefu la mosadi wa Ezekiele ke letshwao (15-27)

24  Jehova a bua le nna hape ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong a re:  “Mora motho, ngola letsatsi lena* fatshe. Morena wa Babilona o qadile ho hlasela Jerusalema ka lona letsatsi lena.+  Bolella batho bana ba marabele maele* ana a buang ka bona, O re Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Beha pitsa* mollong, o tshele metsi ka hara yona.+   O tshele maqa a matenya a nama ka hara yona,+Serope le sephaka, o tshele le masapo a mangata a matle.   O kgethe dinku tse ntle+ ebe o kenya patsi e tenya ka tlasa pitsa ho e potoloha. O phehe maqa ao le masapo ka pitseng eo.’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ho madimabe motse o bolayang batho,+ o jwalo ka pitsa e sa tloswang mafome. O ntshe maqa a ka ho yona ka bonngwe,+ o se ke wa sebedisa lotho ho kgetha hore na o ntsha lefe.   Madi a batho ba bolailweng motseng oo+ a qhalletswe hodima lefika moo motho e mong le e mong a ka a bonang. Ha a ka a qhallwa fatshe e le hore a kwahelwe ka mobu.+   Ke behile madi a batho bao motse oo o ba bolaileng hodima lefika le benyang,Moo motho e mong le e mong a ka a bonangE le hore ke halefe le ho feta, ke kgone ho iphetetsa.’+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ho madimabe motse o bolaileng batho.+ Ke tla o behela qubu ya patsi. 10  Eketsa patsi e tenya e le hore mollo o nne o tuke. O phehe nama hore e tswe masapong ebe o qhala moro wa yona. 11  O behe pitsa e sa tshelang letho hodima mashalaE le hore e tjhese e be kgubedu. Ditshila tsa yona di qhibidihe+ le mafome a yona a tjhe. 12  Ho a kgathatsa ebile ho a tenaHo hlatswa pitsa e nang le mafome a mangata a sa tloheng.+ E lahlele mollong e ntse e le mafome jwalo. 13  Jerusalema, boitshwaro ba hao bo bobe bo entse hore o se ke wa hlweka.+ Ke lekile ho o hlwekisa empa o ne o sa batle. O tla dula o sa hlweka ho fihlela bohale ba ka bo kokobela.+ 14  Nna Jehova ke buile. Ntho ena e tla etsahala. Nke ke ka o utlwela bohloko kapa ka o hauhela.+ O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.” 15  Jehova a boela a bua le nna a re: 16  “Mora motho, ke tla bolaya mosadi wa hao ka ho panya ha leihlo.+ O se ke wa mo utlwela bohloko kapa wa mo llela. 17  O llele ka hare mme o se ke wa etsa meetlo e etswang ha batho ba shwele.+ O rwale tuku+ le dieta.*+ O se ke wa kwahela ditedu tsa hao tse ka hodima molomo+ hape o se ke wa ja dijo* tseo batho ba o tlisetsang tsona.”+ 18  Ke ile ka bua le setjhaba hoseng yaba mantsiboya mosadi wa ka o a hlokahala. Letsatsi le hlahlamang hoseng, ka etsa seo ke neng ke se laetswe. 19  Setjhaba se ile sa re ho nna: “Re bolelle hore na rona re kena kae dinthong tsena tseo o di etsang.” 20  Ka se bolella hore Jehova o buile le nna a re: 21  “Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke haufi le ho silafatsa sehalalelo sa ka,+ seo le ikotlang sefuba ka sona le seo le se ratang ka dipelo tsohle tsa lona. Bana ba lona bao le ba siileng ba tla bolawa ka sabole.+ 22  Le tla lokela ho etsa feela jwalo ka ha ke entse. Le ke ke la kwahela ditedu tsa lona tse ka hodima molomo hape le ke ke la ja dijo tseo le di tlisetswang ke batho.+ 23  Le tla rwala dituku le dieta.* Le ke ke la ba utlwela bohloko kapa la ba llela. Ho ena le hoo, dibe tsa lona di tla le tshwenya+ mme le tla bolellana ka moo le utlwileng bohloko ka teng. 24  Ezekiele ke letshwao la lona.+ Le tla etsa seo a se entseng. Ha dintho tsena di etsahala le tla tseba hore ke nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.’ 25  Mora motho, letsatsing leo ke nkang bara le baradi ba bona ha mmoho le sebaka sa bona se sireletsehileng le se setle, seo ba thabelang ho ba ho sona le seo ba se ratang ka dipelo tsohle tsa bona,+ 26  motho ya phonyohileng o tla tla a tlo o bolella se etsahetseng.+ 27  Letsatsing leo, o tla kgona ho bua hape+ mme o tla bua le motho eo ya phonyohileng. O tla ba letshwao ho bona ebile ba tla tseba hore ke nna Jehova.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “lebitso la letsatsi lena.”
Kapa: “papiso.”
Kapa: “pitsa e kgolo.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Ka Seheberu: “bohobe ba batho.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”