Ezekiele 25:1-17

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Baamone (1-7)

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Moabe (8-11)

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Edomo (12-14)

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Bafilista (15-17)

25  Jehova a boela a re ho nna:  “Mora motho, phatlalatsa molaetsa wa kahlolo ho Baamone.+  O re Baamone ba mamele lentswe la Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha le ile la tsheha ha sehalalelo sa ka se silafatswa, ha naha ya Iseraele e fediswa le ha Bajuda ba iswa botlamuweng,  ke nehelana ka lona ho batho ba ka botjhabela hore ba le hape. Ba tla haha marako, ba hlome le ditente tsa bona hara lona. Ba tla ja dijo tseo le di lemang, ba nwe le lebese la lona.  Ke tla etsa hore Raba+ e be sebaka seo dikamele di fulang ho sona le naha ya Baamone hore e be sebaka seo diphoofolo di phomolang ho sona. Le tla tseba hore ke nna Jehova.’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha o ile wa opa diatla,+ wa tapatapa wa ba wa thaba le ho soma Baiseraele ha o bona se ba etsahalletseng,+  ke tla etsa hore ditjhaba tse ding di o hlasele di be di o hape. Ke tla o fedisa hara ditjhaba le dinaheng tse ding.+ Ka nnete ke tla o fedisa mme o tla tseba hore ke nna Jehova.’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha naha ya Moabe+ le ya Seire+ di itse: “Bajuda ba tshwana le ditjhaba tse ding tsohle,”  ke tla etsa hore metse e moeding wa Moabe e hlaselwe ho akareletsa le metse ya yona e metle ka ho fetisisa e leng Bethe-jeshimothe, Baale-meone le Kiriathaime.+ 10  Ke tla nehelana ka Baamone le Bamoabe e le hore batho ba ka botjhabela+ ba ba hape. Baamone ba ke ke ba hlola ba hopolwa hara ditjhaba.+ 11  Ke tla ahlola Bamoabe+ mme ba tla tseba hore ke nna Jehova.’ 12  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Baedomo ba molato hobane ba ipheteditse ho Bajuda.+ 13  Ka lebaka leo, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla ahlola Baedomo ka hore ke fedise naha ya bona, diphoofolo le batho.+ Ba tla bolawa ka sabole ho tloha Temane ho ya Dedane.+ 14  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baedomo ke sebedisa setjhaba sa ka sa Iseraele.+ Ke tla sebedisa sona ha ke ntshetsa bohale ba ka ho Baedomo e le hore ba utlwe ha ke iphetetsa.’+ 15  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha Bafilista ba hloile Baiseraele haholo, ba ikemiseditse ho iphetetsa ho bona ka sehloho le ho ba fedisa.+ 16  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla ahlola Bafilista,+ ke bolaye Bakerethe+ le batho bohle ba setseng ba dulang lebopong la lewatle.+ 17  Ke tla ba halefela mme ke iphetetse ka ho ba fa kotlo. Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke iphetetsa.”’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho