Ezekiele 27:1-36

  • Pina ya kodiyamalla e binelwang sekepe sa Tire se tebang (1-36)

27  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Wena mora motho, binela Tire kodiyamalla.*+  O re ho Tire: ‘Wena ya dulang dikeiting tsa lewatle,Rakgwebo ya rekisetsang batho ba dulang dihlekehlekeng tse ngata,Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Wena Tire, o ipoleletse hore o motle haholo.”+   Meedi ya hao e hara lewatle,Dihahi tsa hao di o entse hore o be motle haholo.   Di entse mapolanka a hao kaofela ka difate tsa junipere tse tswang Senire,+Di o etseditse le palo e tshehetsang ka difate tsa kedare tse tswang Lebanone.   Di o etseditse masokwana a sekepe ka difate tsa ouku tse tswang Bashane. Nko ya sekepe sa hao e ne e entswe ka lepolanka la kiprese le tswang dihlekehlekeng tsa Kitime+ le kgabisitsweng ka lenaka la tlou.   Seile ya sekepe sa hao e entswe ka lesela la line le mebalabala le tswang Egepeta,Lesela le kwahelang sekepe ka hodimo lona le entswe ka kgareng e putswa le ulu e pherese, tse tswang dihlekehlekeng tsa Elisha.+   Baahi ba Sidone le ba Arvade+ e ne e le bona ba sokang sekepe sa hao. Wena Tire, bahlanka ba hao ba nang le bokgoni ba ho sesisa dikepe e ne e le bona basesisi ba hao.+   Banna ba nang le bokgoni le ba nang le boiphihlelo* ba tswang Gebale+ ba ne ba kwala masoba sekepeng sa hao e le hore metsi a se ke a kena.+ Bakganni ba dikepe tsohle tsa lewatle, ba ne ba tla ho wena ho tla etsa kgwebo le wena. 10  Banna ba Persia, Lude le Pute+ e ne e le masole a hao. Ba ne ba haka dithebe le dihelmete tsa bona maboteng a hao ebile ba etsa hore o be matla o be o tume. 11  Banna ba Arvade bao e neng e le masole a hao, ba ne ba ema ho potoloha marako a hao,Banna ba sebete ba ne ba ema ditoreng tsa hao. Ba ne ba haka dithebe tsa bona tse sedikadikwe ho potoloha mabota ohle a hao,Ba etsa hore o be motle le ho feta. 12  Tarshishe+ e ne e etsa kgwebo le wena hobane o ruile haholo.+ E ne e reka dintho ho wena ka silevera, tshepe, thini le loto.+ 13  Batho ba Javane, Tubale+ le Mesheke+ ba ne ba etsa kgwebo le wena. Ba ne ba o patala ka makgoba+ le dintho tsa koporo e le hore o ba fe dintho tse rekiswang. 14  Leloko la Togarma+ le ne le reka dintho tseo o di rekisang ka dipere le dimmoulo. 15  Batho ba tswang Dedane+ ba ne ba etsa kgwebo le wena. Dihlekehlekeng tse ngata o ne o hira bo rakgwebo. Ba ne ba o fa manaka a tlou+ le mapolanka a sefate se setsho e le lekgetho.* 16  Baedomo ba ne ba etsa kgwebo le wena hobane o ena le dintho tse ngata. Ba ne ba di reka ka majwe a thekoise, ulu e pherese, masela a mebalabala a kgabisitsweng le a boleng bo botle, dikorale le majwe a rubi. 17  Naha ya Juda le ya Iseraele di ne di etsa kgwebo le wena. Di ne di reka dintho tseo o di rekisang+ ka koro e tswang Minithe,+ dijo tse monate, mahe a dinotshi,+ oli le balsame.+ 18  Batho ba Damaseka+ ba ne ba etsa kgwebo le wena hobane o ne o ruile haholo ebile o rekisa dintho tse ngata. Ba ne ba o patala ka veine ya Helbone le ulu e tswang Zahari.* 19  Batho ba Vedane le ba Javane e leng metse e haufi le Uzale, ba ne ba reka dintho tseo o di rekisang ka dintho tsa tshepe, kasia* le lehlaka.* 20  Batho ba Dedane+ ba ne ba etsa kgwebo le wena ka hore ba o fe masela a sebediswang ha ho palangwa dipere. 21  O ile wa hira dikgosana tsohle tsa Kedare+ le Maarabia. Ba ne ba rekisa dikonyana, diramo le dipodi.+ 22  Borakgwebo ba Sheba le ba Rama+ ba ne ba etsa kgwebo le wena, ba reka dintho tseo o di rekisang+ ka ditlolo tsa mefuta yohle tse nkgang ha monate, majwe a bohlokwa le kgauta. 23  Batho ba Harane,+ Kane le Edene+ ha mmoho le borakgwebo ba Sheba,+ Asshure+ le Kilmade ba ne ba etsa kgwebo le wena. 24  Dimmarakeng tsa hao, ba ne ba rekisa diaparo tse ntle, diaparo tsa ka hodimo tse entsweng ka lesela le leputswa le le mebalabala le kgabisitsweng le dimmete tse mebalabala. Kaofela di ne di fasitswe hantle ka diropo. 25  Dikepe tsa Tarshishe+ di ne di tsamaisa dintho tseo o di rekisang. Ka hoo, o ile wa tlala mme wa ba morui hara lewatle. 26  Batho ba sokang sekepe sa hao ba o tlisitse lewatleng moo ho nang le metsi a mangata. Moya o hlahang ka botjhabela o entse hore o swahlamane hara lewatle. 27  Maruo a hao, dintho tseo o di rekisang, batho ba o sokelang dikepe le ba di sesisang,Batho ba kwalang masoba a sekepe sa hao, ba rekisang dintho tsa hao+ le banna bohle* ba ntwa+E leng batho bohle ba nang le wena,Kaofela ha bona ba tla teba bohareng ba lewatle letsatsing leo o wang ka lona.+ 28  Ha basesisi ba dikepe tsa hao ba hweletsa ho kopa thuso, dibaka tse lebopong la lewatle di tla thothomela. 29  Banna bohle ba sokang dikepe tsa hao le ba sebetsang ho tsonaBa tla di theoha mme ba eme fatshe. 30  Ba tla hweletsa mme ba o llele ha bohloko,+Ba ntse ba itshela ka mobu hloohong ebile ba ipitika moloreng. 31  Ba tla kuta moriri wa bona kaofela mme ba apare lesela le hwashang.* Ba tla o llela ha bohloko. 32  Ba tla o binela kodiyamalla ba ntse ba lla ba re: ‘Ke mang ya tshwanang le Tire ya fedisitsweng* bohareng ba lewatle?+ 33  Ha thepa ya hao e tswang lewatleng e fihla, o ne o kgotsofatsa ditjhaba tse ngata.+ Maruo a hao a mangata le dintho tseo o neng o di rekisa di ne di ruisa marena a lefatshe.+ 34  Hona jwale wena le batho ba o sebeletsang ha mmoho le dintho tsohle tseo o di rekisang,Le swahlamane jwalo ka sekepe hara lewatle+ mme le a teba.+ 35  Baahi bohle ba dulang dihlekehlekeng ba tla o makalla,+Marena a bona a tla tshoha haholo+ le difahleho tsa ona di tla bontsha hore a tshohile. 36  Borakgwebo ba hara ditjhaba ba tla letsa molodi ha ba utlwa se o etsahalletseng. O tla fediswa ka sehloho ka ho panya ha leihloEbile o ke ke wa hlola o eba teng.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Ka Seheberu: “Banna ba baholo.”
Kapa: “sethabathaba.”
Kapa: “ulu e bofubedu bo bothokwa.”
Ke sefate se tswang mofuteng o le mong le sa sinamone.
Kapa: “lehlaka le nkgang ha monate.”
Ka Seheberu: “le phutheho yohle.”
Ka Seheberu: “ya entsweng hore a thole.”