Ezekiele 28:1-26

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya morena wa Tire (1-10)

    • “Ke modimo” (2, 9)

  • Pina ya kodiyamalla e binelwang morena wa Tire (11-19)

    • “O ne o le Edene” (13)

    • ‘Kerubime e tlotsitsweng e sireletsang’ (14)

    • ‘O ile wa etsa dintho tse sa lokang’ (15)

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Sidone (20-24)

  • Baiseraele ba tla kgutlisetswa naheng ya bona (25, 26)

28  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, bolella moetapele wa Tire hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Boikgohomoso ba hao+ bo etsa hore o nne o re, “Ke modimo. Ke dula teroneng ya modimo bohareng ba lewatle.”+Empa ha o modimo, o mothoLe hoja ka pelong ya hao o inka o le modimo.   O nahana hore o bohlale ho feta Daniele+Ebile o nahana hore o tseba makunutu kaofela.   O bile morui ka lebaka la temoho le bohlale ba haoHape o ntse o ipokellela kgauta le silevera matlotlong a hao.+   Bokgoni ba hao ba ho etsa kgwebo bo entse hore o rue haholo,+O ne o ikgohomosa hobane o le morui.’”  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ka ha o nahana hore o modimo,   Ke tla etsa hore baditjhaba ba tswang ditjhabeng tse sehloho ka ho fetisisa ba o hlasele,+Ba tla sebedisa disabole ba senye dintho tsohle tseo o di fumaneng ka lebaka la bohlale ba haoBa be ba senye botle ba hao.+   Ba tla o theolela lebitlengEbile o tla shwa ha bohloko hara lewatle.+   Na o tla nne o re, ‘Ke modimo’ ho motho ya o bolayang? Ho batho ba o silafatsang, o tla ba motho feela eseng modimo.” 10  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Baditjhaba ba tla o bolaya jwalo ka motho ya sa bollang,Ke nna ya tjhong jwalo.” 11  Jehova a bua le nna hape a re: 12  “Mora motho, binela morena wa Tire kodiyamalla* o re: ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “O ne o phethahetse haholo,O le bohlale+ ebile o le motle haholo.+ 13  O ne o le Edene serapeng sa Modimo.O ne o kgabisitswe ka majwe ohle a bohlokwaE leng rubi, topaze, jaspere, krisolite, onikse, jade, safire, thekoise+ le emeralde. Majwe ao a ne a dutse hara kgauta. Ke a entse ka letsatsi leo o bopilweng ka lona. 14  Ke o kgethile ka ba ka o tlotsa hore o be kerubime e sireletsang. O ne o le thabeng e halalelang ya Modimo+ ebile o tsamaya hodima majwe a tukang. 15  Ho tloha letsatsing leo o bopilweng ka lona o ne o se na molato,Ho fihlela o qala ho etsa dintho tse sa lokang.+ 16  Ka ha o ne o ena le dikgwebo tse ngata,+O ile wa rata ntwa yaba o etsa sebe.+ Ka lebaka leo, ke tla o tlosa thabeng ya Modimo ke be ke o fedise jwalo ka ntho e ditshila,+Ke o tlose le majweng a tukang, wena lengeloi le sireletsang. 17  O ile wa ikgohomosa hobane o le motle.+ Kganya ya hao e sentse le bohlale boo o neng o ena le bona.+ Ke tla o lahlela lefatsheng.+ Ke o etse sebonwang ka pela marena. 18  O silafaditse dibaka tsa hao tse halalelang ka diphoso tsa hao tse ngata le ka ho etsa dikgwebo tse sa tshepahaleng. Ke tla romela mollo ho wena hore o o tjhese,+Ke o etse molora lefatsheng ka pela batho bohle ba o bonang. 19  Batho bohle ba o tsebang ba tla o makalla.+ O tla fediswa ka sehloho ka ho panya ha leihloEbile o ke ke wa hlola o eba teng.”’”+ 20  Jehova a bua le nna hape a re: 21  “Mora motho, profetela Sidone+ molaetsa wa kahlolo. 22  O mo bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla o ahlola wena Sidone ke be ke halaletswe ka lebaka la seo ke tla o etsa sona. Batho ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke o ahlola ebile ke halaletswa ka lebaka la hao. 23  Ke tla o tlisetsa mafu a bolayang, diterata tsa hao di tla tlala madi. Ke tla bolaya batho ba bangata motseng wa hao ka sabole e tswang mahlakoreng ohle. Ba tla tseba hore ke nna Jehova.+ 24  Baiseraele ha ba sa tla hlola ba songwa ke ditjhaba tse ba potolohileng, tse ba utlwisang bohloko ka meutlwa e kang dihlabahlabane.+ Batho ba tla tseba hore ke nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. 25  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla halaletswa hara Baiseraele ka pela ditjhaba+ ha ke ba bokella hape ho tswa ditjhabeng tseo ba neng ba hasantswe ho tsona.+ Ba tla dula naheng ya bona+ eo ke e fileng mohlanka wa ka Jakobo.+ 26  Ba tla dula ba sireletsehile ho yona,+ ba hahe matlo ba be ba leme dirapa tsa morara.+ Ba tla phela ka kgotso ha ke ahlola ditjhaba tse ba potolohileng tse ba somang.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona.”’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”