Ezekiele 29:1-21

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Faro (1-16)

  • Babilona e tla patalwa ka naha ya Egepeta (17-21)

29  Jehova a bua le nna ka letsatsi la bo12, kgweding ya leshome ka selemo sa leshome a re:  “Mora motho, profeta molaetsa wa kahlolo ho Faro morena wa Egepeta le ho Baegepeta bohle.+  O ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla o lwantsha wena Faro morena wa Egepeta,+Wena phoofolo e kgolohadi ya lewatle e dulang dinokaneng* tsa Nile,*+Wena ya itseng, ‘Noka ya Nile ke ya ka. Ke iketseditse yona.’+   Ke tla kenya dihakisi mehlahareng ya hao ke be ke etse hore ditlhapi tsa noka ya hao ya Nile di itshwarelle makgakgapheng a letlalo la hao. Ke tla o ntsha ka hara Noka ya Nile ha mmoho le ditlhapi tsohle tsa yona tse itshwarelletseng ho wena.   Ke tla o lahlela lehwatateng le ditlhapi tsohle tsa hao tsa Noka ya Nile,Ke o lahlele hara naha mme ha ho na motho ya tla o phutha kapa ya tla o bokella.+ Ke tla etsa hore o be dijo tsa dibata le dinonyana.+   Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hore ke nna JehovaHobane ba ne ba tshwana le lehlaka le sa tiyang ho Baiseraele.+   Ha ba o tshwara ka letsoho o ne o wa,O etsa hore ba lemale mahetla. Ha ba itshetleha ka wena, o ne o robehaO etsa hore maoto* a bona a thothomele.’”+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla etsa hore dira tsa hao di bolaye+ diphoofolo tsa hao le setjhaba sa hao ka sabole.  Naha ya Egepeta e tla fediswa+ mme le tla tseba hore ke nna Jehova ka ha o itse,* ‘Noka ya Nile ke ya ka. Ke nna ya e entseng.’+ 10  Ka lebaka leo, ke lwantsha wena le noka ya hao ya Nile ebile ke tla etsa hore naha ya Egepeta e be e omeletseng le e se nang letho+ ho tloha Migdole+ ho ya Siene+ le ho ya fihla moeding wa Ethiopia. 11  Ha ho na motho kapa phoofolo e tla feta moo+ ebile e ke ke ya eba le baahi ka dilemo tse 40. 12  Ke tla etsa hore ho se ke ha eba le letho naheng ya Egepeta le metse ya yona e se ke ya eba le baahi ka dilemo tse 40.+ Ke tla hasanya Baegepeta hara ditjhaba ke be ke ba qhalakanye hara dinaha.”+ 13  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ka mora dilemo tse 40, ke tla bokella Baegepeta ho tswa moo ke ba hasantseng teng.+ 14  Ke tla kgutlisetsa batlamuwa ba Baegepeta naheng ya Pathrose+ eo ba tswang ho yona mme mmuso wa bona o ke ke wa eba matla. 15  Egepeta e tla ba mmuso o tlase ho feta mebuso e meng yohle ebile e ke ke ya hlola e hatella ditjhaba tse ding.+ Ke tla etsa hore e be setjhaba se senyenyane se ke keng sa kgona ho hlola ditjhaba tse ding.+ 16  Baiseraele ba ke ke ba hlola ba tshepa Egepeta.+ Ho ena le hoo, e tla ba hopotsa hore ba entse phoso ka ho kopa thuso ho yona. Ba tla tseba hore ke nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.” 17  Jehova a bua le nna ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ka selemo sa bo27 a re: 18  “Mora motho, Morena Nebukadnezare*+ wa Babilona o ile a lwantsha Tire+ ka masole a hae a matla. A ile a lwana ka matla hoo a ileng a ba lefatla le mahetla a ona a phumoha. Empa yena le masole a hae ha ba a ka ba patallwa mosebetsi o boima oo ba o entseng Tire. 19  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke fa Morena Nebukadnezare* wa Babilona+ naha ya Egepeta. O tla nka maruo ohle a yona e be o patala masole a hae.’ 20  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla mo patala ka naha ya Egepeta hobane o ile a ntwantshetsa Tire.’+ 21  Letsatsing leo, ke tla hlahisetsa Baiseraele lenaka*+ mme ke o fe monyetla wa hore o bue le bona. Ba tla tseba hore ke nna Jehova.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “melatswaneng.”
Temaneng ena le tse latelang, ha ho buuwa ka “Nile” ho buuwa ka noka le dinokana tsa yona.
Ka Seheberu: “mangole.”
Ka Seheberu: “o ile a re.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ke tla fa Baiseraele matla.”