Ezekiele 3:1-27

  • Ezekiele o laelwa hore a je moqolo o tswang ho Modimo (1-15)

  • Ezekiele e ba molebedi (16-27)

    • Ho se mamele ho tlisa lefu (18-21)

3  A re ho nna: “Mora motho, ja moqolo ona, ha o qeta o tsamaye o yo bua le Baiseraele.”+  Ka ahlama yaba o mpha moqolo hore ke o je.  A boela a re: “Mora motho, ja moqolo ona oo ke o fang wona mme o tlatse mpa ya hao ka wona.” Ke ile ka o ja mme o ne o le monate jwalo ka mahe a dinotshi.+  Hape o ile a re: “Mora motho, eya ho Baiseraele mme o ba bolelle hore na ke reng.  Ha ke o rome setjhabeng sa batho ba buang puo e thata kapa eo o sa e tsebeng empa ke o roma ho Baiseraele.  Ha ke o rome ho batho ba bangata ba buang puo e thata kapa eo o sa e tsebeng, bao o ke keng wa ba utlwisisa ha ba bua. Haeba ke ne nka o roma ho bona, ba ne ba tla o mamela.+  Empa Baiseraele ba ke ke ba o mamela hobane le nna ha ba batle ho mmamela.+ Baiseraele kaofela ba manganga.+  Ke entse hore o tiye mme o be manganga jwalo ka bona.*+  Ke entse hore phatla ya hao e be thata jwalo ka taemane, e be thata ho feta lejwe le thata.+ O se ke wa ba tshaba kapa wa tshoswa ke bona+ ka ha ke marabele.” 10  A boela a re ho nna: “Mora motho, mamela mantswe ohle ao ke o bolellang ona, o a mamele ka hloko. 11  Eya ho batho ba heno* ba botlamuweng.+ O ba bolelle hore na Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o reng, ebang ba a o mamela kapa tjhe.”+ 12  Moya* wa nkuka+ yaba ke utlwa lentswe le matla ka mora ka le re: “Jehova a ke a roriswe a le sebakeng sa hae ka lebaka la kganya ya hae.” 13  Ho ne ho ena le modumo wa mapheo a mangeloi ha a thetsana,+ modumo wa mabidi pela ona+ le modumo o mong o matla. 14  Moya wa nkuka yaba ke tloha ke utlwile bohloko ebile ke halefile. Moya wa Jehova wa sebetsa ho nna ka matla. 15  Ka ya Tel-abibe ho batho ba botlamuweng ba dulang haufi le noka ya Kebare.+ Ka dula le bona moo ka matsatsi a supileng ke ferekane.+ 16  Ka mora matsatsi a supileng Jehova a re ho nna: 17  “Mora motho, ke o kgethile hore o be molebedi wa Baiseraele.+ Ha o utlwa lentswe la ka o ba lemose.+ 18  Haeba nka bolella moetsadibe hore o tla shwa ebe ha o mo lemose le ho mo bolella hore a tlohele ho etsa dintho tse mpe e le hore a se ke a shwa,+ o tla shwa ka lebaka la dibe tsa hae+ empa ke tla o nka o le molato bakeng sa madi a hae.*+ 19  Empa haeba o mo lemosa ebe ha a tlohele ho etsa dintho tse mpe, o tla shwa ka lebaka la dibe tsa hae empa wena o tla pholoswa.+ 20  Haeba motho ya lokileng a tlohela ho etsa dintho tse ntle ebe o etsa dintho tse mpe, ke tla etsa hore a kgoptjwe ebe o a shwa.+ Haeba o sa ka wa mo lemosa, o tla shwa ka lebaka la dibe tsa hae mme nke ke ka hopola dintho tse ntle tseo a di entseng empa ke tla batla bophelo ba hae ho wena.*+ 21  Empa haeba o mo lemositse hore a se ke a etsa sebe ebe ha a se etse, o tla phela hobane o mo lemositse.+ Le wena o tla pholoswa.” 22  Jehova a theolela moya wa hae* hodima ka yaba o re: “Ema o ye thoteng, ha o le moo ke tla bua le wena.” 23  Ka ya thoteng mme ho ne ho ena le kganya ya Jehova moo,+ e kang kganya eo ke e boneng ha ke le nokeng ya Kebare+ yaba ke a kgumama. 24  Moya wa Modimo wa kena ka ho nna yaba o a nkemisa.+ Modimo a re: “Tsamaya o ikwalle ntlong ya hao. 25  Wena mora motho, ba tla o fasa ka diropo e le hore o se ke wa kgona ho ya ho bona. 26  Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao mme o se ke wa kgona ho bua le ho ba kgalemela hobane ke marabele. 27  Empa ha ke bua le wena o tla kgona ho bua hape+ mme o tla ba bolella hore na Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o reng. Motho ya batlang ho mamela, a mamele+ empa ya sa batleng a se ke a mamela hobane ke marabele.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Ke entse hore sefahleho sa hao se be thata jwalo ka difahleho tsa bona le phatla ya hao e be thata jwalo ka diphatla tsa bona.”
Ka Seheberu: “bara ba batho ba heno.”
Ka Seheberu, lentswe lena le ka bolela moya wa Modimo kapa lengeloi.
Kapa: “ke tla batla bophelo ba hae ho wena.”
Kapa: “ke tla o nka o le molato bakeng sa madi a hae.”
Ka Seheberu: “letsoho la hae.”