Ezekiele 31:1-18

  • Ho wa ha Egepeta e leng sefate se selelele sa kedare (1-18)

31  Jehova a boela a bua le nna ka letsatsi la pele la kgwedi ya boraro, ka selemo sa bo11 a re:  “Mora motho, ere ho Faro morena wa Egepeta le ho mabotho a hae,+‘Ke mang ya matla jwalo ka wena?   Ho ne ho ena le Moasiria ya jwalo ka sefate sa kedare sa Lebanone,Se ne se le selelele, se ena le makala a matle a etsang moriti o moholo. Karolo ya sona e ka hodimo e ne e fihla marung.   Metsi a ile a etsa hore se be seholo le hore se be selelele. Ho ne ho ena le dinokana moo se lenngweng teng,Di ne di nosetsa difate tsohle tsa naha.   Ke ka lebaka leo se ileng sa ba selelele ho feta difate tse ding tsohle tsa naha. Makala a sona a ile a ba mangata, a ba maleleleKa lebaka la metsi a mangata a tswang dinokaneng.   Dinonyana tsohle di ne di hahela makaleng a sona,Diphoofolo tsohle tse hlaha di ne di tswalla tlasa sona,Le batho ba ditjhaba tsohle ba dula tlasa moriti wa sona.   E ile ya eba sefate se seholo, se setle, se nang le makala a maleleleHobane metso ya sona e ne e le ka hara metsi a mangata.   Ho ne ho se na difate tse ding tsa kedare tse tshwanang le sona serapeng sa Modimo,+Ho se na difate tsa junipere tse nang le makala a tshwanang le a sonaEbile ho se na difate tsa poleini tse nang le makala a tshwanang le a sona. Ha ho na sefate se neng se le setle jwalo ka sona serapeng sa Modimo.   Ke se entse hore se be setle, se be le makgasi a mangataEbile difate tse ding tsohle tse neng di le Edene serapeng sa Modimo wa nnete, di ne di se monela.’ 10  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha se* ile sa eba selelele sa ba sa fihla marung, se ile sa ikgohomosa ka lebaka la bolelele ba sona. 11  Ke tla se fa mmusi ya matla wa ditjhaba.+ O tla se ahlola mme ke tla se lahla ka lebaka la bokgopo ba sona. 12  Baditjhaba ba sehloho ka ho fetisisa ba tla se kgaola, ba se lahlele dithabeng. Makgasi a sona a wele dikgohlong le makala a sona a robehe, a wele dinokaneng tsohle tsa naha.+ Batho bohle lefatsheng ba tla se lahla ebile ba ke ke ba hlola ba dula tlasa moriti wa sona. 13  Dinonyana tsohle di tla dula hodima sefate seo se weleng le diphoofolo tsohle tse hlaha di dule makaleng a sona.+ 14  Ntho ena e tla etsahala e le hore sefate le ha e le sefe se botleng moo metsi a leng mangata, se se ke sa eba selelele kapa karolo ya sona e ka hodimo e fihle marung. Kaofela di tla shwa, di patwe jwalo ka batho ba patwang mabitleng.’ 15  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo se theohelang Lebitleng,* ke tla etsa hore batho ba lle. Ke tla thiba metsi a mangata, ke thibe le dinokana hore di se ke tsa phalla. Ke tla etsa hore Lebanone e be lefifi ka lebaka la sona ebile difate tsohle tsa naha di tla omella. 16  Ke tla etsa hore ha se wa, modumo wa sona o thothometse ditjhaba. Ke tla se theolela Lebitleng* ha mmoho le batho bohle ba yang lebitleng. Difate tsohle tsa Edene+ e leng difate tse ntle tsa Lebanone tse botleng moo metsi a leng mangata, di tla tshediseha ha di se bona Lebitleng. 17  Di theoletswe Lebitleng* ho bohle ba bolailweng ka sabole.+ Di theohetse teng ha mmoho le ba mo tshehetsang, ba neng ba dula tlasa moriti wa hae.’+ 18  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ho na sefate se neng se tshwana le wena ka boholo le matla Edene.+ Le ha ho le jwalo, o tla iswa lebitleng ha mmoho le difate tsa Edene. O tla robatswa le batho ba bolailweng ka sabole ba sa bollang. Dintho tsena di tla etsahalla Faro le setjhaba sa hae.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.