Ezekiele 33:1-33

  • Mesebetsi ya molebedi (1-20)

  • Ditaba tse buang ka ho wa ha Jerusalema (21, 22)

  • Molaetsa o yang ho baahi ba metse e sentsweng (23-29)

  • Batho ha ba mamele molaetsa (30-33)

    • Ezekiele o “jwalo ka pina e monate ya lerato” (32)

    • “Moprofeta o ne a le teng hara bona” (33)

33  Jehova a bua le nna a re:  “Mora motho, bua le setjhaba sa heno+ o re, ‘A re re ke tlo bolaya batho naheng ka sabole+ ebe batho bao kaofela ba kgetha motho a le mong eo e tla ba molebedi wa bona,  ha a ntse a katile ebe o bona sera se tla, o letsa lenaka ho lemosa setjhaba.+  Haeba motho a utlwa modumo wa lenaka empa a sa etse letho+ ebe o a bolawa, o tla ikarabella ka lefu la hae.+  O utlwile modumo wa lenaka empa ha a etsa letho. O tla ikarabella ka lefu la hae. A ka be a sa shwa hoja a mamela.  Empa haeba molebedi a bona sera se tla ebe ha a letse lenaka+ ho lemosa setjhaba mme sera se bolaya motho e mong, motho eo o tla shwa ka lebaka la dibe tsa hae empa molebedi o tla ba molato.*+  Mora motho, ke o kgethile hore o be molebedi wa Baiseraele. Ha o utlwa lentswe la ka, o ba lemose.+  Haeba nka bolella moetsadibe hore o tla shwa+ ebe ha o mo lemose le ho mo bolella hore a tlohele ho etsa dintho tse mpe, o tla shwa e ntse e le moetsadibe ka lebaka la dibe tsa hae+ empa ke tla o nka o le molato bakeng sa madi a hae.*  Empa haeba o mo lemosa hore a tlohele ho etsa dintho tse mpe ebe o a hana, o tla shwa ka lebaka la dibe tsa hae+ empa wena o tla pholoswa.’+ 10  Mora motho, ere ho Baiseraele, ‘Le ile la re: “Dibe tsa rona le taba ya hore re ile ra o fetohela di re imetse ebile di re utlwisa bohloko haholo.+ Jwale ke jwang re ka tswelang pele re phela?”’+ 11  Ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke a ikana hore ha ke thabele ho bona motho ya kgopo a shwa+ empa ke thabela hore a fetole ditsela tsa hae+ e le hore a tswele pele a phela.+ Baiseraele, tlohelang dintho tse mpe+ tseo le di etsang e le hore le se ke la shwa.’+ 12  Mora motho, ere ho setjhaba sa heno, ‘Dintho tse ntle tseo motho ya lokileng a di etsang, di ke ke tsa mo pholosa haeba a mphetohela+ le motho ya kgopo a ke ke a shwa ka lebaka la dintho tse mpe tseo a neng a di etsa haeba a di tlohela.+ Motho ya lokileng le yena ha a etsa sebe, a ke ke a tswela pele a phela ka lebaka la dintho tse ntle tseo a neng a di etsa.+ 13  Ha ke re ho motho ya lokileng: “O ke ke wa shwa” ebe o itshepa ho tlola hoo a etsang ntho e mpe,+ dintho tse ntle tseo a di entseng di ke ke tsa hopolwa empa o tla shwa ka lebaka la ntho e mpe eo a e entseng.+ 14  Empa ha ke re ho motho ya kgopo: “O tla shwa” ebe o tlohela dintho tse mpe tseo a neng a di etsa mme o etsa tse ntle,+ 15  o kgutlisa dintho tseo a di nkileng ho motho ya mo kolotang+ le tseo a di utswitseng+ a bile a mamela melao e etsang hore motho a phele ka hore a se ke a etsa dintho tse mpe, a ke ke a shwa empa o tla tswela pele a phela.+ 16  O tla tshwarelwa dibe tseo a di entseng pele.*+ Ka ha o se a etsa dintho tse ntle, o tla tswela pele a phela.’+ 17  Empa setjhaba sa heno se itse, ‘Jehova ha a etse dintho ka toka’ empa e le sona se sa etseng dintho ka toka. 18  Ha motho ya lokileng a tlohela ho etsa dintho tse ntle ebe o etsa dintho tse mpe, o lokela ho shwa ka lebaka la tsona.+ 19  Empa ha motho ya kgopo a fetoha mme a tlohela ho etsa dintho tse mpe, a ena le toka a bile a etsa tse ntle, o tla tswela pele a phela ka lebaka la tsona.+ 20  Empa le itse, ‘Jehova ha a etse dintho ka toka.’+ Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka diketso tsa hae.” 21  Ha nako e ntse e ya, ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome ka selemo sa bo12 re le botlamuweng, monna ya phonyohileng Jerusalema o ile a tla ho nna+ a re: “Motse o dihilwe!”+ 22  Bosiu pele monna eo a tla ho nna, moya o halalelang* wa Jehova o ile wa tla ho nna, wa mpula molomo pele monna eo a fihla hoseng. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka kgona ho bua.+ 23  Jehova a bua le nna a re: 24  “Mora motho, baahi ba dibaka tse sentsweng+ ba re ka naha ya Iseraele, ‘Abrahama o ne a le mong feela empa o ile a fuwa naha ena.+ Rona re bangata, e tlameha ebe naha ena e se e fuwe rona.’ 25  Ka lebaka leo, ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Le ja nama e nang le madi,+ le kopa thuso ho ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang* ebile le ntse le bolaya batho.+ Jwale na le lokela ho fuwa naha? 26  Le tshepile disabole tsa lona,+ le etsa dintho tse nyonyehang mme kaofela ha lona le robala le basadi ba baahisani ba lona.+ Jwale na le lokela ho fuwa naha?”+ 27  O re ho bona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke a ikana hore batho ba dulang metseng e sentsweng ba tla bolawa ka sabole, ba dulang naheng e se nang letho bona ke tla fana ka bona e le dijo ho dibata tsa naha mme ba dulang dibakeng tse sireletsehileng le mahaheng ba tla bolawa ke malwetse.+ 28  Ke tla etsa hore naha e se ke ya eba le letho ho hang+ le boikgohomoso ba yona bo fediswe. Dithaba tsa Iseraele di tla senyeha,+ ha ho na motho ya tla kgona ho feta ho tsona. 29  Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke etsa hore naha e se ke ya eba le letho+ ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang tseo ba di entseng.”+ 30  Wena mora motho, batho ba heno ba ntse ba bua ka wena pela marako le menyako ya matlo a bona.+ Ba ntse ba buisana, e mong o re ho e mong, ‘A re ye re yo utlwa hore na Jehova o reng.’ 31  Ba tla dula ka pela hao ba le bangata jwalo ka ha eka ke batho ba ka, ba tla utlwa ha o bua le bona empa ba ke ke ba etsa seo o se buang.+ Ba bua mantswe a monate ho wena empa ka dipelong ba meharo ya ho fumana dintho ka bolotsana. 32  Ho bona o jwalo ka pina e monate ya lerato, e binwang ka lentswe le monate, e letswang ka seletsa se dikgwele se letswang ha monate. Ba tla utlwa ha o bua le bona empa ba ke ke ba etsa seo o se buang. 33  Ha boprofeta bona bo phethahala hobane ka nnete bo tla phethahala, ba tla tseba hore moprofeta o ne a le teng hara bona.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ke tla batla madi a hae ho molebedi.”
Kapa: “ke tla batla bophelo ba hae ho wena.”
Ka Seheberu: “Dibe tsa hae di ke ke tsa hopolwa.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.