Ezekiele 34:1-31

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya badisa ba Iseraele (1-10)

  • Jehova o hlokomela dinku tsa hae (11-31)

    • “Mohlanka wa ka Davida” o tla di disa (23)

    • “Selekane sa kgotso” (25)

34  Jehova a boela a re ho nna:  “Mora motho, profeta molaetsa wa kahlolo ho badisa ba Iseraele o re, ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ho madimabe lona badisa ba Iseraele+ ba iphepang. Na ha se mohlape oo badisa ba lokelang ho o fepa?+  Le ja mafura, le apara diaparo tse entsweng ka ulu ebile le hlaba diphoofolo tse nonneng ka ho fetisisa+ empa ha le fepe mohlape.+  Ha le a matlafatsa tse fokolang, ha le a fodisa tse kulang, ha le a tlamisa tse lemetseng, ha le a kgutlisa tse hlahlathetseng ebile ha le a batla tse lahlehileng.+ Ho ena le hoo, le ne le di laola ka thata ebile le di hateletse.+  Di ile tsa hasana hobane di se na modisa.+ Ka ha di ne di hasane, di ile tsa fetoha dijo tsa dibata tsohle tsa naha.  Dinku tsa ka di ne di hlahlathela dithabeng tsohle le maralleng ohle. Di ne di hasane hohle lefatsheng, ho se na motho ya batlanang le tsona kapa ya ikemiseditseng ho di fumana.  Ka lebaka leo, lona badisa mamelang mantswe a Jehova.  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibata tsohle tsa naha hobane di se na modisa. Badisa ba ka ha ba a di batla. Ho ena le hoo, ba ile ba iphepa yaba ha ba fepe dinku tsa ka.’  Ka lebaka leo, badisa mamelang mantswe a Jehova. 10  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla fa badisa kotlo ke be ke etse hore ba ikarabelle ka tsela eo ba neng ba tshwere dinku tsa ka ka yona.* Nke ke ka ba dumella hore ba di fepe*+ ebile le bona ha ba sa tla hlola ba iphepa. Ke tla pholosa dinku tsa ka ho bona e le hore ba se ke ba hlola ba di ja.’ 11  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke nna enwa, ke tla batlana le dinku tsa ka ke be ke di hlokomele.+ 12  Ke tla hlokomela dinku tsa ka jwalo ka modisa ya hlokomelang dinku tsa hae tse neng di hasane ebe o a di fepa.+ Ke tla di pholosa dibakeng tsohle tseo di neng di hasane ho tsona letsatsing la maru le la lefifi le letsholetsho,+ 13  ke di ntshe hara ditjhaba, ke di bokelle ha mmoho ho tswa dinaheng ke be ke di tlise naheng ya tsona. Ke tla di fepa thabeng ya Iseraele,+ pela dinokana le dibaka tseo ho dulwang ho tsona, 14  ke di fudise makgulong a matle mme di tla fula dithabeng tse phahameng tsa Iseraele.+ Di tla dula moo naheng e nang le makgulo a matle+ ebile di tla fula dithabeng tsa Iseraele tse nang le makgulo a matle.’ 15  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke nna ya tla fepa dinku tsa ka+ ke be ke di fe sebaka sa ho phomola.’+ 16  Ke tla batlana le e lahlehileng,+ ke kgutlise e hlahlathetseng, ke tlamise e lemetseng ke be ke matlafatse e fokolang. Empa ke tla fedisa e nonneng le e matla ebile ke tla e ahlola.” 17  Lona mohlape wa ka, nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ke re: “Ke tlisa kahlolo, ke tla ahlola dinku, diramo le diphooko* ka toka.+ 18  Na ha ho a lekana hore ebe le fula dibakeng tse nang le jwang bo botle ka ho fetisisa? Na le lokela ho hata jwang bo setseng ka maoto? Na ka mora hore le nwe metsi a hlwekileng ka ho fetisisa le lokela ho a silafatsa ka hore le a hate ka maoto? 19  Na jwale dinku tsa ka di fule jwang boo le bo hatileng ka maoto di be di nwe le metsi ao le a silafaditseng?” 20  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho tsona: “Ke tla ahlola dinku tse nonneng le tse otileng ka toka. 21  Le ne le sutumetsa dinku tsohle tse kulang ka mmele ya lona ebile le di hlaba ka manaka ho fihlela le di hasantse hohle. 22  Ke tla pholosa dinku tsa ka ebile ha di sa tla hlola di fetoha dijo tsa diphoofolo tse ding.+ Ke tla ahlola nku e nngwe le e nngwe ka toka. 23  Ke tla di fa modisa a le mong+ e leng mohlanka wa ka Davida+ mme o tla di fepa. O tla di fepa, e be modisa wa tsona.+ 24  Nna Jehova ke tla ba Modimo wa tsona+ mme mohlanka wa ka Davida e be kgosana ya tsona.+ Ke nna Jehova ya buileng. 25  Ke tla etsa selekane sa kgotso le tsona.+ Ke tla tlosa diphoofolo tse kotsi tse hlaha+ e le hore di dule di sireletsehile naheng di be di robale merung.+ 26  Ke tla di hlohonolofatsa ke be ke hlohonolofatse sebaka se potolohileng leralla la ka+ hape ke tla etsa hore pula e ne ka nako ya yona. Ke tla nesa ditlhohonolofatso jwalo ka pula.+ 27  Difate di tla beha ditholwana, mobu o hlahise dijo+ le batho ba ka ba dule ba sireletsehile naheng. Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke roba joko ya bona+ mme ke ba pholosa ho batho ba ba entseng makgoba. 28  Ha ba sa tla hlola ba hlaselwa ke ditjhaba, le dibata tsa naha di ke ke tsa ba bolaya. Ba tla dula ba sireletsehile ho se na motho ya ba tshosang.+ 29  Ke tla ba fa sebaka se tla tuma ka ho hlahisa dijalo tse ntle. Ha ba sa tla hlola ba bolawa ke tlala+ ebile ha ho sa tla hlola ho eba le ditjhaba tse tla etsa hore ba hlajwe ke dihlong.+ 30  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Baiseraele ba tla tseba hore nna Jehova ke Modimo wa bona, ke na le bona ebile ke setjhaba sa ka.’+ 31  Lona dinku tsa ka+ tseo ke di hlokomelang, le batho mme nna ke Modimo wa lona,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ke be ke batle dinku tsa ka ho bona.”
Kapa: “hlokomele.”
Kapa: “dipodi tse tona.”