Ezekiele 35:1-15

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya dithaba tsa Seire (1-15)

35  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, profeta molaetsa wa kahlolo sebakeng se dithaba sa Seire.+  O re ho sona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tlo o ahlola wena sebaka se dithaba sa Seire, ke o etse sebaka se omeletseng, se se nang letho.+  Ke tla senya metse ya hao mme ke etse hore sebaka sa hao se se ke sa eba le letho.+ O tla tseba hore ke nna Jehova  hobane o ile wa hloya Baiseraele haholo,+ wa etsa hore ba bolawe ka sabole nakong ya bona ya tlokotsi ha ba ne ba ahlolwa la ho qetela.’+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ka lebaka leo, ke o ahloletse lefu mme ha ho na moo o tla balehela teng. Lefu le tla o latela+ hobane le wena o ne o ahloletse batho bao o neng o ba hloile lefu.+  Ke tla etsa hore sebaka se dithaba sa Seire se se ke sa eba le letho+ ke be ke bolaye mang kapa mang ya fetang kapa ya kgutlelang ho sona.  Dithaba tsa sona ke tla di tlatsa batho ba bolailweng mme batho ba bolailweng ka sabole ba tla wela maralleng, dikgohlong le dinokaneng tsohle tsa hao.  Ke tla o fedisa ebile metse ya hao e ke ke ya hlola e eba le baahi.+ O tla tseba hore ke nna Jehova.’ 10  Ka ha o ile wa re, ‘Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka. Re tla di nka di le pedi+ hore e be tsa rona’ le hoja nna Jehova ke ne ke le teng hara tsona. 11  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke o ahlola, ke tla halefa ka tsela eo o neng o di halefela ka yona le ka tsela eo o neng o di hloile ka yona.+ Ka nako eo, ke tla etsa hore di ntsebe. 12  O tla tseba hore nna Jehova ke utlwile dintho tsohle tse mpe tseo o di buileng ka dithaba tsa Iseraele ha o re, “Di lahlilwe ebile re fuwe monyetla wa hore re di fedise.”* 13  O buile dintho tse ngata tse mpe ka nna o ikgohomosa.+ Ke di utlwile kaofela.’ 14  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lefatshe lohle le tla thaba ha ke o fedisa. 15  Feela jwalo ka ha o ile wa thaba ha lefa la Baiseraele le fediswa, ke tla o etsa ntho e tshwanang.+ Wena sebaka se dithaba sa Seire, naha yohle ya Edomo,+ o tla fediswa. Batho ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “di je.”