Ezekiele 36:1-38

  • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya dithaba tsa Iseraele (1-15)

  • Baiseraele ba kgutlisetswa naheng ya bona (16-38)

    • “Ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo” (23)

    • “E tshwana le serapa sa Edene” (35)

36  “Mora motho, profeta ka dithaba tsa Iseraele o re, ‘Lona dithaba tsa Iseraele, utlwang lentswe la Jehova.  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Sera se itse ka wena, ‘Eke! Le dibaka tsa kgale tse phahameng e se e le tsa rona.’”+  Ka lebaka leo, profeta o re “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha ba entse hore o se ke wa ba le letho ebile ba o hlasetse ba hlaha mahlakoreng ohle e le hore o tle o be lefa la batho ba phonyohileng* ditjhabeng le hore batho ba bue ka wena ba be ba o senye lebitso,+  lona dithaba tsa Iseraele, utlwang lentswe la Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho dithaba, maralla, dinokana, dikgohlo, dibaka tse sentsweng+ le metse e lahlilweng e seng e hapilwe le eo batho ba phonyohileng ba tswang ditjhabeng tse e potolohileng ba e somang,+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho dibaka tseo: “Ke tla tlisa molaetsa wa kahlolo ho Edomo yohle le ho batho ba phonyohileng ditjhabeng, ba neng ba thabile ebile ba soma+ ha ba ipha naha ya ka e le hore ba e hape ba be ba nke makgulo a yona.”’”+  Profeta ka naha ya Iseraele mme o re ho dithaba, maralla, dinokana le dikgohlo, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla bua ke halefile haholo hobane ditjhaba di le tlotlolotse.”+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke a ikana hore ditjhaba tse le potolohileng le tsona di tla tlotlollwa.+  Empa lona dithaba tsa Iseraele, le tla hlahisetsa setjhaba sa ka sa Iseraele makala le ditholwana+ hobane se a kgutla haufinyane.  Ke na le lona, ke tla le hlokomela ke be ke etse hore le lengwe ho be ho jalwe peo ho lona. 10  Ke tla etsa hore setjhaba sohle sa Iseraele se be sengata, metse ya yona e be le baahi+ le e sentsweng e hahwe botjha.+ 11  Ke tla atisa setjhaba sa hao ke be ke etse hore se be sengata ha mmoho le diphoofolo tsa hao.+ Ke tla etsa hore o boele o be le baahi jwalo ka pele,+ ke etse hore o atlehe ho feta pele.+ O tla tseba hore ke nna Jehova.+ 12  Lona dithaba tsa Iseraele, ke tla etsa hore batho ba ka ba Iseraele ba tsamaye ho lona ba be ba le hape.+ Le tla ba lefa la bona ebile le ke ke la hlola le etsa hore ba se ke ba ba le bana.”’+ 13  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha ba re ho wena, “O naha e jang batho, e nkelang ditjhaba tsa yona bana. 14  Ha o sa tla hlola o ja batho kapa o etsa hore ditjhaba tsa hao di se ke tsa ba le bana,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 15  Ha ke sa tla dumella hore ditjhaba di o rohake kapa batho ba o some.+ O ke ke wa hlola o tlisetsa ditjhaba tsa hao tlokotsi,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.” 16  Jehova a boela a re ho nna: 17  “Mora motho, ha Baiseraele ba dula naheng ya bona, ba ile ba e silafatsa ka dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa.+ Ho nna dintho tseo ba neng ba di etsa di ne di sa hlweka jwalo ka ho se hlweke ha mosadi ya matsatsing.+ 18  Ke ile ka ba halefela haholo ka lebaka la hore ba ne ba silafaditse naha ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse nyonyehang*+ ebile ba bolaile batho ba bangata.+ 19  Ke ile ka ba hasanya hara ditjhaba, ka ba ka ba qhalakanya hara dinaha,+ ka ba ahlola ho ya ka diketso tsa bona. 20  Empa ha ba fihla ditjhabeng tseo, batho ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang+ ka ho re ka bona, ‘Batho bana ke ba Jehova empa ba ile ba tlameha ho tloha naheng ya hae.’ 21  Ke tla lwanela lebitso la ka le halalelang leo Baiseraele ba le silafaditseng hara ditjhaba tseo ba neng ba ile ho tsona.+ 22  Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ha ke etse dintho tsena ka lebaka la lona empa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang leo le le silafaditseng hara ditjhaba tseo le neng le le ho tsona.’+ 23  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo+ leo le le silafaditseng hara ditjhaba. Ditjhaba di tla tseba hore ke nna Jehova+ ha ke halaletswa hara lona di ntse di shebile.’ 24  Ke tla le ntsha ditjhabeng ke be ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya lona.+ 25  Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng mme le tla hlweka.+ Ke tla le hlwekisa ditshila tsohle tsa lona+ ke be ke tlose ditshwantsho tsohle tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang.+ 26  Ke tla fetola dipelo tsa lona+ le tsela eo le nahanang ka yona.+ Ke tlose pelo e jwalo ka lejwe+ mmeleng ya lona mme ke le fe pelo ya nama.* 27  Ke tla kenya moya wa ka o halalelang ka hare ho lona, ke etse hore le mamele melao+ ya ka le ditaelo tsa ka. Le tla di mamela le be le di phethe. 28  Le tla dula naheng eo ke e fileng baholoholo ba lona. Le tla ba batho ba ka mme nna ke be Modimo wa lona.+ 29  Ke tla etsa hore le se ke la silafala, ke etse hore koro e be ngata ebile ha ke sa tla hlola ke le tlisetsa tlala.+ 30  Ke tla etsa hore ditholwana tsa difate le dijo tsa masimong di be ngata e le hore le se ke la hlola le hlajwa ke dihlong ka lebaka la tlala hara ditjhaba.+ 31  Le tla hopola dintho tse mpe tseo le neng le di etsa mme le itlhoye le be le ikutlwe le le molato ka lebaka la dintho tse nyonyehang tseo le neng le di etsa.+ 32  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Baiseraele, tsebang hore ha ke etse dintho tsena ka lebaka la lona.+ Ho ena le hoo, itshwabeleng ka lebaka la diketso tsa lona tse mpe.’ 33  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo ke le hlwekisang melato yohle ya lona, ke tla etsa hore metse ya lona e be le baahi+ le e sentsweng e hahwe botjha.+ 34  Naha e omeletseng, e se nang letho eo motho e mong le e mong ya fetang ka tsela a neng a e bona, e tla lengwa. 35  Batho ba tla re: “Naha e neng e omeletse ebile e se na letho e se e tshwana le serapa sa Edene+ le metse e neng e senyehile e se na letho ebile e wele, hona jwale e se e ena le baahi ebile ke dibaka tse sireletsehileng.”+ 36  Ditjhaba tse setseng tse le potolohileng di tla tseba hore nna Jehova ke hahile metse e neng e dihilwe ebile ke lemme naha e neng e se na letho. Nna Jehova, ke entse seo ke neng ke se buile.’+ 37  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla dumella Baiseraele ba nkope hore ke ba etse hore ba be bangata jwalo ka mehlape ya diphoofolo. 38  Metse e neng e senyehile e tla ba le batho ba bangata+ jwalo ka sehlopha sa batho ba halalelang le jwalo ka mohlape wa Jerusalema* nakong ya mekete.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ba setseng.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
E leng pelo e mamelang ditaelo tsa Modimo.
Kapa mohlomong: “jwalo ka mahlabelo a mohlape wa dinku Jerusalema.”