Ezekiele 37:1-28

  • Pono ya thota e tletseng masapo a omeletseng (1-14)

  • Dithupa tse pedi di tla kopanngwa (15-28)

    • Setjhaba se le seng se tla buswa ke morena a le mong (22)

    • Selekane sa ka ho sa feleng sa kgotso (26)

37  Matla a Jehova* a ne a le hodima ka mme Jehova o ile a nkuka ka moya wa hae o halalelang a mpeha thoteng+ e tletseng masapo.  O ile a mphetisa hara ona kaofela. Ke ile ka bona masapo a mangata le a omeletseng haholo+ moo thoteng.  O ile a re ho nna: “Mora motho, na masapo aa a ka phela?” Ka re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke wena ya tsebang.”+  A re ho nna: “Profetela masapo ana o re ho ona, ‘Lona masapo a omeletseng, utlwang lentswe la Jehova:  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho masapo ana: “Ke tla kenya moya wa bophelo ka hare ho lona mme le tla boela le phele.+  Ke tla le kenya mesifa le nama, ke le kwahele ka letlalo ke be ke kenye moya wa bophelo ka hare ho lona mme le tla boela le phele. Le tla tseba hore ke nna Jehova.”’”  Ke ile ka profeta feela jwalo ka ha ke ne ke laetswe. Hang ha ke qala ho profeta, ka utlwa modumo, e ne e le modumo wa masapo a kopanang yaba a a kopana.  Ka bona mesifa le nama e hlaha masapong yaba letlalo le a a kwahela. Empa a ne a ntse a sa phele.  Modimo a re ho nna: “Profetela moya. Mora motho, profeta o re ho moya, ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Wena moya,* tloo ho tswa mahlakoreng a mane mme o butswele batho bana ba bolailweng e le hore ba phele.”’” 10  Ke ile ka profeta feela jwalo ka ha ke ne ke laetswe yaba ba qala ho phela* mme ba ema ka maoto.+ E ne e le batho ba bangata haholo. 11  A boela a re ho nna: “Mora motho, masapo ana ke Baiseraele bohle.+ Ke bana ba ntse ba re, ‘Masapo a rona a omeletse le tshepo ya rona e fedile.+ Ka nnete re fedisitswe.’ 12  Profeta o ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona+ ke be ke le tsose mme ke tla le kgutlisetsa naheng ya Iseraele.+ 13  Setjhaba sa ka, le tla tseba hore ke nna Jehova ha ke bula mabitla a lona ebile ke le tsosa mme ke le ntsha ka hara ona.’+ 14  Jehova o re, ‘Ke tla kenya moya wa ka o halalelang ka hare ho lona mme le tla phela+ ke be ke le behe naheng ya lona. Le tla tseba hore nna Jehova ke entse seo ke se buileng.’” 15  Jehova a boela a bua le nna a re: 16  “Mora motho, nka thupa o ngole mantswe a na ho yona, ‘Ya Juda le ya Baiseraele ba nang le yena.’*+ O nke thupa e nngwe mme o ngole a reng, ‘Ya Josefa e emelang Efraime le Baiseraele bohle ba nang le yena.’*+ 17  Ka mora moo, o di kopanye hore e be thupa e le nngwe letsohong la hao.+ 18  Ha setjhaba sa heno se re ho wena, ‘Re bolelle hore na dintho tsena di bolelang,’ 19  o se bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla nka thupa ya Josefa e letsohong la Efraime le ya meloko ya Iseraele e nang le yena, ke e kopanye le thupa ya Juda. Ke tla di etsa thupa e le nngwe+ mme e tla ba ntho e le nngwe letsohong la ka.’” 20  Dithupa tseo o di ngotseng o di tshware ka letsoho e le hore ba di bone. 21  O ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla lata Baiseraele ditjhabeng tseo ba leng ho tsona, ke be ke ba late dibakeng tsohle tseo ba leng ho tsona ke ba kgutlisetse naheng ya bona.+ 22  Ke tla ba etsa setjhaba se le seng naheng ya bona+ dithabeng tsa Iseraele. Kaofela ha bona ba tla buswa ke morena a le mong+ mme ha e sa tla hlola e eba ditjhaba tse pedi ebile ha ba sa tla hlola ba arohana hore e be mebuso e mmedi.+ 23  Ha ba sa tla hlola ba itshilafatsa ka ho sitelwa Modimo, ka ho etsa dintho tse mpe le ka ho rapela ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang.*+ Ke tla ba hlwekisa ke be ke ba thuse hore ba tlohele ho etsa dintho tsohle tse mpe. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke tla ba Modimo wa bona.+ 24  Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona+ ebile kaofela ha bona ba tla ba le modisa a le mong.+ Ba tla mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka.+ 25  Ba tla dula naheng eo ke e fileng mohlanka wa ka Jakobo, moo baholoholo ba bona ba neng ba dula teng.+ Ba tla dula moo bophelo bohle ba bona+ ha mmoho le bana* ba bona le ditloholo tsa bona.+ Mohlanka wa ka Davida o tla dula e le kgosana ya bona.+ 26  Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona,+ e tla ba selekane sa ka ho sa feleng. Ke tla ba lokisetsa sebaka seo ba tla dula ho sona, ke etse hore ba be bangata+ ke be ke behe tempele ya ka hara bona ka ho sa feleng. 27  Tente ya ka e* tla ba moo ba dulang teng, e tla ba setjhaba sa ka mme nna ke tla ba Modimo wa bona.+ 28  Ditjhaba di tla tseba hore nna Jehova ke halaletsa Baiseraele ha ke beha tempele ya ka hara bona ka ho sa feleng.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Letsoho la Jehova.”
Kapa: “phefumoloho.”
Kapa: “yaba moya wa bophelo o kena ka hare ho bona.”
Kapa: “le metswalle ya hae.”
Kapa: “le metswalle ya hae.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “Sebaka seo ke dulang ho sona se; Lehae la ka le.”