Ezekiele 38:1-23

  • Gogo o hlasela Iseraele (1-16)

  • Jehova o halefela Gogo (17-23)

    • ‘Ditjhaba di tla tseba hore ke Jehova’ (23)

38  Jehova a bua le nna hape a re:  “Mora motho, profeta molaetsa wa kahlolo ho Gogo wa naha ya Magogo,+ kgosana e ka sehloohong ya Mesheke le Tubale.+  O re ho yena Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla o lwantsha wena Gogo kgosana e ka sehloohong ya Mesheke le Tubale.  Ke tla o kgutlisa, ke o kenye dihakisi mehlahareng+ ke be ke o ntshe ha mmoho le masole a hao,+ dipere le banna ba palamang dipere ba apereng diaparo tse ntle. E tla ba sehlopha se seholo se tshwereng disabole, dithebe tse kgolo le tse nyenyane.*  Batho ba Persia, Ethiopia le Pute+ ba a le tshehetsa, kaofela ha bona ba nkile dithebe tse nyenyane le dihelmete.  Batho ba bangata ba a o tshehetsa.+ Gomere le masole ohle a yona ha mmoho le ditloholo tsa Togarma+ tse tswang dibakeng tse hole tsa leboya le masole ohle a tsona le bona ba a o tshehetsa.  Wena le masole ohle a nang le wena itokiseng. O tla ba molaodi wa ona.  O tla bitswa ka mora matsatsi a mangata. Qetellong ka mora dilemo tse ngata, o tla hlasela naha eo batho ba yona ba ileng ba kgutla ka mora ho hlaselwa ka sabole, ba ileng ba ntshwa ditjhabeng tse ngata ba iswa dithabeng tsa Iseraele tse neng di sentswe ka nako e telele. Baahi ba naha ena ba ile ba ntshwa ditjhabeng tse ding mme kaofela ha bona ba dula ba sireletsehile.+  Wena le masole a hao ha mmoho le batho bohle ba nang le wena le tla ba hlasela jwalo ka sefefo le be le kwahele naha jwalo ka maru. 10  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Letsatsing leo, o tla tlelwa ke menahano e fosahetseng mme o tla rera morero o mobe. 11  O tla re: ‘Ke tla hlasela naha eo metse ya yona e sa sireletsehang.*+ Ke tla hlasela batho ba dulang ba sireletsehile ba sa tshwenyeheng ka letho. Kaofela ha bona ba dula dibakeng tse sa sireletswang ka marako, mekwallo le dikeiti.’ 12  O tla etsa sena e le hore o inkele dintho tse ngata, o hlasele dibaka tse neng di sentswe tseo hona jwale di seng di ena le baahi+ ba latilweng ditjhabeng tse ding+ ba ntse ba bokella maruo le matlo+ ebile ba dula bohareng ba lefatshe. 13  Sheba+ le Dedane,+ borakgwebo ba Tarshishe+ le masole ohle* a yona ba tla re ho wena: ‘Na o hlasela naha e le hore o inkele dintho tse ngata? Na o hlophisitse masole a hao hore a tlo nka dintho tse ngata e leng silevera le kgauta a be a nke maruo le matlo?’ 14  Mora motho, profeta mme o bolelle Gogo hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘O tla hlokomela* letsatsing leo setjhaba sa ka sa Iseraele se dulang se sireletsehile.+ 15  O tla tloha naheng ya hao e dibakeng tse hole tsa leboya.+ O tla be o tsamaya le sehlopha se seholo sa batho ba palameng dipere.+ 16  O tla hlasela setjhaba sa ka sa Iseraele jwalo ka maru a kwahelang naha. Matsatsing a ho qetela, ke tla etsa hore o lwantshe naha ya ka+ hore ditjhaba di tle di ntsebe ha ke ikgalaletsa ka ntho eo ke tla o etsa yona di ntse di shebile, wena Gogo.’+ 17  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Na ha se wena eo ke ileng ka bua ka yena matsatsing a kgale ke sebedisa bahlanka ba ka e leng baprofeta ba Iseraele? Ba ile ba profeta ka dilemo tse ngata hore ho tla etswa hore o ba hlasele.’ 18  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo Gogo a hlaselang naha ya Iseraele, ke tla halefa haholo.+ 19  Letsatsing leo, ke tla bua ke halefile haholo ebile naheng ya Iseraele ho tla ba le tshisinyeho ya lefatshe e kgolo. 20  Ke tla etsa hore ditlhapi, dinonyana, dibata tsa naha le diphoofolo tsohle tse hahabang di thothomele ha mmoho le batho bohle ba phelang lefatsheng. Dithaba le mafika di tla dihuwa+ le marako a wele fatshe.’ 21  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke tla etsa hore a lwantshwe dithabeng tsohle tsa ka. Masole a hae a tla lwantshana ka sabole.+ 22  Ke tla mo ahlola ka hore ke tlisetse yena, masole a hae le setjhaba sohle sa hae+ lefu la sewa+ ebile ho tla bolawa batho ba bangata. Ke tla nesa pula e ngata le sefako+ ke be ke ba tlisetse mollo+ le sebabole.+ 23  Ke tla itlotlisa, ke ikgalaletse ke be ke itsebahatse ditjhabeng tse ngata. Di tla tseba hore ke nna Jehova.’

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Hangata dithebe tsena tse nyenyane di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “e bulehileng.”
Kapa: “ditawana tsohle tse moetse.”
Kapa: “tseba.”